Dipehelo le Maemo a Tshebediso
Motho ofe kapa ofe ya sebedisang weposaete ena o lokela ho latela le ho dumela ho latela dipehelo le maemo a tshebediso jwalo ka ho boletswe tsebisong ena ya semolao. Haebe mosebedisi ha a batle ho tlangwa ke dipehelo le maemo ana a tshebediso, mosebedisi ha a tshwanela ho kena weposaeteng, a pepese dintho tse ho yona, a sebedise kapa a bule le/kapa ho etsa khopi kapa ho phatlalatsa dikahare tse fumanwang weposaeteng ena.
Basebedisi ba ka boha, ba etsa dikhopi, ba bula khomputareng tsa bona, ba hatisa, ba phatlalatsa ho leng weposaeteng ena, kapa karolo ya hona, ho sebedisa tsebo kapa ho bolelela moo ba e fumaneng teng feela, mme hona ba ka ho etsa ba sa ho etse ka sepheo sa ho ithuisa.
Basebedisi ba batlang ho sebedisa dikahare tsa weposaete ena ka sepheo sa ho fumana ditjhelete, ba ke ke ba kgona ho etsa hoo ntle le tumello e ngotsweng fatshe e fumanwang ho tswa ho Manejara wa Web nomorong ena ya mohala: +27 12 314 2140 kapa ba romele e-mail atereseng ena electronic@gcis.gov.za . Tlhahiso hape le/kapa ho etsa dikhopi tsa dikahare tsa yona kapa karolo ya tsona, ka sepheo sa ho etsa ditjhelete ho lokela ho tsamaisana e le tsebiso ena ya tumella-tshebediso ka botlalo. © GCIS2004: DITOKELO TSOHLE DI SIRELEDITSWE
Ditokelo tsohle tsa boitshwaro le ditokelo tse ding tsohle tsa Dikgokahano le Mmuso kapa mekgatlo e meng ya molao mabapi le dikahare tsa weposaete ena ha di a pepeswa, ho bolelang hore di sireleditswe.
Ditokelo tsa Tsebo ya Kelello
Tsohle tse leng moka ka hare, data, le matshwao a kgwebo, ho kenyelletswa le tsena tse latelang, empa ho sa felle moo, software, thekenoloji, di-database, botsebi, sengolwa, ditshwantsho, di-icon, di-hyperlink, tlhahisoleseding ya sephiri, di-design, di-program, phatlalatso, sehlahiswa, tshebetso, kapa mohopolo o hlalositsweng weposaeteng ena e ka wela tlasa ditokelo tse ding, ho kenyelletswa le ditokelo tsa tsebo ya kelello, tseo e leng thepa ya kapa di le tlasa laesense ya GCIS, kapa mokga wa semolao, mme ha ho le jwalo di sireleditswe tlolong efe kapa efe ya molao ke melao ya Afrika Borwa le ditumellano tsa matjhaba. Ka ho ya ka ditokelo tse fuwang mosebediso mona, ditokelo tse ding tsohle tsa tsebo ya kelello tse weposaeteng ena di sireleditswe mme ka ho fihlela data e weposaeteng ena mosebedisi ha a fuwe laesense kapa hona ho tjhaelwa monwana.
Ho itokolla molatong
Tlhahisoleseding e weposaeteng ena sepheo sa yona ke ho fana ka lesedi le akaretsang mabapi le sehlooho kapa dihlooho tse itseng, mme ha e felle mona ka ho fana ka ho sebetsana le sehlooho seo.
Ke mosebetsi o mahetleng a mosebedisi hore a ikgotsofatse pele a ka kena weposaeteng ena, hore na weposaete e tla fihlela ditlhoko tsa mosebedisi ka mong e be e tsamaelana le hardware le/kapa software ya hae. Tlhahisoleseding, mehopolo le menahano e hlahiswang weposaeteng ena, ha di a tshwanela ho nkuwa jwalo ka dikeletso tsa profeshenale kapa mohopolo wa semmuso wa GCIS, kapa mokga o mong o theilweng semolao mabapi le tlhahisoleseding, mehopolo kapa menahano e hlahiswa weposaeteng ena. Basebedisi ba kgothaletswa ho batla dikeletso tsa profeshenale pele ba nka mehato efe kapa efe e amanang le tlhahisoleseding, mehopolo kapa menahano e hlahiswang weposaeteng ena.
GCIS ha e fane ka boemedi kapa ditiisetso, ka tsela efe kapa efe, ya hore ho tla re hara tse ding , dikahare le thekenoloji tse fumanehang weposaeteng ena ha di na diphoso kapa ho hong ho siiuweng kapa tshebeletso e tla dula esa sitiswe ho hang ka 100% , le hore ha e na diphoso kapa e tla fihlela tsela efe kapa efe ya tshebetso kapa boleng. Weposaete ena ho fanwa ka yona "ka mokgwa oo e leng ka ona". GCIS e itokolla melatong yohle a ka hlahiswang ka tsela e sa tobang kapa ditiisetso, ho kenyelletswa le ho latelang empa ho sa felle moo, ditiisetso tsa papatso , thaetlele, ho tshwaneleha bakeng sa morero o itseng, ho se sitise ditokelo, ho tsamaelana, polokeho le nepahalo, mme ha ba etse boemedi ka ho toba kapa ditiisetso mabapi le dikahare tsa weposaete, le hore weposaete e bokelletswe kapa ho fanwe ka yona hore e fihelel ditlhoko tsa mosebedisi ka mong. Basebedisi ba kgothaletswa hore ba tlalehe diphoso dife kapa dife tse ka bang teng, ho se sebetse hantle kapa methiriele e ke kengya tshwara batho hantle, mme hona ba ho etse ka ho sebedisa mokgwa wa ho hlahisa maikutlo e leng iteanye le rona link.
Mosebedisi wa weposaete ena o etsa hona ka ho ipeha yena kotsing . Mosebedisi o lokela ho ba le boikarabelo bo felletseng mabapi le ho ba kotsing kapa tahlehelo e ka bang sephetho sa ho sebedisa dikahare tsa weposaete ena. GCIS kapa mekgatlo e meng e ngodisitsweng molaong mabapi le tlhahisoleseding e leng weposaeteng ena, kapa basebetsi ba GCIS kapa mokga ofe kapa ofe o mong o jwalo, o ke ke wa behwa molato ka baka la sephetho se ikgethang, se sa tobang, se tsamaisanang le hona, kapa ho senyehelwa ke eng kapa eng e nngwe, ho senyehelwa ke boemo ba konteraka, molao, ketso e seng molaong kapa ho sitisana le , , kapa ka tsela efe kapa efe e amanang le tshebediso ya tokomane ena kapa tlhahisoleseding. Haebe ho na le ho hong ho sa leng teng ho sa sebediseheng ka baka, ho latelang ho tla tswela pele ho sebetsa. Ka ho latela dikarolo tsa 43 le 43 tsa Electronic Communciations and Transactions Act 25 of 2002 (Molao wa Dikgokahano le Tshebediso ya Dielektroniki), ba GCIS ba ke ke ba behwa molato bakeng sa tsheneho, tahlehelo kapa molato wa mofuta ofe kapa ofe ho tswa tshebedisong kapa ho se kgone ho sebedisa weposaete ena kapa ditshebeletso kapa dikahare tseo ho fanwang ka tsona ho tswa weposaeteng mmoho le ka yona hape.
Di-link tse ding tse itseng tsa web server di hokahanya le mehlodi ya thuos eo e leng ya batho ba boraro bao GCIS e se nang taolo ya bona. GCIS ha e etse boemedi kapa ditiisetso ka ho nepahala ha dintlha dife kapa dife tse amanang le mehlodi eo ya thuso.
Dipehelo tsa Karolo ya 2 ya Kgaolo ya III Molao wa Electronic Communications and Transactions wa 25 wa 2002 mona ha di a kenyelletswa hore di ka sebediswa melaetseng efe kapa efe data ya dikgokahano ka elektroniki eo mosebedisi a e romelang ho GCIS e tla nkuwa ka hore e fumanwe ke ba GCIS moo motho a tla amohela molaetsa ka ho ngolla. Ha mosebedisi a sa fumane karabo nakong e utlwahalang, mosebedisi o lokela ho latella taba eo le GCIS. GCIS e ke ke ya behwa molato ka ho hloleha ho araba.
Ha mosebedisi a hloka tlhahisoleseding efe kapa efe ho tswa ho GCIS mabapi le ditshebeletso kapa dikahare tsa weposaete ena, moo ho ka sebediswa iteanye le rona link
Polokeho
Tshireletso
Ba GCIS ba kentse maemo a amohelehileng a thekenoloji le polokeho ya tshebediso bakeng sa ho sireletsa tlhahisoleseding yohle eo ho fanwang ka yona ke basebedisi ho tloha tahlehelong, phetolong kapa tshenyong. Ho tla nkuwa mehato yohle e utlwahalang ho sireletsa tlhahisoleseding ya mosebedisi. Basebeletsi ba dumelletsweng, ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela dintlha dife kapa dife tse hlokolosi ba lokela ho boloka dintlha tseo e le sephiri. Leano lena le sebetsa ho basebeletsi bohle ba GCIS kapa mekga ya mmuso e ka amohelang dintlha tseo ho tswa ho ba GCIS. Ho thibetswe ka molao hore motho ofe kapa ofe, kgwebo, kapa mokga hore o fumane kapa o leke ho fumana mokgwa o sa dumellwang wa ho fihlela leqephe lefe kapa lefe le weposaeteng ena, kapa ho kenya kapa ho leka ho kenya khoutu efe kapa efe e sa dumellwang weposaeteng ena. Ha motho a kenya kapa a leka ho kenya khoutu efe kapa efe e sa dumellwang weposaeteng ena kapa a leka ho kena leqepheng lefe kapa lefe weposaeteng ena a sa dumellwa, motho eo o tla behwa molato wa tlolo ya molao, mme, ha GCIS kapa mokga ofe kapa ofe wa mmuso o ka senyehelwa kapa wa lahlehelwa, ho tla etswa ditleieme tsa tshenyeho eo.
Ho amahanya le ho nka tsebo ya bang ka semolao o e etse ya hao
Re amohela diweposaete tsa batho ba bang ba boraro ba re hokelang maqepheng ana.
Ha ho dumellwa bakeng sa motho ofe kapa ofe, kgwebo, mokga kapa weposaete ho nka tlhahisoleseding ka tsela e seng molaong mme ba e etse ya bona, kapa leqephe lefe kapa lefe la weposaete ena ho kenyelletsang le yona homepage, ka tsela efe kapa efe, ntle le tumello e ngotsweng fatshe e tswang ho GCIS.
GCIS e ka fana ka di-link tsa diweposaete tse ding mme hoo ba ho etsa feela ka tsela e ke keng ya baka tshitiso, mme ho kenyelletswa ha link efe kapa efe ha ho bolele hore GCIS e dumellana le diweposaete tseo. Di-weposaete tsa di-link kapa maqephe ha a laolwe ke GCIS. Ba GCIS ha ba na boikarabelo kapa molato, ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang, ka tsela efe kapa efe, ba dikahare, tshebediso kapa ho se kgone ho sebetsa kapa ho fihlelwa ha diweposaete dife kapa dife kapa di-link dife kapa dife tse ka hara diweposaete tse hokahantsweng .
Sephiri
Selelekela
Setatemente sa sephiri se sebetsa ho GCIS mmoho le ho mokga ofe kapa ofe wa semolao, e laolang, e tiisetsang kapa e sebedisang tlhahisoleseding e ka bokellwang ka weposaete ena.
Mosebedisi a ka kena weposaeteng ntle ho fana ka tlhahisoleseding efe kapa efe ya hae ka seqo. Le ha ho le jwalo, mosebedisi o dumella tshebediso ya dintlha tse jwalo ka ho ya ka setatemente sena sa sephiri. O kotjwa hore o ele hloko hore weposaete ena e ka nna ya kenyelletsa di-link tsa diweposate tse dingtse sa laolweng ke setatemente sena sa sephiri.
Ha mosebedisi a na le dipotso dife kapa dife, kapa a tshwenyehile mabapi le setatemente sena sa sephiri, kapa sephiri sa mosebedisi ha a sebedisa Weposaete ena, ho ka sebediswa iteanye le rona link.
GCIS e ka sebedisa di-cookies kapa di-web beacons ho etsa bonnete ba hore weposaete e laolwa hantle haholo mmoho le ho nolofatsa ntlafatso ya weposaete. Ba GCIS kapa moabi wa ditshebeletso a ka sebedisa di-cookies ho bokella tlhahisoleseding ya palo e itseng . GCIS e ka sebedisa dintho tse jwalo ka tsena nako le nako ho sala morao mohlala wa tlhahisoleseding ho di-system tsa yona e be e hlwaya dihlopha tsa basebedisi ka dintho tse jwalo ka diaterese tsa di-IP, domain, mofuta wa browser mmoho le maqephe ao ho kenwang ho ona. Tlhahisoleseding ena e romelwa ho web administrator ya sebedisang lesedi lena bakeng sa hlopholla palo ya basebedisi dikarolong tse fapaneng tsa weposaete, mmoho le ho etsa bonnete ba hore weposaete ena e molemo, hape ke mohlodi o sebetsang hantle haholo wa tlhahisoleseding.
Di-cookies mmoho le di-web beacons ha di bokelle tlhahisoleseding ya basebedisi ka seqo, jwalo ka lebitso la mosebedisi kapa aterese ya e-mail. Mosebedisi a ka hana ho sebedisa di-cookies jwalo ka ha di-browser tse ngata di dumella batho ho hana ho sebedisa di-cookie. Tlasa maemo a mang a itseng basebedisi ba ka hanelwa ho fihlela dikarolo tse ding tsa weposaete ena ha di-browser tsa bona di radilwe hore di hanele di-cookies.
Ho sebedisa tlhahisoleseding ya motho ka seqo
Tlhahisoleseding ya motho ka seqo sa hae e sebedisetswa merero e itseng feela, mohlala, ha mosebedisi a ingodisa weposaeteng ho kopa dikgokahano tsa nakong e tlang tse mabapi le dikgahleho tsa GCIS. GCIS e ka sebedisa tlhahisoleseding e kentsweng ke mosebedisi bakeng sa ho etsa profile ya mosebedisi hore ba tle ba shebane le ditlhoko tsa hae ka seqo karabong tsa bona, dikopong tse ding tsa mosebedisi, kapa dipotso, mmoho le ho ntshetsa pele weposaete. Ha mosebedisi a kgetha ho ho ingodisa online, bakeng sa ketsahalo e itseng o okametsweng ke GCIS, GCIS e tla sebedisa tlhahisoleseding e kentsweng ke mosebedisi ho araba mosebedisi. Hodima moo, web administrator a ka re, moo ho hlokehang, a sebedisa tlhahisoleseding ya mosebedisi mesebetsing e itseng e amanang le weposaete. GCIS e tla etsa bonnete ba hore mesebetsi ya papatso e tsamaelana le melao e tshwanetseng le hore e kengwa tshebetsong ka mekgwatshebetso ya ho fihlela tumello e hlokehang pele ba romela e-mail ya mosebedisi e nang le tlhahisoleseding ka ditshebeletso tsa GCIS. Mosebedisi a ka re neng kapa neng a kopa hore GCIS e tlohele ho romela methiriele e jwalo ho mosebedisi ka ho sebedisa iteanye le rona link kapa unsubscribe link.
Ho senolela batho ba boraro
Le ha GCIS e ka fana ka tlhahisoleseding ya mosebedisi ho baabi ba ditshebeletso ba tshwarang tlhahisoleseding lebitsong la bona, hangata ba ke ke ba abelana ka tlhahisoleseding eo le batho ba boraro kapa mekgeng e meng ya mmuso hore e sebedisetswe merero e meng e se nang kamano le yona ntle le haebe hoo ho boletswe ka nako eo e neng e bokellwa.
Tlhahisoleseding ya motho ka seqo e ka fetisetswa dinaheng tsa matjhaba ka GCIS kapa ho batho ba boraro tlasa merero e hlwauweng mona ka hodimo. Hona ho ke ke ha kenyelletsa ho fetisetswa dinaheng tse se nang melawana ya tshireletso ya dintlha e tshwanang le e sebediswang naheng ya bodulo ya mosebedisi. Ka ho fana ka tlhahisoleseding ho GCIS ka weposaete ena, mosebedisi o dumellana le phetiso e jwalo.
Moo ho tshwanetseng, tlhahisoleseding ya motho ka seqo e senolwa moo ho qobellwang molao, ditheong tsa taolo le tsa mmuso, kapa ho batho ba boraro moo ho hlokehang kapa ho tshwanetseng bakeng sa ho latela ditlamo tsa molao le tsa taolo kapa dikopo kapa tlasa merero e hlwauweng mona ka hodimo.
Ho fihlela Tlhahisoleseding ya Motho ka Seqo
Haebe ho na le tlhahisoleseding ya motho ka seqo e rometsweng weposaeteng ena, basebedisi ba batlang ho lekola tlhahisoleseding ya bona ba ka etsa jwalo ka ho etsa kopo ya tekolo ka iteanye le rona link.Basebedisi ba tla be se ba kgona ho fumana di-profile tsa bona tsa tshebediso, ho lokisa le ho ntjhafatsa dintlha tsa bona, kapa ho ntsha mabitso a bona lenaneng neng kapa neng. Basebedisi ba nang le bothata bofe kapa bofe ba ho fihlela di-profile tsa bona, kaba ba batlang ho etsa kopo ya khopi ya tlhahisoleseding ya bona ya seqo ba lokela ho iteanya le web administrator ka ho sebedisa iteanye le rona link. Maemong ohle, ba GCIS ba tla shebana le dikopo tsa ho fihlela tlhahisoleseding kapa ho tjhentjha tlhahisoleseding ka ho ya ka ditlhoko tsa molao tse sebetsang.
Ha ho na ditumellano
Ha ho na letho le fumanehang mona ka hare, ho bopang kapa hoo maikemisetso ahona e leng ho bopa konteraka kapa tumellano pakeng tsa GCIS le mosebedisi ya kenang weposaeteng ena.
Tshireletso le sephiri sa Bana
GCIS e ela hloko bohlokwa ba ho sireletswa ha ho ba sephiring ha bana dikgokahanong ka online lefatsheng lohle ka kakaretso.
Ho kgaola dikamano
Dipehelo le maemo ana a tshebediso di bopa kamano ya profeshenale kapa e nngwe e itseng pakeng tsa GCIS le mosebedisi wa weposaete ena. Ho hloleha hofe kapa hofe ke GCIS ho sebedisa kapa ho qobella tokelo efe kapa efe kapa dipeelo kapa maemo ana a tshebediso hoo ho ke ke ha bopa ka tsela efe kapa efe mokgwa wa ho qhella thoko tokelo kapa tlhophiso eo. Ha pehelo kapa boemo bofe kapa bofev ba tshebediso ya weposaete ena bo sa kengwe tshebetsong ka botlalo kapa bo ka etswa hore bo se ke ba sebetsa tlasa lebaka lefe kapa lefe, pehelo kapa boemo bo jwalo bo tla kgaolwa dipehelong le maemong a mang. Dipehelo le maemo a mang a setseng a ke ke a angwa ke qobello kapa ho se sebetse hoo mme ona a tla dula a ntse a sebetsa.
Ntjhafatso ya Dipehelo le Maemo
GCIS e na le tokelo ya ho fetola, ho ntlafatsa, ho eketsa le ho tlosa dikarolo kapa dipehelo le maemo ana a tshebediso ka botlalo nako le nako. Diphetoho tse ka etsuwang dipehelong le maemong a tshebediso di ka kena tshebetsong ha diphetoho di se di kentswe weposaeteng ena. Ke boikarabelo ba mosebedisi hore nako le nako a lekole dipehelo le maemo ana a tshebediso weposaeteng ena bakeng sa ho bona diphetoho kapa ntjhafatso. Ho tswela pele ha mosebedisi ho sebedisa weposaete ena ka mora ho kengwa diphetoho kapa tekolo botjha ho tla nkuwa ka hore mosebediso eo o fumane nothisi athe hape o amohela ho latela kapa ho tlangwa ke dipehelo le maemo ana a tshebediso, ho kenyelletswa le diphetoho le dintjhafatso tseo.
Tlhahisoleseding ka weposaete le monga yona
Dintlha tsa moo o ka iteanyang teng le monga weposaete:
Aterese ya Poso:
Aterese ya moaho:
Mohala: +27 12 314 2911
