FRONT
Ke na le boikarabelo.
Re na le boikarabelo.
Afrika Borwa e nka boikarabelo.
BACK
Mabaka a 10 a hore hobaneng hona JWALE e le nako ya ho etsa diteko…
HIV e ka alafuwa le ho thibelwa. Nka boikarabelo mme o etse diteko kajeno.
Diteko le kalafo ya HIV ke mahala ditliliniking TSOHLE tsa mmuso.
Haeba o na le tshwaetso, o ka phela bophelo bo botle.
Haeba o na le tshwaetso, o ka itshireletsa tshwaetsong.
O ka itshireletsa le ho sireletsa ba bang tshwaetsong ya HIV – sebedisa dikgohlopo kamehla le ho fokotsa balekane bao o kenang thobalanong le bona.
Ho etsa diteko mmoho le molekane wa hao ho aha ho tshepana le tlhompho.
Eba mohlala ho ba lelapa la hao le metswalle. Etsa diteko kajeno le ho kgothaletsa ba bang ho etsa diteko.
Ha ho lesea le tshwanetseng ho tswalwa le na le tshwaetso ya HIV. Ho na le moriana o ka thibelang sena, EMPA o tshwanela ho tseba maemo a hao a HIV nako e sa le teng bokgatjhaneng ba hao.
Haeba o na le TB, e ka nna yaba o na le HIV. Etsa bonnete ba ho etsa diteko tsa HIV. Haeba o na le HIV, etsa bonnete ba ho etsa diteko tsa TB.
Afrika Borwa e nka boikarabelo bakeng sa bophelo ba hao bo botle. Na wena o tla nka boikarabelo neneng mme o etse diteko?
Haeba ha o na tshwaetso itshireletse le ho ipaballa – mme o tshware jwalo. 
Ho fumana setsha sa diteko se haufi le wena, romela SMS ya lentswe HIV le khoutu ya hao ya poso ho 31771 
Letsetsa Mohala wa Thuso wa  AIDS ho 0800 012 322
Ho bala ka mekgwa kaofela o ka sebedisa selefounu ya hao ho fumana tlhahisoleseding kapa thuso ka HIV:
( tobetsa *120*923#  (disente tse 20 bakeng sa metsotswana e 20)
