Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Deeds registry e buletswe motho e mong le e mong ho tswa setjhabeng hore a kgone ho fumana tlhahisoleseding. Basebedisi ba DeedsWeb ba ka fumana hona ho latelang online ho tswa weposaeteng:
Tlhahisoleseding e mabapi le ngodiso ya thepa e sa sutheng, e jwalo ka ho latelang:
mabitso, dintlha tsa boitsebiso le maemo a lenyalo a beng ba ngodisitsweng palo ya dithibelo tse ngotsweng fatshe kgahlanong le batho le thepa dintlha tsa ho transferwa ha thepa, ho kenyelletswa le mehla ya ngodiso le theko ya yona dintlha tsa di-mortgage bond, ho kenyelletswa le mabitso a ba nang le di-mortgage le palo ya tjhelete
Bakeng sa ho fumana dintlha tsena, o lokela ho ba subscriber e ngodisitsweng ya Deedsweb ka ha ho na le tefello e beuweng e lefiswang.
Hodimo
Mehato e latelwang
Tlatsa foromo ya ngodiso online.
O tla fuwa lebitso la mosebedisi. Hona e tla ba nomoro ya hao ya akhaonte bakeng sa merero yohle ya ditjhelete. O tla nehwa hape le password leo o lokelang ho le tjhentjha ka potlako ka mora moo.
Lefa tjhelete ya ngodiso. Ditaelo tsa banka le dintlha di hlahella weposaeteng.
ofisi ya Chief Registrar e tla kenya akhaonte ya hao tshebetsong mme o tla kgona ho fumana tlhahisoleseding weposaeteng.
mafelong a kgwedi e nngwe le e nngwe o tla fumana setatemente. Setatemente sena hape se fumaneha weposaeteng ho etsa hore o kgone ho bona ditefiso le ho o hopotsa hore o lefe akhaonte.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Hang ho ba o ngodiswe, tlhahisoleseding e fumaneha ka potlako.
Hodimo
Ditjeo
Tefello ya ngodiso: R240
Tefello ya tsamaiso ka kgwedi: R10
Ho phenyekolla: bonyane ba R1, boholo ba R3 ka ho ya ka sekala se yang hodimo se amahantsweng le palo ya ho phenyekolla ho entsweng hara kgwedi
Ho phenyekolla ho sa bang le katleho: R1
Tefello ya ho hokelwa hape haebe akhaonte e saletse morao mme ya emiswa ka mora matsatsi a 30: R80
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
