OHS in Agriculture
-----------------
3.1
Bophelo bo botle le Polokeho Mesebetsing ho tsa temo
Tokomane ena e nehelana ka tlhahisoleseding mabapi le tse ka amang bophelo bo botle mesebetsing ho tsa temo, mobu le meru.
Re ikemiseditse ho qoba dikotsi le bophelo bo fokolang mme re thabela ho ba le maqhama le batho bohle mmoho le dikhampani tse sebetsanang le bophelo bo botle le polokeho ho tsa temo, mobu le meru.
Maemo a fupereng kotsi mabapi le bophelo bo botle le polokeho ho tsa temo
Mesebetsi ho tsa temo e ka ba kotsi ho bophelo bo botle le polokeho tlasa mabaka a mangata a kenyelleditseng:
sebopeho sa mosebetsi oo
ho pepesetswa ho tsa boemo ba lehodimo, lerata le ho thothomela
ho kopana le diphoofolo
ho pepesetswa Dikhemikhale tse kotsi kapa disebediswa tse ding
Sebopeho sa mosebetsi oo o o etsang
Mohlala, ho sebetsana le dithoto kapa ho sebetsa mmele o sa dula hantle ho ka baka tsietsi malebana le mesifa le mohlolohlolo. Hona ke dipeine le mahlaba matsohong, manonyeletsong le ka mokokotlong a ka bakwang ke ho thinyetseha kapa ho nonyetseha (lematsa mesifa), kapa mahlaba a tsejwang ka ho re ke ‘slipped’ discs (ka mokokotlong), sciatica (lehlaba le kamorao mmomong ho ya tlase kapa ateraetise ya noka, mangwele kapa manonyeletso a mang.
Qoba ho tshwara ntho tse ngata ha ho kgoneha, kapa o sebedise ditsamaiso tsa mekhenikhale
Sebedisa dithekenike tle ntle tsa ho tshwara dintho - beha maoto a hao ka nepo, dula o otlollotswe mokokotlo, mme o tshware thoto haufi le mmele wa hao.
Etsa bonnete ba hore sebaka seo o sebetsang ho sona se hlophisitswe ka tsela eo disebediswa le dihlahiswa di ka fumanehang habonolo o sa otlollohe, mme o leke ho fetola mesebetsi kapa o sebetse ka tsela eo o sebedisang mesifa e fapaneng ya mmele.
Ho sebedisa motjhini ka tsela e bolokehileng mapolasing
Etsa bonnete ba hore metjhini eo o e sebedisang e: 
-        loketse mosebetsi
-        e dula e hlokometswe hore e bolokehe ho ka sebediswa
-        e na le diguarde tsa polokeho tse batlwang ke molao, mme o nnetefatsa hore:
o       di thata le ho ba matla, mme, ha eba di lokisitswe, ha di na ho tloswa habonolo
o       di entswe ka masela a loketseng. Plasetiki e ntle ea bonaletsa, empa e ka senyeha habonolo
o       ha di senyehe kapa hona ho imelwa habonolo
Ha disireletsi di tlamahane, mohlala, ha o batla ho fihlela dikarolo tse kotsi makgetlonyana a mangata ka letsatsi, lekodisisa hore
o       motjhini o keke wa qalwa pele disireletsi di le madulong a tsona
o       ho bula sesireletsi ho thiba motjhini kapa karolo eo
o       hore switjhe e tlamang kapa velofo e thata ho lekaneng bakeng sa mosebetsi, mme tsela eo e sebetsang ka yona , ho tla ba thata ho motho e mong ho e hlola
Dishaft guard tse qadisang motlakase
Bakeng sa dishaft guard tse qadisang motlakase, tiisa hore guard e:
-        entswe ho ya ka maemo a batlehang
-        e boholo bo lekaneng bakeng sa shafte, ka bobedi ha e kwetswe le ha e atolositswe
-        ha se e pitikolohang, e nang le ho itseng ho thibelang (mohl. diketane tse e tshwereng)
-        e sebediswa hantle mme e dula e hlokometswe - hlwekiswa le ho logetswa nako le nako
-        e tsheheditswe ha e sa sebetse - o se ke wa e tshehetso hodima drawbar kapa wa e dihela fatshe, hape o se ke wa e fanyeha ka ho hong ho tla e thibang
-        tiisa hore e bolokehile kotsing. mohl. ha e no lematswa ke diphoofolo ha motjhini o behuwe.o bolokilwe
Ho reka kapa ho hira metjhini
Ha o reka kapa o hira metjhini molao o batla hore motho eo tsena di tholwang ho yena o lokela ho nehelana ka disebediswa tsa polokeho (safeguards) tse hlokehang. Etsa bonnete ba hore wena le basebetsi ba hao le:
-        sebedisa metjhini ho ya ka ditaelo tseo ho nehelanweng ka tsona ho yona
-        beha disebediswa tsa polokeho tulong e bolokehileng mme o lekole disebediswa tse ding ho bona na di boemong bo botle; ha ho se jwalo lokisa tsohle tse hlokang ho ka lokiswa pele di sebediswa
-        Tiisa hore dikarolo tse laolang di tshwailwe ka ho hlaka ho bontsha seo di se etsang, le hore di laola motjhini ofe na mme di behuwe le ho etswa ka tsela eo o ke keng wa di sebetsa ka tshokhanyetso
-        Tiisa hore metjhini e dutseng e tsitsitse nqa e le nngwe e na le kganya ho lekaneng
-        Tiisa hore metjhini ya motlakase e ka thoko mme e notletswe ha disebediswa tsa polokeho di tloswa
-        tiisa hore basebetsi ba metjhini ba kwetlisitswe ho sebetsa ba bolokehile, ba fuwa le ho sebedisa diaparo tsa polokeho tse hlokehang
Ho hlokomela/hlwekisa le ho thibolla
Diketsahalo tse ngata ka metjhini di etsahala ha metjhini e hlwekiswa kapa e thibollwa.
Hopola ‘ho emisa bakeng sa ho bolokeha’ mme o tiise hore:
-        basebetsi ba kwetlisitswe ka ho phethahala ho etsa mosebetsi
-        ho nehelanwe ka disebediswa le ditaelo tse lekaneng ho hlokomela, lokisa, hlwekisa le ho thibolla metjhini
-        ho fumanwa le sebedisa mekgwa e bolokehileng ya ho sebetsa
-        Eneji e bolokilweng, mohlala ho tswa disebedisweng tse kopantsweng (compressed), disprings kapa dihaedrolike e a lokollwa pele o qala ho sebetsa
-        Metjhini kapa dikarolo tse phahamisitsweng ka dihaedrolike di se dumellwe ho theolwa ka disebediswa tsa mekhenikhale jwalo ka distopo kapa dijeke ha batho ba sebetsa ka tlasa tsona
Diopereitara kaofela di lokela ho nnetefatsa hore:
-        ba tseba ho emisa motjhini le pele ba qala ho o sebedisa
-        kamehla ba qala ho o sebedisa o le bodulong bo nepahetseng
-        disebediswa tsa polokeho kaofela di kene mme di sebetsa ka nepo
-        sebaka se potolohang motjhini o emeng nqa e le nngwe se hlwekile mme ha ho na letho le thibang motjhini
-        Mookamedi wa bona o tsebiswa hanghang ha motjhini o sa sebetse hantle
-        Ba apara diaparo le disebediswa tsa polokeho tse nepahetseng.
O seke wa:
-        Sebedisa motjhini ha ese feela ha o dumelletswe mme o kwetlisitswe ho etsa jwalo
-        Leka ho tlosa tshila e thibileng kapa ho hlwekisa motjhini ha ese feela ha ho lokollotswe draeve mme motjhini o eme
-        Apara diketane tse akgehang, diaparo tse lokolohileng, dihaneskuno kapa direng, kapa wa ba le moriri o motelele o ka nnang wa tshwaseha ditshepeng tse tsamayang
-        Phazamisa motho ya sebedisang motjhini
-        theoha terekere  kapa metjhini e meng e itsamaisang, e ntse e tsamaya
Ho sebedisa motlakase ka polokeho
Motlakase o ka bolaya. Batho ba bararo ho isa ho ba bane ba bolawa ke motlakase mesebetsing ya  tsa temo selemo se seng le se seng. Tse ngata tsa diketsahalo tsena di kenyelletsa ho ama dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho moyeng. Tse ding di kenyelletsa disebediswa tsa matsoho tse sa hlokomelweng hantle kapa dithapo tsa katoloso. Ho hokela motlakase ka tsela e fokolang mmo le disebediswa tsa wona tse fokolang le tsona di ka baka mollo.
Dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho moyeng.
Motlakase o ka tlola dikgeo ha ditshepe kapa disebediswa di matahanngwa/hokahanngwa hammoho haholo: ha ho hlokehe hore o ame dithapo tse tsamayang ka hodima dihlooho moyeng hore o tsebe ho tswa kotsi. Ha dithapo tse fepelang motlakase di tsamaiswa fatshe, buisana le mofepi wa hao wa motlakase hore na ho ka kgoneha hore di tsaiswe ka tsela esele, kapa ka tlasa lefatshe kapa tsa phahamiswa. Haeba hona ho ke ke ha etswa, etsa bonnete ba hore o na le mmapa wa tsela ya dithapo ( o fumanwa ho mofepi wa hao wa motlakase) mme baeti ba tlo sebetsa jwalo ka ba kontraka ba na le dikhopi.
O se ke wa:
-        sebetsa ka tlasa dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho maemo a sa
bolokeha, kapa wa dumella karolo leha e le efe feela ya motjhini (mohl. crop sprayer, tipper lorry) kapa lere, phaepe ya ho nosetsa, jj. ho ba bohole ba dimetara tse 15 ho tloha dithapong. Nahana ka bo sebedisa dikheibolo tse hlokomedisang ha metjhini e le e bophahamong bo hodimodimo
-        etsa fense yab terata tselenh e le nngwe le dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho, kapa wa tsamaisa kapa hona ho koba terata ya fense moo e ka tlolang mme ya ama thapo ya motlakase. Diterata tse telele tse kang mobung o tsitsinyehang di kotsi haholo.
-        aha lebota, moaho kapa wa pakella ditene, wa etsa sebaka moo ho akgelwang tshila ka tlase ho kapa pela dithapo tsa motlakase tse tsamayang ka hodima dihlooho kapa diterata tsa mollo
-        boloka metjhini pela kapa wa e tshetlehwa ho ditora kapa dipalo tsa dithapo tsa motlakase tse tsamayang hodimo.
Ho ama dithapo tsa motlakase tse tsamayang hodimo ho ka etsa hore mohlodi wa motlakase ‘o we’ nakwana - empa o ka hokelwa hape ka sesebediswa se kwalang se sebetsang ka bosona. O se ke wa ba wa leka ho thatholla ditshepe ho fihla monga motlakase a netefatsa hore dithapo di shwele. Ha ho hlokeha hore o sebetse pela dithapo tsa motlakase tse tsamayang hodimo, buisana le mofepi wa hao wa motlakase mme a kgaole motlakase nakwana feela.
Dithapo tse tsamayang ka tlasa mobu/lefatshe
Ha eba ho ka etsahala hore ebe o sebetsa pela thapo tse patilweng tlasa lefatshe, fumana tlhahisoleseding ka tsela ya tsona ho tswa khampaning e o fepelang motlakase. Batla motho ya nang le bokgoni ho nnetefatsa hore ha ho na dithapo pele o qala ho tjheka ditseleng kapa pela meaho.
Tsamaiso ya motlakase ya hao
Etsa bonnete ba hore:
-        ho na le switjhe e tholahalang mme e hlahellang ka ho hlaka pela motjhini ka mong o emeng nqa e le nngwe hore motlakase o kgolwa ka tshohanyetso
-        dithapo tsa motlakase tse yang metjhining di sireleditswe ho kgotsofatsang (dikheibolo tse kwahetsweng ka moetso wa rekere kapa neoprene e thata, kapa e kentsweng hara conduit) mme di na le kgokelo ya lefatshe (earth connection) e matla
-        dikotolwana tsa mabone di sireleditswe (mohlala, sebedisa difiting tsa mofuta wa bulkhead)
-        ho na le masoba a phepelo a lekaneng - ho imetsa lesoba ka ho sebedisa di adaptara tse menahanyang ho na le kotsi ya ho phatlola mollo. Dibakeng tse loketseng (mohl. kantoro ya polasing) o ka sebedisa boloko ba masoba a mangata moo ho ka kenang dipolaka tse ngata 
-        Dipolaka tsa masi\oba a meraro kamehla di na le dikarolo tse tiisitsweng ho thibela dithapo (haholoholo ya ‘lefatshe’) ho re di se tswe dintlheng/dipentong
-        difyuse, di-circuit breakers, jj. di lekantswe hantle bakeng sa tsamaiso/circuit  eo di e sirelleditseng. Ho seke ha fetiswa thapo e nngwe hodima difyuse, kapa tsa titiellwa dithapo kapa tsa thatelwa ka foele
-        o na le polaka le sokete tse loketseng bakeng tsa disebediswa tse nkang motlakase o mongata (mohl. diweldara)
-        Disokete tse kantle, tikolohong e mongobo kapa moo ho sebediswang phofodi kapa metsi a kopotsang, e be tsa sebopeho se nepahetseng (batla keletso - o se ke wa ba wa sebedisa sokete e tshwanang le e sebediswang ka tlung) mme di sireletswa ka ho bitswang  residual current device (RCD)
-        dikwahelo tsa disebediswa tsa motlakase di dula di kwetswe le ho (ha ho kgoneha) notlelwa, mme senotlolo se tshwarwe ke motho ya nang le boikarabelo
-        di-main switjhe di fumanehe habonolo mme di bonwa ka tsela e hlakileng, mme bohle ba tseba ho di sebedisa ka nako ya tshohanyetso
-        ho kentswe dithapo tse nang le sesireletsi se matla hodima tsona, kapa ho hong ho jwalo ho qoba tshenyo e ka hlahiswang ke ditweba le diroto
-        dithapo di dul;a di lekolwa nako le nako mme di lokiswa moo ho hlokehang ke setsebi sa motlakase se nang le bokgoni
-        dikheibolo tse senyehileng di a lokiswa kapa di tloswe ho kenngwa tse ding hanghang
Disebediswa tse jarwang                                                     
Disebediswa tsa motlakase tse sebediswang kantle kapa moo ho nang le dimetale tse sa hokananag le lefatse di lokela ho sebetswa ka divoltheje tse tlase ho tswa ho transefomara ya polokeho e ikemetseng ka boyona (mohlala, divolts tse 110 mme bohare bo hokahantswe le fatshe) kapa e hoketswe ka RCD e tla kgaola motlakase kapele ha ho na le phoso kgokahanong le lefatshe. Lekodisisa hore na ho ka kgoneha hore o qobe ho sebedisa motlakase ho hang, mohlala ka ho sebedisa disebediswa tsa moyakapa dikhompresa kamoo ho sebeletswang kateng (empa hlokomela hore lerata e ba le lekae).
Etsa bonnete ba hore wena le basebetsi ba hao:
-        le sebedisa dipolaka le difithing tsohle di thata ho lekaneng mme di loketse tikoloho e mongobo kapa e lerole e ka nnang ya fumanwa ho tsa temo
-        hlahloba disebediswa tse jarwang kgafetsa. O se ke wa lebala disebediswa tse kadimilweng kapa tse hirilweng
-        tlosa disebediswa tseo o di belaelang kapa tse nang le diphoso, di behe tulong e bolokehileng mme o etse bonnete ba hore ha di sebediswe ho fihlela di lokiswa ke motho ya nang le tsebo ya tsona
-        Kgetha motho ya tla jara boikarabelo ba ho sebetsana le konopo ya ‘teko’ ho diRCD ho nnetefatsa hore di sebetsa ka nepo
-        tima disebediswa le disokete tsa motlakase pele o kenya polaka
-        tlosa polaka kapa o arohanye disebediswa pele o di hlwekisa kapa o di lekanya
-        etsa hore ho be le disokete tse lekaneng hore o se sebedise dikgwele tse atolosang haholo
-        ha kgwele e atolosang e lokela ho sebediswa, nnetefatsa hore e boemong bo botle mme e behuwe moo e ke keng ya senyeha
-        diseteng tsa ho welda, sebedisa feela dithapo tse sireleditsweng ka ho thatetelwa le setshwari sa elektroude se sa senyehang
Ho kenwa ke motlakase mmeleng
Ho bohlokwa ho tseba seo o lokelang ho se etsa ha motho a kenwe ke motlakase. mmeleng wa hae.
Pele hopola ho arohanya mohlodi wa motlakase ka nako tsohle, kapa heba hona ho ke ke ha kgoneha, o se ke wa ama motho eo haese feela ka dintho tse sa tsamaisang motlakase - o se ke wa sebedisa tshepe kapa metale.
Ho hlaphola motho ho batla kwetlisa le ho hlakisa, kahoo etsa bonnete ba hore basebetsi ba hao ba fumana tjhoriso ya thuso ya pele ya motheo.
bapatsa polakhate ya ‘electric shock’ e bontshang se lokelang ho etswa
Lerata
Ha e ba o le lerateng le lengata, ditsebe le ho utlwa di ka lematseha. Nahana ka ho:
-        sebetsa kantle ho tikoloho eo e lerata
-        fokotsa lerata, mohl. ka tshebediso ya dintho tse fokotsang lerata
-        tlhokeho ya ho sireletsa bokgoni ba ho utlwa.
Ho thothomela
Hona ho ka ama matshoho le diatla (hangata ho tswa disageng tsa diketane le digraendara), kapa mmele kaofela (ho tswa diterekereng le diterakeng tsa dilift). Ho qoba lehlaba le bohloko le tswellang la mokokotlo/lengwele/noka le ka bakwang ke ho thothomela ha mmele whole:
-        sebedisa disebediswa tse nepahetseng bakeng sa mosebetsi ono, mohlala, tereketere ya sejwalejwale ka  setulo se loketseng, se behuweng hantle
-        kganna ka lebelo le loketseng maemo a fatshe/mobung, o qoba dikoti, jj.
-        ho qoba ho lematsa phallo ya madi ya hao, ho tshwarwa ke dinerefe, mesifa le masapo matsohong le diatleng ka baka la ho thothomela
-        etsa moralo/polane wa mosebetsi ho qoba ho sebedisa disebediswa tse thothometsang
-        kgetha disebediswa tse thothomelang hanyenyane feela, mohl. saga ya ketane e kentsweng disebediswa tse kgahlano le ho thothomela
-        sebedisa tsela ya ho fapanela mosebetsi, moo ho hlokehang teng - kgefutsa ka dinako tse itseng
-        futhumatsa matsoho pele o sebetsa (mme a dule a futhumetse)
Maemo a lehodimo
Ho pepesetswa maemong a lehodimo, haholoholo letsatsing kapa mohatseleng o moholo ho ka ba kotsi. Hopola:
-        ha letsatsi le tjhesa haholo apara diaparo tse bobebe le katiba e lephephe le sephara - seka hlobola; tlotsa  setlolo se nang le sesireletsa letsatsi se matla lettlalong le otlwang ke mahlasedi a letsatsi.
-        Hlokomela dihloba, dihlokofele kapa ho fetoha mmala letlalong, Eya ngakeng ha o bona o hlaha dihloba, jj. di hlaha, di tswa madi kapa di le botsikinyane
-        apara diapara tse dumellanang le ha ho le metsi - ho koloba ho baka mokhohlane o mobe
Diphoofolo
Ho amana le diphoofolo ho ka baka bohloko bo bitswang zoonoses (bohloko bo fetang ho tswa phoofolong ho ya ho motho), mmoho le orf, ditlapedi, leptospirosis ho tswa dikgomong kapa ditwebeng. Matshwao a teng a fapana ho tswa ho bothata ba letlalo ho ya ho ho kang o tshwerwe ke flu e ka o kudisang nako e telele ha e sa phekolwe. 
-        Kamehla hlatswa diatla le matsoho haholo kamora ho tshwara diphoofolo kapa o sebetsa tulomo moo ho nang le ditweba
-        kwahela moo o nang le meseho le mengwapo ka dintho tse tlamellang tse sa tshabang metsi
-        apara diaparp tse sireletsang tse kang dihaneskuno, moo ho hlokehang teng.
Disebediswa/ mekedikedi e kotsi
Ho pepesetswa dikhemikhale tse kotsi, kapa disebediswa tse ding, mohlala, dibolaya dikokonyana, meriana ya diphoofolo, (ho kenyelletsa di dip tsa dikhutshwane), lerole, mesi, kapa dintho tse kang  seretse, mekedikedi e kang dikgwerekgwere kapa manyoro; ho hema mesi e tswang polasetiking e tjhang, kapa lerole le bang teng ha ha ho tloswa mabele, moitedi, mahlaka, jj; kapa ha o tshelwa ka ntho e bolayang dikokonyana kapa dipi ya dinku kaofela di ka baka ho kula.
Beng ba mesebetsi le batho ba itshebetsang ba tshwanetse ba nahane hore na bona kapa basebeletsi ba bona:
-        Ba lokela ho sebedisa kapa ho sebetsa ka sesebediswa seo
-        ba ka sebedisa ditshepe tsa boenjenere jwalo ka di splashboards, induction hoppers, kapa disebediswa tse ntshang lerole
Ka nako tse ding beng ba mesebetsi le batho ba itshebetsang ba tla tshwanela ho nehelana ka le ho nnetefatsa hore basebetsi ba sebedisa disebediswa tse sireletsang.
Ho tlaleha mahloko a amanang le mesebetsi
Mahloko a mang a bakwang ke mesebetsi a lokela ho tlalehwa Lefapheng la Mesebetsi. O ka nna wa kenwa ke bohloko boo o lokelang ho bo tlaleha ha o sebetsa ka:
Diphoofolo - mahloko a bitswang zoonotic a kang brucellosis, leptospirosis, lume kapa streptococcus suis, kapa tshwaetso efe feela e bakwang ke ho sebetsa ka diphoofolo
Sesebediswa se bolayang dikokonyana - tjhefo eo mo e tholang ha o sebetsa ka dihlahiswa tsa organophosphorus kapa methyl bromide
Disebediswa tsa tlhaho - asthma eo o e tholang mosebetsing leroleng la mabele kapa dikokonyana tse sebediswang bakeng sa ho tlosa dikokonyana tse ding ka tsela ya biology; matshwafo/masherumu ya rapolasi, matshwafo a basebetsi ho tswa dimoulding kapa masoba a tswang mabeleng, manyoro a mahlaka a nama ya thoteng; kapa tetanus
Disebediswa tse ding - dermatitis eo o e tholang mosebetsing e bakwang ke ha o sebetsa ka dimonyedi kapa dibolaya dikokonyana tse ding
Metjhini - ho tshwarwa ke ho thothomela ha seatla le letsoho ka baka la ho sebetsa ka disagaketane, di brush cutter, kapa disaga tse sedikadikwe tsa letsoho
Tlhahisoleseding e nngwe: 
Ho ka ikopanngwa le Bahlahlobi dikantorong tse latelang tsa Lefapha la Mesebetsi
