Na ke eng eo basebetsi le
boramesebetsi ba lokelang ho e
tseba ka silikosese (silicosis)?
Na o tseba hakae ka silikosese?
Silikosese ke bolwetse ba matshwafo bo bobe haholo, bo o qetang bokgoni, bo
ke keng ba busetswa morao mme ka dinako tse ding bo bolayang. Bo bakwa ke
ho hema lerole le nang le di-crystalline tsa silika (silica) tseo o di hemang. Silika
ke karolo e kgolo ya lehlabathe, lefika le di-mineral ore.
Ke ka baka lang ho hema lerole la silika ho leng kotsi?
Ho se sireletsehe leroleng le nang le dikarolwana tsa crystalline silica tse ka
bonwang ka maekerosekopo, ho ka baka popeho ya lebadi la thishu
matshwafong, le fokotsang bokgoni ba matshwafo ba ho ntsha oksejene
moyeng oo re o hemang. Fibrosis (thuruho) e mpe haholo e ka baka ho shwa ka
baka la mokgwa o sa lekanang wa ho hema le lefu la pelo bathong ba nang le
silikosese e hatetseng pele kapa e rarahaneng haholo. Batho ba sa
sireletsehang ho silika mosebetsing, kapa bao ba nang le silikosese, ba kotsing
e kgolo ya lefuba la matshwafo. Silikosese e nang le lefuba kapa
silico-tuberculosis ke sesosa se seholo sa ho shwa bathong ba sa sireletsehang
ho silika nako e telele.
Na ho se sireletseha leroleng la silika ho etsahala hokae?
Lerole la silika le tswa ka nako eo ho sebetswang ka mafika, lehlabathe kapa
konkereiti moo di tjhwatlwang ho ba dikarolwana tse nyenyane haholo. Ho thuba
lehlabathe ke o mong wa mesebetsi e kotsi haholo moo lerole la silika le yang
moyeng. Ho fiela sebakeng se ommeng kapa ho hleka lehlabathe kapa
konkereiti, kapa ho sila kapa ho hlwekisa mafika ka moya o hateletsweng ho ka
baka maru a maholo a lerole.
Silika e tsamaiswa ka ditshelo tse kengwang ditankeng bakeng sa tshebetso ya tlhahiso.
Na mosebetsi o tla tseba
jwang hore o kotsing ya ho
kenwa ke silikosese?
Basebetsi bohle ba sebetsang
tikolohong e lerole e nang le
lerole la silika ba ka kenwa ke
silikosese. Silikosese e ka
hlaha ka potlako haholo ha o
sa sireletseha ho silika (Acute
Silicosis) kapa ka potlako
Accelerated Silicosis) kapa
butle (Chronic Silicosis). E ka
rarahana ka baka la fibrosis e
ka hlahang ka bongata kapa
lefuba.
Na ke dibakeng dife tsa ho
sebetsa moo o ke keng wa
sireletseha kgahlanong le
lerole la silika?
Dibaka tsena tse latelang tsa
ho sebetsa ha se tsona feela
empa ke ho tsona moo ho
nang le kgonahalo e hodimo
tse nang le kotsi e kgolo:
Indasteri efe kapa efe eo ho thujwang lehlabathe ho yona, kapa moo ho
tjhwatlwang dintho tse nang le silika ho tlosa pente le rusi ho tswa meahong
kapa ditankeng tsa tshepe, kapa frost glass
Merafong kapa ho di-quarries moo ho borwang granite kapa majwe a
lehlabathe
Indastering ya kaho moo ho nang le diketsahalo tse jwalo ka tsa ho thuba
lehlabathe, ho etsa dithanele, ho bora mafika, jack-hammering le ho bora
dibaka tse fatshe tse nang le silika ka di-powertool
Di-foundries le molding, di-shakeout, lehlabathe kapa shot blasting, fettling le
grinding
Di-indasteri tse etsang di-ceramic, ditene, letsopa le pottery
Ho seha mafika kapa granite, ho sakga, ho phatsa, ho sila le ho polisha
Tlhahisong ya mabenyane
Tlhahisong ya dikgalase
Mokgeng wa Temo moo masimo le matlakala a dimela a tjheswang
Ha ho hahuwa dikepe
Ralewe
Tlhahisong ya sesepa le dihkwekisi tse ding.
Lerole polanteng ena le ka bonwa ka ho hlaka le
ama tjhebahalo ya setshwantsho.
Na ke afe matshwao a supang kgonahalo ya ho ba teng ha silikosese?
Silikosese e ka nka dilemo tse ngata e sa bonwe hore e teng, mme e ka ba
dilemo tse 15 kapa ka hodimo ho moo haebe e boemong bo sa foleng mme
hape e se mpe hoo e ka bakang bothata. Mosebetsi ya sa sireletsehang ho
silika mme a na le lefuba a ka nna a ba le silikosese. Ha silikosese e ka hatela
pele kapa ya mpefala haholo (mohlala, ka lefuba) yona e ka ba le matshwao a
latelang:
Ho kgohlola ho hobe
Ho se kgone ho hema hantle
Mokgathala
Ho se be le takatso ya dijo
Feberu
Mahlaba sefubeng.
Na o ka tseba jwang hore o na le silikosese?
Ha o tseba hore o ne o sa sireletseha leroleng la silika, o lokela ho ya tliliniking,
sepetlele kapa ngakeng e tsebang ka mafu a o kenang o le mosebetsing.
Hlahlobo ya bongaka e lokela ho kenyelletsa histori entle haholo ya tsa
mosebetsing, di-X-rei tsa sefuba le diteko tsa ho bona ka moo matshafo a
sebetsang ka teng ho bona hore na o na le silikosese.
Bakeng sa ho thibela silikosese, ho tshwanetswe hore ho nkwe mehato ya ho fokotsa
maemo a lerole la silika.
Na o ka etsang ho thibela silikosese?
Mehato e latelang e lokelwa ho elwa hloko bakeng sa thibelo ya silikosese
dibakeng tsa mosebetsi:
Thibelo ya motheo
Mehato e latelang e ka thibela silikosese dibakeng tsa mosebetsi:
Etsa bonnete ba hore mekgwa ya bo-enjinere e disebediswa tse kenyang
moya bakeng sa ho ntsha lerole mosebetsing di sebetsa hantle
Sebedisa mekgwa ya ho fokotsa maemo a lerole la silika
Fokotsa lerole ka ho sebedisa dinyanyatsi tsa metsi ho etsa hore dibaka tse
fatshe di dule di le metsi ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang mme o boloke
dibaka tse fatshe le difuluru di hlwekile di se na lerole ka ho ya ka moo ho ka
kgonahalang
Disebediswa tse tshwanetseng tsa ho thusa ho hema di lokelwa ho kengwa
ka dinako tsohle dibakeng tse nang le lerole
E ba le seabo mananeong a thupelo ya thibelo ya silikosese.
Sebaka se seng se nang le kgonahalo ya kotsi ya lerole la silika ke sa Indasteri ya Kaho
moo mesebetsi e jwalo ka ho thuba lehlabathe (sandblasting), ho epa dithanele
tunneling),ho bora mafika (rockdrilling), jack-hammering le powertool grinding ya dibaka
tse fatshe tse nang le silika e etsahalang teng.
Thibelo ya boemong ba bobedi
Etsa hore ramosebetsi wa hao a hlophise hore ho be le hlahlobo ya bongaka.
Na o ka ya hokae ha o na le silikosese, lefuba le amanang le silika kapa
kankere ya matshwafo e amanang le silika, eo o e fumanang mosebetsing?
Iteanye le ba Ofisi ya Provense e haufi le wena ya Lefapha la Mesebetsi bakeng
sa ho fumana dikeletso tsa ka moo o ka etsang kopo ya ditlhapiso ho tswa
Letloleng la Ditlhapiso.
Na o ka etsang ha o batla ho tseba haholwanyane ka Silikosese?
Iteanye le ba ofisi e haufi le wena ya Lefapha la Mesebetsi kapa kena
webosaeteng ya Lefapha ho www.labour.gov.za
Kenya disebediswa tsa ho thusa ho hema nako le
nako sebakeng sa ho sebetsa.
Contact details
Provincial Offices of the Department of Labour
Eastern Cape
Aliwal North Tel: (051) 633 2633
Butterworth Tel: (047) 491 0656
Cradock Tel: (048) 881 3010
East London Tel: (043) 702 7500
Fort Beaufort Tel: (046) 645 4686
Graaf-Reinet Tel: (049) 892 2142
Grahamstown Tel: (046) 622 2104
King William's Tel: (043) 643 4756
Town
Lusikisiki Tel: (039) 253 1996
Maclear Tel: (045) 932 1424
Mdantsane Tel: (043) 761 3151
Mount Ayliff Tel: (039) 254 0282
Mthatha Tel: (047) 501 5600
Port Elizabeth Tel: (041) 506 5000
Queenstown Tel: (045) 807 5400
Uitenhage Tel: (041) 992 4627
Free State
Bethlehem Tel: (058) 303 5293
Bloemfontein Tel: (051) 505 6215
Botshabelo Tel: (051) 534 3789
Ficksburg Tel: (051) 933 2299
Harrismith Tel: (058) 623 2977
Kroonstad Tel: (056) 215 1812
Petrusburg Tel: (053) 574 0932
Phuthaditjhaba Tel: (058) 713 0373
Sasolburg Tel: (016) 970 3200
Welkom Tel: (057) 391 0200
Zastron Tel: (051) 673 1471
Gauteng North
Atteridgeville Tel: (012) 386 5116
Bronkhorstspruit Tel: (013) 932 0197
Garankuwa Tel: (012) 702 4525
Krugersdorp Tel: (011) 955 4420
Mamelodi Tel: (012) 805 5090
Pretoria Tel: (012) 309 5050
Randfontein Tel: (011) 693 3618
Soshanguve Tel: (012) 799 7400
Temba Tel: (012) 717 9500
Gauteng South
Alberton Tel: (011) 861 6130
Benoni Tel: (011) 747 9601
Boksburg Tel: (011) 898 3340
Brakpan Tel: (011) 744 9000
Carletonville Tel: (018) 788 3281
Germiston Tel: (011) 345 6300
Johannesburg Tel: (011) 497 3000
Kempton Park Tel: (011) 975 9301
Nigel Tel: (011) 814 7095
Randburg Tel: (011) 781 8144
Roodepoort Tel: (011) 766 2000
Sandton Tel: (011) 444 7631
Sebokeng Tel: (016) 988 2626
Soweto Tel: (011) 939 1200
Springs Tel: (011) 365 3700
Vanderbijlpark Tel: (016) 981 0280
Vereeniging Tel: (016) 430 0000
KwaZulu-Natal
Dundee Tel: (034) 212 3147
Durban Tel: (031) 336 1500
Estcourt Tel: (036) 352 2161
Kokstad Tel: (039) 727 2140
Ladysmith Tel: (036) 638 1900
Newcastle Tel: (034) 312 6038
Eastern Cape
East London Tel: (043) 701 3000
Free State
Bloemfontein Tel: (051) 505 6200
Gauteng North
Pretoria Tel: (012) 309 5000
Gauteng South
Johannesburg Tel: (011) 497 3222
KwaZulu-Natal
Durban Tel: (031) 366 2000
Limpopo
Polokwane Tel: (015) 290 1744
Mpumalanga
Witbank Tel: (013) 655 8700
North West
Mmabatho Tel: (018) 387 8100
Northern Cape
Kimberley Tel: (053) 838 1500
Western Cape
Cape Town Tel: (021) 441 8000
Labour Centres of the Department of Labour
Pietermaritzburg Tel: (033) 341 5300
Pinetown Tel: (031) 701 7740
Port Shepstone Tel: (039) 682 2406
Prospecton Tel: (031) 913 9700
Richards Bay Tel: (035) 780 8700
Richmond Tel: (033) 212 2768
Stanger Tel: (032) 551 4291
Ulundi Tel: (035) 879 1439
Verulam Tel: (032) 541 5600
Vryheid Tel: (034) 980 8820
Limpopo
Giyani Tel: (015) 812 9041
Jane Furse Tel: (013) 265 7210
Lebowakgomo Tel: (015) 633 9360
Lephalale Tel: (014) 763 2162
Makhado Tel: (015) 516 0207
Modimolle Tel: (014) 717 1046
Mokopani Tel: (015) 491 5973
Phalaborwa Tel: (015) 781 5114
Polokwane Tel: (015) 299 5000
Seshego Tel: (015) 223 7020
Thohoyandou Tel: (015) 960 1300
Tzaneen Tel: (015) 306 2600
Mpumalanga
Baberton Tel: (013) 712 3066
Bethal Tel: (017) 647 5212
Carolina Tel: (017) 843 1077
Eerstehoek Tel: (017) 883 2414
eMalahleni Tel: (013) 653 3800
Witbank
Ermelo Tel: (017) 819 7632
Groblersdal Tel: (013) 262 3150
Kwamhlanga Tel: (013) 947 3173
KaMhlushwa Tel: (013) 785 0010
Lydenburg Tel: (013) 235 2368
Middelburg Tel: (013) 283 3600
Nelspruit Tel: (013) 753 2844
Piet Retief Tel: (017) 826 1883
Sabie Tel: (013) 764 2105
Secunda Tel: (017) 631 2594
Standerton Tel: (017) 712 1351
Volksrust Tel: (017) 735 2994
Northern Cape
Calvinia Tel: (027) 341 1280
De Aar Tel: (053) 631 0952
Kimberley Tel: (053) 838 1500
Kuruman Tel: (053) 712 3952
Postmasburg Tel: (053) 313 0641
Springbok Tel: (027) 718 1058
Upington Tel: (054) 331 1752
North West
Brits Tel: (012) 252 3068
Christiana Tel: (053) 441 2120
Klerksdorp Tel: (018) 464 8700
Lichtenburg Tel: (018) 632 4323
Mafikeng Tel: (018) 381 1010
Mogwase Tel: (014) 555 5693
Potchefstroom Tel: (018) 297 5100
Rustenburg Tel: (014) 592 8214
Taung Tel: (053) 994 1710
Vryburg Tel: (053) 927 5221
Western Cape
Beaufort West Tel: (023) 414 3427
Bellville Tel: (021) 941 7000
Cape Town Tel: (021) 468 5500
George Tel: (044) 801 1201
Knysna Tel: (044) 382 3150
Mitchell's Plain Tel: (021) 376 1771
Mossel Bay Tel: (044) 691 1140
Oudtshoorn Tel: (044) 272 4370
Paarl Tel: (021) 872 2020
Somerset West Tel: (021) 852 2535
Vredenburg Tel: (022) 715 1627
Worcester Tel: (023) 347 0152
Sesotho, Layout and design by the Design Studio, Chief Directorate of Communication,
Department of Labour. Website: www.labour.gov.za