
Kopo ya phemiti ya ho ithuta
Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Phemiti ya ho ithuta ke tokomane e nehang batho ba tswang dinaheng tsa ka ntle tokelo ya ho ithuta institjhusheneng efe kapa efe ya thuto e phahameng mona Afrika Borwa. Ho etsa kopo ka boyena Embasing kapa Misheneng wa Afrika Borwa.

Hodimo

Mehato e latelwang

Ho tlatsa foromo ya kopo ya BI-159.
Ho hlahisa:

lengolo la semmuso kapa bopaki ba ngodiso institjhusheneng e ngodisitsweng ya thuto ya Afrika borwa
dintlha tse mabapi le sebaka sa bodulo se hlophisitsweng
bopaki ba hore o na le ditjhelete tse lekaneng tsa he lefella dithuto, ho itlhokomela le ditjeo tse ding
clearance certificate ho tswa maponeseng se mabapi le dinaha tsa pejana tseo a neng a dula ho tsona dinakong tse ka hodimo ho selemo. Setifikeite sena se lokelwa ho romelwa dikgweding tse leshome le metso e mebedi ho entswe kopo haebe ha se fumanehe ka potlako
khopi ya tekete ya sefofane ya ho tla le ho kgutlela morao kapa tiisetso ya hore o tla boela naheng ya habo bona mme yona e be ka mokgwa wa tjhelete e beuweng e tla lekana le ditjeo tsa tekete ya sefofane se yang naheng ya hao bona kapa moo a dulang, ha ho hlokeha
lengolo la ngaka le pakang hore mokopi o na le bophelo bo botle.


Bakopi ba ke ke ba kena Afrika Borwa pele dikopo tsa bona di ananelwa.

Bakopo bao dikopo tsa bona di ananetsweng, ba nehwa visa ya ho kena ka makgetlo a mangata ka hara naha.

Ba sa leng dilemo tse ka tlase ho tse mashome a mabedi a motso o mong  ba lokela ho romela dintlha tsa motho wa Afrika Borwa ya tla ba mohlokomedi wa bona. Dintlha di lokelwa ho romelwa le lengolo la tiisetso, bopaki ba tumello ya moo a batlang ho dula teng e le le tswang batswading ka bobedi, kapa ho tswa ho motswadi ya mong ya leng mohlokomedi mmoho le bopaki ba hore ke mohlokomedi a le mong.

Hodimo

Molao o sebediswang



Immigration Act, 2002  

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Dibeke tse robedi.

Hodimo

Ditjeo

R425

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



, BI-159 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


