Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Setifikeiti se Lamunu ho fanwa ka sona ha sampole e nkuwe semmuso ho lot mme dihlahlobo di etswa tlasa bolaodi ba laboratori e tshwanang e anaetsweng eo e leng yona e ntshitseng sampole.
Setifikeiti se Tala se tswa ha sampole e nkuwe semmuso ho tswa peong tlasa bolaodi ba laboratori e ananetsweng empa dihlahlobo di etswa laboratoring e nngwe e ananetsweng naheng e fapaneng.
Setifikeiti se Bolou se ntshiwa ha sampole e se tlasa boikarabelo ba laboratori e ananetsweng mme laboratori eo e ananetsweng e na le boikarabelo feela bakeng sa ho hlahloba sampole.
Ditifikeiti tse Lamunu le tse Tala di sebetsa peong eo di nkuweng ho yona, ha Setifikeit se Bolou sona se sebetsa feela sampoleng e fumanweng bakeng sa hlahlobo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Dinomoro tsa seed lot di tla ajwa e be kopo e kgutlisetswa morao ho wena ka fekse. E tla romelwa hape ka fekse ho mohlanka ya dumelletsweng wa tlhakiso diofising tsa lebatowa, e leng ya tla etsa disampole.
Ha di-seed lot di se di loketse ho etsa disampole, bitsa mohlakisi ho tla nka disampole.
Disampole di nehwa ba OSTS e be a hlahlojwa boleng mme ho fanwe ka setifikeiti se tshwanetseng.
Lefa tefello ya ho hlahlojwa ha peo. Ha o fumana disampole, o tla be o se o fuwa le tshupamolato. Dintlha tse mabapi le ho banka ke tsena:
Khoutu ya lekala: 01-08-45
Nomoro ya akhaonte: 011244887
Tefello e ka etswa ka mokgwa wa elektroniki kapa khaontareng, empa ho bohlokwa hore hobolelwe nomoro ya tshupamolato bakeng sa hore ba kgone ho amahanya tjhelete e kentsweng le tshupamolato eo ho fanweng ka yona.
Etsa kopo ya Setifikeiti se Bolou ka lengolo le nang le di-letterhead tsa mokgatlo wa lona, hobane ho tshwauwa ha di-seed lot mmoho le ho etswa disampole tsa semmuso ho ke ke ha amohelwa.
Hodimo
Molao o sebediswang
Ha ho na molao o sebediswang.
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Official Seed Testing Station ba beha ka pele lenaneng hlahlobo ya disampole tsa peo bakeng sa merero ya ho romela ka ntle. Mefuta e fapaneng ya dimela le maemo a fapaneng a hlahlobo ekasitana le nako ya hlahlobo di ka fapana ka matsatsi a mmalwa ho ya dibekeng tse mmalwa.
OSTS e phehella ho nontsha disampole tsa peo ho tswa pokellong e le nngwe e tlasa maemo a tshwanang a hlahlobo. Hape ho ka kotjwa mefuta e fapaneng ya dihlahlobo bakeng sa tlelaente. Ka hoo, ha ho na tlhahisoleseding ya maemo a tshebeletso eo ho ka fanwang ka yona. Botsa sebakeng seo ka bosona .
Hodimo
Ditjeo
