Ho etsa kopo ya ho rafa
Tokelo ya ho rafa ke tumello eo o e fuwang ke Mmuso ka Lefapha la Diminerale le Eneji e ho nehang taolo ya diminerale tsa morafo sebakeng se itseng. Tokelo ya ho rafa ha e be ka hodimo ho nako ya dilemo tse 30.
O fuwa tokelo ya ho rafa haebe:
Mokopi o na le ditjhelete le botsebi ba ho tsamaisa tshebetso e lohothwang ya ho rafa ka tsela e tla ba le dipoelo
Polane ya ditjhelete e tsamaelana le tshebetso e lohothwang ya ho rafa le nako ya mosebetsi oo.
Ha ho na tshilafatso kapa tshenyo e sa hlokeheng e tla ba teng tikolohong ka baka la tshebetso ya ho rafa
Mokopi o entse ditlhophiso tsa ditjhelete le tse ding hape bakeng sa morero o beuweng wa mosebetsi le phedisano.
Tshebetso e latela Tjhata ya ho Rafa .
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho Lefapha la Diminerale le Eneji
Mehato e latelwang
Etsa kopo ofising ya Manejara wa Lebatowa wa Lefapha la Diminerale le Eneji lebatoweng leo mobu o leng ho yona.
Romela foromo ka letsoho kapa ka o e rejistara posong mme yona e ye ho Manejara wa Lebatowa eo mobu o welang tlasa lebatowa la hae.
Foromo e lokela ho tsamaya le tefello ya kopo e hlokehang, hape e sa boeleng morao e tla behwa ke Manejara wa Lebatowa.
Ha Manejara wa lebatowa a ananela kopo, yena e tla matsatsing a 14 ho tloha mohla kananelo, a ho tsebise:
Hore o romele lenaneo la taolo ya tikoloho bakeng sa ho tla tjhaelwa monwana
Hore o tsebise hape o iteanye le bohle ba anng le kgahleho le ba amehang matsatsing a 180 ho tloha mohla tsebiso.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Manejara wa Lebatowa o tla ho tsebisa ka ho o ngolla haebe kopo e ananetswe, hona ho bolela hore kopo ya hao e latela ditlhoko tsohle , mme matsatsing a 14 a o amohela kopo o lokela ho iteanya le monga thepa kapa motho ya dulang hodima thepa ka molao mmoho le bohle ba amehang.
Ha kopo e sa atleha Manejara wa Lebatowa o tla kgutlisa kopo ho wena matsatsing a 14.
Ha Letona le hana ho fana ka tokelo ya ho rafa, lona le tla ho tsebisa ka ho o ngolla, matsatsing a 30, le bolele mabaka e etsang hore le hanele kopo eo.
Ditjeo
Ditjeo di tla behwa ke lefapha mme tsona ha di kgutliswe.
Palo e tla fapana ka ho ya ka minerale e tla rafshwa.
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
