Kopo ya ho romela tletlebo bakeng sa ho hloleha ha ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa ho thusa kapa ho sireletsa mahlatsipa a dintwa tsa ka malapeng
O ka romela tletlebo Bolaoding bo Ikemetseng ba Ditletlebo e leng Independent Complaints Directorate haebe o bona e ka setho/ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa di hlolehile ho latela dipehelo tsa Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng, 1998 . Motho ofe kapa ofe ya nang le kgahleho, mahlatsipa a dintwa tsa ka malapeng kapa mekgatlo e seng tlasa mmuso e ka romela tletlebo. Tse ding tsa ditletlebo di ka kenyelletsa ho hloleha ho:
Ho hloleha ho tshwara moqosuwa;
Thusa motletlebi ho bula nyewe, ho fumana bodulo bo tshwanetseng, ho fumana kalafo ya bongaka, ho ya le motletlebi ho ya lata thepa ya hae le ho amoha eo ya hlekefetsang dibetsa tse kotsi tsa ka bang di teng;
Eletsa motletlebi ka boikgethelo bo leng teng, jwalo ka ho hloleha ho eletsa motletlebi hore a bule diqoso tsa bonokwane kapa a etse kopo ya taelo ya tshireletso, kapa ka bobedi; le
Ho neha moqosuwa lengolo le mo laelang hore a hlahelle kgotla.
Dintwa tsa malapeng di bakwa ke ha motho eo o ratanang le yena a etsa hona ho latelang:
A ho sotla mmeleng kapa ka thobalano, mohlala, a ho otla kapa a ho beta.
A ho sotla ka puo, moyeng kapa kelellong, mohlala, a ho rohaka, a ho tshwara ka mokgwa o lefufa haholo.
A ho tshwenya, mohlala, a ntse a ho letsetsa mohala o ho tenang, a ho romela mangolo kapa dintho tse itseng, kapa a shebile metsamao ya hao.
A kena moo o dulang ntle le tumello ya hao.
A ho sotla ka tsa moruo kapa ditjhelete, mohlala, ha monna kapa molekane a phehella ho etsa diqeto ka tjhelete kapa a hana ho reka dijo, ho lefa tjhelete ya sekolo, jj.
A ho tshabisa, mohlala a ho tshosa ka hore o tla ho bolaya ha o ka ya mapoleseng.
A senya thepa ya hao, mohlala, a tjhesa diaparo tsa hao, a roba fanitjhara mme a seha dithaere tsa koloi ya hao.
A tlola taelo e leng teng ya molao ya tshireletso.
A na le boitshwaro bofe kapa bofe bo hlekefetsang bo tshosang polokeho, bophelo bo botle le boitekanelo ba hao.
Ha o batla ho tseba haholwanyane, e ya ho ba Bolaodi bo Ikemetseng ba Ditletlebo.
Mehato e lokelwang ho latelwa
Romela tletlebo ka ho isa ka bowena, ka thelefounu, ka lengolo kapa e-mail eo o tla e romela ofising efe kapa efe ya ICD.
Jwalo ka motletlebi, tlatsa foromo ya ngodiso ya Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng.
Neha ba ICD tlhahisoleseding e latelang:
Lebitso le dintlha tsa moo ho ka iteangwang le lehlatsipa le/kapa motletlebi
Lebitso le boemo ba lepolesa kapa mapolesa a qoswang
Nomoro ya nyewe ya mapoleseng, ha e le teng
Mohla, nako le mofuta wa ho se latele Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng, wa 1998
Dintlha tsa dipaki, ha di le teng
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Nako ya leta puisano - metsotso e 30
Kananelo e ngotsweng fatshe ya ho fumana tletlebo - matsatsing a 30
Raporoto ya kgatelopele ka mosebetsi - matsatsing a 30
Raporoto ya ho qetela - matsatsing a 90
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala
Diforomo tse lokelwang ho tlatswa
Foromo ya ngodiso ya Molao wa Dintwa tsa ka Malapeng.
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
