Kopo ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa dinaheng tsa ka ntle
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi sa dinaheng tsa ka ntle ke sekepe sa moahi eo e seng wa naha ya Afrika Borwa, ke hore ke moditjhaba ya ngodisitsweng tlasa Folakga ya Naha e nngwe eo e seng Rephaboliki ya Afrika Borwa . Ke feela tlasa mabaka a ikgethang moo sekepe sena se ka ngodiswang semmuso kapa sa dumellwa ke South African Right Holder ho phetha mesebetsi ya ho tshwasa ditlhapi ka hara kgaolo e dumelletsweng ya Exclusive Economic Zone kapa metsi a matjhaba tlasa folakga ya Rephaboliki ya Afrika Borwa.
Ha ho na sekepe sa dinaheng tsa ka ntle se ka fuwang laesense ya ho tshwasa ditlhapi ya Afrika Borwa ntle le ha se tshwasa ka kopanelo le Motho wa Afrika Borwa ya Nang le Ditokelo tsa ho etsa jwalo . Pele ho ka etswa mosebetsi wa ho tshwasa, ho tshwanetswe hore ho iteangwe le ba Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho ho bona hore na ngodiso semmuso ya sekepe seo sa matjhabeng ho tla dumellwa mokgeng o itseng wa ho tshwasa, le teng ke ditokomane dife tse hlokehang bakeng sa ho ananela kopo e jwalo.
Hodimo
Mehato e latelwang
Haebe hantlentle ho tshehetswa tshebediso ya sekepe sa matjhabeng moo mokopi o lokela ho fumana foromo ya kopo ya laesense ya sekepe sa matjhabeng ho tswa ofising e haufi ya Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi .
Tlatsa foromo ya kopo mme o e romele ofising a haufi le wena ya Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho le Bohahlaudi. ka dintlha tse latelang:
lebitso la sekepe sa ho tshwasa ditlhapi lebitso le dintlha tsa monga sekepe matla a tshebetso a sekepe botelele ba sekepe nomoro ya ngodiso ya sekepe folakga ya Naha eo sekepe se ngodisitsweng ho yona ha jwale .
setifikeiti sa polokeho ho tswa Naheng eo.
Kopong ya hao, bolela mokga oo sekepe se tla tshwasa ho ona le nako eo se tla ba moo ka yona.
Ho tla hlokeha lengolo la semmuso la Botshwasi ba Ditlhapi ba Naha, le ananelang hore:
sekepe se dumelletswe ho tshwasa metsing a Afrika Borwa sekepe ha se eso kene mosebetsing ofe kapa ofe o Seng Molaong, o Sa Laolweng hape o Sa Tlalehweng wa ho tshwasa bolaodi ba Botshwasi ba Ditlhapi ba Afrika Borwa bo tla ba le boikarabelo ba ho tsamaisa sekepe bolaodi ba Botshwasi ba Ditlhapi ba Afrika Borwa bo tla nka boikarabelo ba ho tlaleha palo ya ditlhapi tse tshwerweng ho Regional Fisheries Management Organisations ha ho hlokeha ka ho ya ka RFMOs dipalopalo tsohle tsa ditlhapi tse tshwerweng, e ka ba ka hara kgaolo ya EEZ ya Afrika Borwa kapa Mawatleng a Phahameng, di tla bokellwa Afrika Borwa bakeng sa nako ya tumellano ya ngodiso ya semmuso sekepe sa matjhabeng se tla tshwasa tlasa melawana le dipehelo tsa phemiti tsa Afrika Borwa.
Ha sekepe e se sekepe se kgethuweng ka ho ya ka tshebetso ya kabo ya ditokelo moo mokopi o tshwanetse ho tlatsa foromo ya kopo ya ho transferwa ha sekepeBakeng sa hore sekepe se dumellwe ho tshwasa mokopi o tla tshwanela ho tlatsa foromo ya kopo ya phemiti ya ho tshwara ka ho ya ka mokga oo sekepe se tla tshwasa ho ona.
Qetellong, ha mokopi hape a lebelletse hore sekepe se tla tshwasa hape le Mawatleng a Phahameng ka nako ya tumellano, moo ho tla batleha hore ho tlatswe foromo ya kopo ya Mawatle a Phahameng.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
Kopo ya ho sebedisa sekepe sa matjhabeng e ka nka matsatsi a 14 a mosebetsi, mme ho tla ya ka hore na dikopo di entswe ka nepo.
Hodimo
Ditjeo
Dikopo tsa ho transferwa ha dikepe ha jwale ke mahala
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
