Kopo ya phemiti ya wa leloko
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Phemiti ya wa leloko e nehwa motho ya tswang naheng ya ka ntle eo e leng setho sa lelapa la moahi kapa modudi wa Afrika Borwa. Moahi kapa modudi ya jwalo o lokela ho fana ka tiisetso e beuweng ya ditjhelete. Phemiti ya wa leloko e sebetsa bakeng sa boholo ba dilemo tse pedi.
Hodimo
Mehato e latelwang
Hlahisa bopaki ba ho ba setho sa lelapa la moahi kapa modudi ya tshehetsang.
Romela setifikeiti sa chartered accountant kapa bopaki ba tokomane e tsamaelanang le hoo e tiisetsang mokgwa oo batshehetsi ba tla tshehetsa ka teng kapa tshehetso ya batshehetsi mmoho le ya hao ka kopanelo. Tshehetso ha ya tshwanela ho ba ka tlase ho R5 000 ka kgwedi bakeng sa motho nakong eo a etileng .
O ka nna wa kotjwa ho hlahisa e nngwe kapa tse ding tsa ditokomane tsena tse latelang:
Ditifikeiti tsa bongaka bakeng sa mokopi le ditho tsohle tsa lelapa tse tsamayang le wena
Setifikeite sa tswalo se sa kgutsufatswang ho paka botswadi, ha ho tshwaneleha
Bopaki ba dikamano tsa bahatsa ha ba nyetse, ba arohane, ba hladile kapa e mong a hlokahetse.
Bopaki ba adopshene
Clearance certificate sa mapolesa ha o le dilemo tse 21 le ka hodimo ho moo, bakeng sa dinaha tsohle tseo o dutseng ho tsona selemo se le seng kapa ka hodimo ho moo, se lokelwa ho romelwa dikgweding tse 12 haebe ha se fumanehe ka potlako.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Tshebeletso ena e nka boholo ba nako e etsang matsatsi a 30.
Hodimo
Ditjeo
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
