Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Pele o ka ba le sethunya, o lokela ho fumana laesense ya sethunya ho tswa ho ba tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa . O hloka laesense bakeng sa sethunya sefe kapa sefe seo o nang le sona.
Batho ba tla ba beng ba dithunya ba lokela hore ba fete pele tekong ya thupelo e beuweng institjhusheneng e ananetsweng ya thupelo mme ba fumane setifikeiti sa bokgoni sa thupelo. Lenane la di-institjhushene tse ananetsweng tsa thupelo le fumanwa weposaeteng ya SAPS kapa o ka letsetsa ba SAPS National Firearms Call Centre nomorong ena ya mohala: +27 12 353 6111 kapa fekse: +27 12 353 6036 bakeng sa tlhahisoleseding.
Hodimo
Mehato e latelwang
O lokela ho phetha ka katleho teko e beuweng ho bontsha tsebo ya hao ya Molao wa Taolo ya Dithunya, 2000, ho moabi ya ananetsweng wa thupelo.
Ha o fumana setifikeiti sa thupelo ho tswa ho moabi ya ananetsweng wa thupelo kapa SASSETA , etsa kopo ho ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa bakeng sa setifikeiti sa bokgoni. Tlatsa diforomo tsa SAPS 517 .
Ka mora ho ba o fumane Setifikeiti sa Bokgoni, tlatsa dikarolo tse tshwanetseng tsa foromo ya SAPS 271 . Romela foromo Mohlanka ya Kgethuweng wa Dithunya e leng Designated Firearms Officer seteisheneng sa mapolesa se haufi le moo o dulang.
E ya le ditokomane tsena tse latelang ho DFO:
tokomane ya hao ya semmuso ya mantlha ya boitsebiso setifikeiti sa mantlha sa Thupelo se fumanweng ho tswa ho SASSETA
setifikeiti sa matlha sa Bokgoni lengolo la ho kgethwa ho ba motho ya seng a na le boikarabelo ba sona, haebe sethunya seo o se fumane e le lefa dinepe tse pedi tse hlakileng tsa boholo ba dinepe tsa phasepoto mme e le tsa mmala, tse nkuweng nakong e ka tlase ho dikgwedi tse tharo.
Hlahisa mabaka a kopo ya hao ka botlalo mme o romele ditokomane tse tla tshehetsa kopo ya hao.
DFO o tla nka dikgatiso tsa menwana ya hao yohle foromong ya SAPS 91.
DFO o tla ho neha setlankana mme a ho laele hore o ye Ofising ya Ditjhelete seteisheneng sa maponesa ho ya lefa tjhelete e beuweng. Tefello e lokelwa ho etswa ka kontane kapa ka tjheke e tiiseditsweng ke banka. O tla nehwa setlankana sa ditshenyehelo jwalo ka bopaki ba tefello, seo o lokelang ho se isa ho DFO ho etsa hore a kgone ho tswela pele ka ho sebetsana le kopo ya hao.
O tla fumana setlankana se saennweng sa kananelo jwalo ka bopaki ba hore o rometse kopo ya laesense ya ho ba le sethunya.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
DFO o tla romela foromo ya kopo, mmoho le ditokomane tse tshehetsang, ho Central Firearms Register ho ya elwa hloko. Ka mora ho ba kopo ya hao e elwe hloko ka katleho, DFO o tla ho bolella hore o fumane mme o be o kenye seife ya sethunya e fihlelang maemo a beuweng a South African Bureau of Standards matsatsing a 14. DFO o tla tla ho tla lekola sebaka seo o dulang ho sona ho bona hore na o fihlela ditlhoko tsa seife. Ka mora ho fumana Raporoto ya Tekolo ya Seife, o tla romelwa laesense ya hao.
Hodimo
Ditjeo
Laesense ya Sethunya: R140
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
