

Kopo ya visa

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

Tlhaloso

Visa ke setlankana se kgomaretswang phasepotong e sebetsang ya motho ya tswang dinaheng tsa ka ntle, e nehang motho eo tumello ya ho kena mona Afrika Borwa.

Visa e lokelwa ho:

fumanwa pele mokopi a tloha naheng ya habo a tla Afrika Borwa
fumanwa dinaheng tsa mose mme o ke ke wa kgona ho etsa kopo ya yona dikoung tsa makeno a Afrika Borwa
kotjwa embasing kapa misheneng wa naha ya Afrika Borwa moo Afrika Borwa e nang le boemedi teng
kotjwa embasing kapa misheneng o haufi wa Afrika Borwa ha naha ya Afrika Borwa e se na boemedi naheng ya lona. Hona ho sebetsa hape le batho ba tshwereng diphasepoto tsa bodiplomate le tsa semmuso ba hlokang diphemiti tsa bodiplomate.

Hodimo

Mehato e latelwang

tlatsa foromo ya kopo ya BI-84
phasepoto ya hao e lokela e be e sebetsa bakeng sa matsatsi a seng ka tlase ho a 30 ka mora ho fela ha leeto le lohothwang
phasepoto ya hao e lokela ho ba le bonyane leqephe le le leng le sa sebediswang ha o e isa hore e ilo kengwa setlankana sena
o lokela ho lefa tefello e beuweng, ha ho tshwaneleha
ho tshwanetswe hore ho romelwe le setifikeiti sa moento, moo ho hlokehang
romela setatemente kapa ditokomane tse tiisetsang morero le nako ya leeto la hao
hlahisa bopaki ba hore o tla ba le tjhelete e lekaneng
hlahisa bopaki ba hore o na le tekete ya sefofane ya ho ya le ho kgutla
ho ka hlokeha depositi.

Hodimo

Molao o sebediswang



Immigration Act, 2002 , as amended 

Hodimo

Maemo a tshebeletso

Tshebeletso ena e ka nka matsatsi a 10.

Hodimo

Ditjeo

R 425

Hodimo

Diforomo tse tlatsuwang



Application for a visa, BI-84 

Hodimo

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona


