Kopo ya ho fetola khampani ho ba khampani ya ba mmalwa
Ditlhoko tsa bolaodi le tsamaiso ya khampani ya ba mmalwa ha di tshwarisi bothata le boima jwalo ka tsa khampani. Kahoo, ditho tse phahameng tsa phethahatso tsa khampani di ka etsa qeto ya ho fetola khampani e ngodisitsweng ho ba CC.
Ha lebitso le lona le tla fetolwa ha khampani e fetolwa ho ba CC, kopi ya foromo e amohetsweng ya CK7 e tshwanela ho nehelwa mmoho le kopo ya phetolelo.
Mehato e latelwang
Ntsha foromo ya kopo, ya CK7 ho beeletsa lebitso la CC ha lebitso le tla fetolwa.
Romela lengolo le bolelang ofisiri e ntjha e molaong ya ho lekola ditjhelete
Romela lengolo le tswang ho mohlahlobi wa dibuka tsa kgwebo ho ya ka dipehelo tsa Section 27 ya Close Corporation Act, 1984 , 1984. Lengolo le tshwanetse ho bolela hore ka mang mohlahlobi e motjha wa dibuka tsa kgwebo.
Nehelana ka dikopi tsa dibukana tsa boitsebiso tsa ditho tsohle tsa CC.
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ho ka nka matsatsi a mane ho ya ho a mahlano ho hlophisa kopo.
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
