Sepheo sa tshebeletso ena ke ho tsebisa Registrar of Companies mabapi le diphetoho seahelong sa kgwebo ya hao e ngodisitsweng. Diphetoho tsena di ka akga ditho tse ntjha tse ekeditsweng kapa tse ntshitsweng, ofisiri e ntjha ya ho lekola ditjhelete, aterese ya poso, jj.
Ha ho na le diphetoho dife kapa dife tse entsweng mabapi le khampani ya ba mmalwa e ngodisitsweng - e bang di malebana le ditho kapa diphetoho malebana le ofisiri ya ho lekola ditjhelete kapa aterese ya poso ya CC - ho hlokahala hore diphetoho tsena di ngodiswe ho Close Corporation Registration Office .
Diphetoho di tlameha ho ngolwa ho Amended Founding Statement CK2 . Dintlha tsa bohlokwa malebana le ho tlatsa foromo ya CK2 di entswe lenaneo ka morao ho leqephe la 2 mme di tlameha ho balwa pele ho tlatswa diforomo.
Mehato e lokelwang ho latelwa
Ntsha foromo ya kopo, CK2 mme o tlatse dikarolo tse amang maemo a hao.
Tlatsa Karolo A ha ho na le phetoho lebitsong la CC kapa mofuta wa kgwebo.
Tlatsa foromo CK2A mabapi le diphetoho tsa ofisiri ya ditjhelete kapa aterese ya kgwebo. Tlatsa Karolo B mabapi le diphetoho ho dintlha tsa ditho.
Tlatsa diforomo CK2 le CK2A ka enke e ntsho, o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
Nehelana ka kopi e tiiseditsweng ya setefikeiti sa ngodiso ya CC.
Nehelana ka dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tse amehang ho CC.
Lefa tefo e hlokwang.
Ha ho ditlhakolo tse dumelletsweng foromong. Ha diphetoho di hlophisitswe, setefikeiti se tiisang ngodiso ya ditokiso se tla posetswa ho Khampani ya ba Mmalwa .
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Tshebetso e ka nka matsatsi a robedi hore e phethwe.
Ditjeo
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
