Kopo ya ngodiso jwalo ka moamohedi wa setswakantle
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Tshebeletso ena e nehelana ka tlhahisoleseding ya mokgwa wa ho ngodisa jwalo ka moamohedi wa setswakantle ho South African Revenue Service .
Hodimo
Mehato e latelwang
Foromo ya kopo e tlameha ho tlatswa ke mokopi mme e seng ke motho wa boraro -ho seng jwalo kopo e ka se elwe hloko.
Thusa o tadime ho tataiso ya ho etsa kopo ho o thusa tshebetsong ya laesense.
Karolong ya Client Types sheba lebokoseng la Moamohedi wa Setswakantle, tlasa ngodiso:
Karolo ya Importer Particulars , e batla lebitso la kgwebo la mosebetsi wa hao lebitso le nomoro ya seterata sa kgwebo lebitso le nomoro ya mokato wa moaho oo kgwebo e tsamaiswang ho wona motsana oo mosebetsi o leng ho ona toropo e kgolo kapa toropo moo mosebetsi o leng ho yona khoutu ya seterata sa motsana oo mosebetsi o leng ho wona ya tla ba le boikarabelo ba ho rala le ho romela ditokomane ho South African Revenue Service; le hore na o tla rala mme o romele ditokomene, kapa o tla thonya akgente ho etsa jwalo.
Karolo ya Authority to Apply e tlameha ho tlatswa ke motho ya etsang kopo ya ngodiso jwalo moamohedi wa setswakantle.
Lebitso la mokopi kapa lebitso la ngodiso ya mosebetsi, mme e seng lebitso la kgwebo, le tlameha ho hlahella karolong ena.
Karolong ya Declaration , bolela tse latelang:
ditlhaku tsa pele tsa mabitso le fane ya motho ya etsang kopo ya laesense maemo a motho ya etsang kopo, mohlala, Molaodi, Mookamedi, Monga motho ya etsang kopo o tlameha ho saena foromo ya kopo letsatsi leo kopo e saennweng ka lona sebaka seo kopo e saennweng ho sona.
Hokela dikopi tsa sethatho kapa tse tiiseleditsweng tse latelang:
tokomane ya boitsebiso ha o le moahi wa Afrika Borwa ditokomane tsa pasepoto mabapi le eo e seng modudi:
motho ya ikemetseng balekane ho koporasi ya batho ba mmalwa kapa traste - ditho tsohle, balekane kapa balebedi ba traste khampani - balaodi bohle, ho kenyeletsa le molaodi ya okametseng le molaodi wa ditjhelete.
Hodimo
Molao o sebediswang
Hodimo
Maemo a tshebeletso
SARS e kentse di- Service charter a tla nka dilemo tse pedi ho kenngwa tshebetsong . Ha o ngodisa kapa o etsa tefo efe kapa efe, SARS o ikemiseditse ho hlophisa ngodiso ya hao ka mokgwa o nepahetseng nakong ya matsatsi a 21 a ho sebetsa.
Hodimo
Ditjeo
Tshebeletso ena ke mahala.
Hodimo
Diforomo tse tlatsuwang
Hodimo
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
