Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
O tlameha ho fumana lengolo la tumello haeba o ikemiseditse ho reka koloi e ntjha kapa e sebedisitsweng mafatsheng a kantle, koloi ya thepa kapa treilara le bopa/aha kapa ho fetola sebopeho sa koloi.
O tlameha ho ba le lengolo la tumello ho sa kgathalatsehe hore koloi e ahilwe/bopilwe Afrika Borwa kapa naheng ya kantle. Mefuta ya dikoloi tseo lengolo la tumello le hlokahalang:
dikoloi, dibese le dithuthuthu dikoloi tsa thepa ditreilara dikoloi tse kgethehileng tse jwalo ka dikhreini tse tsamayang, diterekere, tse kotulang.
Dikoloi kaofela, tse entsweng Afrika Borwa kapa mafatsheng a kantle, di tlameha ho tsamaellana le ditlhoko jwalo ka ha ho totobaditswe Molaong wa Naha wa Sephethephethe sa Mebileng, wa selemo sa 1996. Batho ba rekang dinaheng tsa kantle le bona ba tlameha ho hlahisa tiisetso ya tsamaellano le ditlhoko ho ya ka Biro ya Boemo ba disebediswa ya Afrika Borwa .
Ela hloko: Motho eo koloi e tlang ho ngodiswa ka lebitso la hae ke yena feela ya ka tlatsang foromo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Fumana diforomo tse loketseng tsa kopo ho tswa ho SABS.
Tlatsa foromo mme o kgomathise ditokomane tse latelang:
khopi ya Bukana ya Boitsebiso lengolo la tumello sebakeng sa koloi ya khamphani kapa ya mokgatlo afidaviti ya koloi e ahilweng/bopilweng ho tswa Ditshebeletsong tsa Sepolesa sa Afrika Borwa. Sena se lokela ho kenyeletsa dinomoro tsa enjene le tjheisi, dintlha ka botlalo tsa mosebetsi o entsweng le mohlodi wa dikarolo tsa bohlokwa setefikeiti sa tlhakiso sa Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa setefikeiti sa ho ba mmileng setefikeiti sa borogo dinepe tse pedi tsa koloi.
Lefa tjhelete e behetsweng.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Lengolo la tumello le tla fumaneha matsatsing a mane ho isa ho a tsheletseng.
Hodimo
Ditjeo
