Bophelo bo botle le polokeho mosebetsing
temong le merung
Bophelo bo botle le polokeho
mosebetsing temong le merung
Selelekela
Dikotsi, ho lemala le ho kula di ka baka tshenyo maphelong le kgwebong. Ditharollo
hangata di bonolo hape ha di je tjhelete e ngata, mme batho bao e leng bona ba
loketseng hantle ho etsa dipolasi di bolokehe ke balemirui le basebetsi ba bona ba
mapolasing. Bophelo bo botle le polokeho ke e nngwe ya ditlhoko tsa motheo
bakeng sa kgwebo e ka bang le tswelopele polasing. Maiteko a mmuso o le mong a
ke ke a etsa mokga wa temo o bolokehe hape o be le bophelo bo botle, empa ho
mahetleng a bohle ba leng temong le ho karolong e batsi ya dijo hore ba be le
seabo.
Selemo le selemo batho ba bolawa ke mesebetsi ya temong le merung.
Ba bangata ba lemetse hampe mme ba kula dibakeng tseo ba sebetsang ho tsona.
Dikotsi le ho lemala ha di bake tshotlho ya motho feela, empa hape ho na le ditjeo
tsa ditjhelete tse bang teng tseo hara tse ding di kenyelletsang:
Tefello ya ho kula le ditjeo tsa ho thaotha/thupelo ya moifo o tla nka sebaka sa ba
bang
Tahlehelo ya tlhahiso
Ditjeo tsa tsamaiso  ho batlisisa ka ketsahalo, ho lokisa, jj.
Tshenyeho ya metjhini, meaho le dihlahiswa
Ditjeo tsa inshorense, ditjeo tsa molao le phatlalatso e batsi.
Ditjeo tsena tsohle di ka qojwa, mme hoo ho eketse diprofiti. Ka hoo sepheo sa
bukana ena ke ho o neha tlhahisoleseding e tla thusa boramesebetsi le
basebetsi temong le merung hore ho ntshetswe pele bophelo bo botle le
polokeho le ho shebana le dikotsi tsa bophelo bo botle tse amanang le
mosebetsi wa mokgeng ona. Bukana ena ha e shebe ditlhoko tsa molao
indastering. Tlhahisoleseding eo e ka fumanwa webosaeteng ya Lefapha la
Mesebetsi ho: www.labour.gov.za.
Ho laola bophelo bo botle, polokeho le tekolo ya kotsi
Ho laola bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ho tshwana le ho mekgwa ya
taolo e etsang bonnete ba hore dimela le diphoofolo di bolokwa di phetse hantle, di
ba le tlhahiso e hodimo mme di etsa hore o kgone ho tswela pele kgwebong.
Basebetsi ba tshwanela ho ba le bophelo bo botle mme ba sireletswe hore ba tle ba
sebetse hantle haholo mme ka mehla ba be teng mosebetsing
Mekgatlo yohle e hloka leano hore e tle e hlophise moralo wa yona wa mehato e tlilo
nkuwa mabapi le bophelo bo botle le polokeho, ka sepheo sa ho fihlela maemo a
amohelehileng sebakeng sa ho sebetsa. Hona ho lokela ho ngolwa fatshe, ho
lokiswe hantle boemong ba botsamaisi bo phahameng.
Leano le lokela:
Ho hlaka mabapi le polasi ya hao
Ho bolela maikemisetso a hao ka kakaretso mabapi le bophelo bo botle le
polokeho bakeng sa basebetsi ba hao. Ramosebetsi o lokela ho saena le ho
kenya mohla leanong ho bontsha ka ho hlaka maikemisetso a hae mabapi le
lona
Ho bontsha hore boikarabelo bohle ba bophelo bo botle le polokeho bo
mahetleng a hao jwalo ka ramosebetsi
Hlalosa mekgwa le ditshebetso tse leng teng bakeng sa ho netefatsa hore ho ba
le bophelo bo botle le polokeho bakeng sa basebetsi ba hao
Ho lekola botjha le nako le nako mme le boeletswe ha mokgatlo wa hao o fetoha
kapa ho hlaha dikotsi tse ntjha.
Tekolo ya kotsi
Ho hlwaya dikotsi le ho lekola menyetla e ka bang kotsi eo di e bakang ho
bohlokwa. Ntle le hore o tsebe hore ke dikotsi dife tse leng teng, le bonamo ba kotsi
boo di bo tlisang, o ke ke wa tseba hore na di batla ho laolwa kapa o ka ho etsa
jwang hoo.
Tekolo ya kotsi ke ho sheba ka hloko se ka bakang kotsi batho kgwebong ya hao, e
le hore o tle e kgone ho bona hore na o nkile di temoso tse lekaneng kapa o lokela
ho sebetsa le ho feta moo. Hang ho ba o etse qeto ka boemo ba kotsi, o lokela ho
kenya mehato e hlokehang ya thibelo le tshireletso.
Ho na le mehlodi e mengata ya dikeletso tse mabapi le tshebetso tse ntle tse seng
di hlahisitswe tse ka o thusang ha o etsa tekolo ya hao ya kotsi, empa o lokela ho
sebedisa tshebetso ena e hlakileng ya mehato e mehlano ho o thusa:
Mohato wa 1: Batlisisa ka kotsi
Sheba sebakeng sa ho sebetsa mme o bone ka moo batho ba sebetsang ka teng.
Hape lekola direkoto tsa diketsahalo tsa nakong e fetileng, dikotsi kapa mathata a
bophelo. Sepheo ke ho bona dikotsi tse kgolo tse ka bakang ho lemala ho hobe
haholo kapa tsa ama batho ba itseng.
Mohato wa 2: Hlwaya hore ke mang ya tla tswa kotsi le teng jwang
Hlwaya batho ba ka tswang kotsi, le teng e ka ba bakae. Ha o nahana ka jwang, o
se ke wa lebala dintho tse jwalo ka mosebetsi wa tlhokomelo, moo ho ka hlahang
dikotsi tse ntjha.
Mohato wa 3: Lekola dikotsi tse hlahang mathateng e be o nka mehato ya ho
di fokotsa kapa ho di laola
Lekola ka moo dikotsi tse ka tswang bothateng ka bong di ka laolwang hantle ka
teng.
Ditaolo di ka nna tsa ba tse lekaneng ka ho tshwanetseng kapa ho ka na ha ba le
monyetla wa ntlafatso ya dintho. Basebetsi hangata ba na le mehopolo e molemo,
ka ho ya ka mosebetsi oo ba o etsang letsatsi le letsatsi mme o lokela ho ba
kenyelletsa ha ho etswa diqeto mabapi le ditaolo tsa hao.
Mohato wa 4: Ngola diphumano tsa hao
Ka mora ho ba o etse qeto ya hore ke eng e lokelwang ho etsuwa, o lokela ho rera
hore hoo ho tla etsuwa jwang le teng neng. Ho ngola fatshe diphumano tsa hao ho
ka ho thusa ho etsa hona.
Mohato wa 5: Lekola hlahlobo ya hao e be o a e boeletsa ha ho hlokeha
O tla tshwanela ho lekola hlahlobo ya hao ha ho bile le phetoho e kgolo ho tsela eo
o sebetsang ka yona kapa ha o na le lebaka le etsang hore o nahane hore hoo ha
ho sa sebetsa.
Mathata a bophelo bo botle temong le merung
Ho sebetsa temong le merung ho ka ba le ditshoso bophelong ba basebetsi
tlasa mabaka a mangata, ho kenyelletswa le:
Ho teana le diphoofolo
Ho se sireletsehe kgahlanong le dikhemikhale tse kotsi kapa dintho tse ding
Sebopeho sa sebaka
Ho se sireletsehe maemong a lehodimo, lerata kapa ho thothomela.
Sebopeho sa mosebetsi
Ho tshwara merwalo e boima kapa ho sebetsa maemong a se nang botsitso ho
ka baka mathata masapong a mokokotlo le a sebopeho sa mmele. Hona ho
kenyelletsa mahlaba le bohloko matsohong le maotong, manonyeletsong kapa
mokokotlong ka baka la ho huleha ha mesifa.
Na wena o lokela ho etsang?
Qoba ho rwala merwalo e boima ha ho kgoneha kapa sebedisa mekgwa ya
mekhenikale
Sebedisa botekgeniki bo botle ba ho rwala dintho  beha maoto a hao boemong
bo botle, emisa mokokotlo wa hao o otlolohe, mme o etse hore morwalo o be
haufi le mmele wa hao
Etsa bonnete ba hore sebaka sa hao sa ho sebetsa se hlophisitswe hantle hore
dintho le dihlahiswa di fihlelwe ha bonolo ntle le ho otlolla mmele le ho leka ho
fetola mesebetsi kapa ho sutha ka tsela e tla etsa hore o sebedise mesifa e
fapaneng mmeleng
Ho tsamaiswa ha dimela kapa dipeo ka matsoho ho ya dibakeng tse hole ho
lokelwa ho qojwa ka ho ya ka moo ho ka kgonahalang ho sireletsa maphelo a
basebetsi.
Ho sebedisa metjhini ka polokeho
Dikotsi tse mpe haholo mapolasing di kenyelletsa metjhini. Tse ding di etsahala
hobane motjhini o sebedisitswe bakeng sa mosebetsi oo o sa o tshwanelang; tse
ding ka baka la hore ha ho a ka ha ba le mokgwa wa ho lebela kapa o tlohelletswe
feela. Ho tshwanetse hore ho be le mokgwa wa ho lekola sesebediswa seo sa
mosebetsi, ho kenyelletswa le metjhini, hore na e bolokehile hore e ka sebediswa.
Ha sesebediswa se sebediswa tlasa maemo a sa kgahliseng, sona se lokelwa ho
hlahlojwa kgafetsa ho bona tshenyeho e ka bakang kotsi, mme moo ho nang le
maemo a ikgethang a ka etsang hore ho se bolokehe ho sebedisa sesebediswa seo
ka polokeho.
Na ke eng eo o lokelang ho e etsa?
Etsa bonnete ba hore metjhini eo o e sebedisang e loketse mosebetsi
Metjhini yohle e ya hlokomelwa e le hore e tle e kgonwe ho sebediswa ka
polokeho
Metjhini e kentswe ditaelo tsa polokeho tse hlokehang ka hoya ka molao
Dithulosi tse sebedisitsweng bakeng sa ho lema difate di lokelwa ho ralwa
bakeng sa morero oo. Dithulosi tsa temo hangata ha di a tshwaneleha
bakeng sa ho lema difate
Mefeng ya dithulosi tsa ho lema difate e lokelwa ho ralwa ka mokgwa o tla
fokotsa phetiso ya motlakase ho ya letsohong ha bohale ba tsona bo otla
lejwe le patehileng kapa motso
Hlooho ya thulosi ya ho seha le ho arola e lokelwa ho lokiswa ka nepo e
tiiswe ho mofeng ka sesebediswa se sebetsang hantle haholo, mohlala,
wedge, rivet kapa bolt.
Ho reka kapa ho hira metjhini
Ha o reka kapa o hira metjhini molao o laela hore mofepedi o lokela ho fana ka
ditataiso tsa polokeho tse hlokehang. Etsa bonnete ba hore wena le basebetsi ba
hao:
Sebedisa metjhini ka ho ya ka ditaelo tseo ho fanweng ka tsona tse
tsamayang le yona
E ba le bolebedi bo sebetsang hantle haholo
Lekola disebediswa tsohle mme o lokise diphoso tsohle pele o ka e sebedisa
Lekola hore disebediswa tsohle tsa taolo di tshwauwe ho bontsha hore di etsa tsa
eng le hore ke motjhini ofe oo di o laolang, mme di radilwe le ho behwa ka tsela
eo o ke keng wa e sebedisa ka sewelo
Basebetsi ba rupellwa ho sebetsa ka polokeho mme ba fuwa le ho sebedisa
diaparo tse ba sireletsang ha ho hlokeha.
Tlhokomelo le ho thibolla
Kotsi tse ngata di hlaha ka metjhini ka nako ya tlhokomelo le thibollo ya yona.
Etsa bonnete ba hore:
Moifo o rupelletswe ka nepo ho etsa mosebetsi.Ho fanwe ka dithulosi tse
lekaneng le ditaelo bakeng sa tlhokomelo, ho lokisa, ho hlwekisa le ho thibolla
metjhin
Eneji e bolokilweng, mohlala, ho tswa methirieleng e hatelletsweng, di-spring
kapa di-hydraulics e tinngwe pele o qala ka mosebetsi
Hydraulic raised machines kapa dikarolo di thibelwa ho theohela tlase ka ho
sebedisa mekgwa ya mekheniki e jwalo ka di-stop kapa di-jacks ha batho ba
sebetsa ka tlasa tsona.
Dioporeitara tsohle di lokela ho etsa bonnete ba hore:
Di tseba ho emisa motjhini pele di ka e kgantsha
Hore ka mehla ba qala ka boemo bo nepahetseng
Mekgwa yohle ya bolebedi e a kengwa mme e sebetsa ka nepo
Tikoloho e potapotileng metjhini e sa sutheng e hlwekile, e makgethe mme ha
e na dintho tse sitisang
Suphavaesa e bolellwa hanghang ha motjhini o sa sebetse ka nepo
Ba kenya diaparo le disebediswa tse tshwanetseng tsa tshireletso.
O se ke:
Wa sebedisa metjhini ntle le ha o dumelletswe mme hape o rupelletswe ho
etsa jwalo
Wa leka ho tlosa dintho tse sitisang kapa wa thibolla kapa wa hlwekisa
motjhini ntle le haebe o ntshitswe polakeng mme o emisitse
Wa rwala diketang tse leketlang, diaparo tse kgwehlang, ditlelafo kapa direng
kapa wa ba le meriri e me telele e ka tshwarwang ke dikarolo tse tsamayang
Wa theoha terekereng e tsamayang kapa motjhini ofe kapa ofe o itsamaisang
Wa sitisa batho ba sebedisang metjhini.
Ho tshwara dipalangwang le disebediswa
Sesosa se seng sa ho lemala temong ke sa diterekere tse fetohang. Ho lemala
ho hobe haholo ke hona ho tlwaelehileng, mme diketsahalo di kenyelletsa
bakganni, le basebetsi ba bang le ditaaso. Diketsahalo tse ding di etsahala ha
batho ba tlohela dikoloi tsa bona ntle le ho etsa bonnete ba hore di ke ke tsa
sutha kapa tsa baka dikotsi ka mokgwa ofe kapa ofe.
Ka mehla lekola hore:
Bakganni ba rupelletswe ka nepo mme batho ba sa ananelwang ka molao ha
ba dumellwe ho kganna
Dikoloi le ditaaso ba arohanngwa moo ho kgonahalang
Merwalo e na le botsitso hape e tiile
Bakganni ba sireleditswe dintho tse wang
Bakganni ba boemong bo lokileng ba bophelo hore ba ka kganna
Dikoloi tsa hao kapa metjhini efe kapa efe e nang le basebetsi ba e palamang
kapa ba sebetsang ho yona e lokelwa ho kengwa dibopeho tsa tshireletso
Dinotlolo di behwe sebakeng se bolokehileng ha dikoloi di sa sebetse.
Tshebetso tsa ho phahamisa
Rera ka nepo mme o hlophise hore ho be le lift, o sebedisa disebediswa tse
tshwanetseng le batho ba nang le bokgoni ba ho fokotsa dikotsi. Etsa bonnete ba
hore:
Disebediswa tsohle tse phahamisang dintho di hlahlojwe ka botlalo ke motho ya
nang le bokgoni
Merwalo e bolokehileng ya ho sebetsa e tshwauwe sesebedisweng sa ho
phahamisa dintho. O se ke wa feta morwalo oo wa ho sebetsa
Ditshupo tse bontshang hore morwalo o se o fetile tekano metjhining di lokela ho
sebetsa hantle
Ha o kganna, di-fore loader di be boemong bophahameng ha di se na letho, mme
di be tlase ha di tletse, ntle le moo hona ho ka bakang kotsi, mohlala, mebileng
ya setjhaba.
Lerata le ho thothomela
Ho se sireletseha lerateng le leholo ho ka baka tshenyo ya saruri ya ho utlwa,
hangata ntle le hore motho ya etsahallwang ke hona a tsebe ka hoo ho fihlela ho
feta nako e telele hoo ho ka bakang tinnitus kapa botsebetutu.
Fokotsa ho se sireletsehe lerateng:
Kgetha metjhini kapa tshebetso tse thotseng ha o kgetha mekgwa ya tlhahiso
kapa metjhini e metjha
Kwahela metjhini kapa tshebetso tse lerata ka diphanele tsa ho fokotsa modumo
kapa di kenye ka diphaposing tse ka thoko
Fokotsa nako ya ho se sireletseha ka ho tjhentjha mosebetsi
Moo ho se sireletseha ho fihlang ho 90 dB kapa ka hodimo ho moo, tshwaya
dibaka tsena ka dikarolo tseo o lokelang ho sireletsa ditsebe ka matshwao a
bontshang hore ho lokelwa ho kengwa disebediswa tse sireletswa ditsebe le ho
etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong ya kenang dikarolong tsena o
kenya sesireletsi.
Ho thothomela
Ho thothomela ho iphetang hangata kapa ho nkang nako e telele ho bakwang ke ho
sebedisa dithulosi tse thothomelang tse jwalo ka di-chainsaw, di-brush cutter kapa
di-grinder di ka baka hand-arm vibration syndrome  sehlopha sa malwetse se
kenyelletsang ho senyeha ha vibration white finger, methapokutlo, mesifa kapa
manonyeletso. Matshwao a temoso a kenyelletsa ho tjhwatjhwasela kapa ho shwa
bohatsu menwaneng, menwana e tjhentjha e ba mesweu tlasa maemo a batang
kapa a mongobo, ho latele ho opa le ho fubela.
Ho kganna diterekere kapa metjhini e meng e itsamaisang ho ka etsa mmele hore o
thothomele kapa o tshisinyeho ya ho tshoha e amanang le mokokotlo o bohloko ka
mokgwa o sa feleng kapa lehlaba nokeng le lengweleng. Matshwao a temoso a
kenyelletsa lehlaba le ho tiya ha mokokotlo, noka kapa lengwele ka mora ho sebetsa
ka terekere.
Ke eng eo o ka e etsang?
Sebedisa motjhini o nepahetseng bakeng sa mosebetsi
Boloka sesebediswa se le boemong bo nepahetseng, mohlala, disebediswa
tse kgahlanong le ho thothomela tse kengwang ho di-chainsaw
Sebedisa sebaka sa bodulo sa terekere kaofela ha sona mmoho le di-suspension
adjustment
Tsamaya ka lebelo le tshwanetseng bakeng sa maemo a fatshe, mme o qobe
mekoti e tseleng, jj.
Bakeng sa ho qoba tshenyo potolohong ya ao ya madi, methapokutlong, mesifeng le
masapong a matsohong le diphakeng ka baka la ho thothomela ha matsoho le
diphaka:
Rera mesebetsi e tla qoba ho sebedisa dithulosi tse thothomelang
Kgetha dithulosi tse nang le boemo bo tlase ba ho thothomela
Sebedisa mokgwa wa ho fetofetola mosebetsi moo ho kgonahalang mme o be le
kgefutso tsa nako le nako
Futhumatsa matsoho pele o sebetsa mme o a boloke a futhumetse.
Maemo a lehodimo
Ho se sireletsehe boemong ba lehodimo, haholoholo mahlaseding a letsatsi kapa
mohatseleng o moholo ho ka ba kotsi.
Seo o lokelang ho se etsa:
Maemong a lehodimo a nang le letsatsi apara diaparo tse bofefo le katiba e
etsang moriti o moholo
O se ke wa hlobola, tlotsa sunscreen ya mokgwa o hodimo letlalong le sa
sireletsehang
Hlokomela di-mole, dihlokofele kapa ho fela mmala ha letlalo. Bona ngaka ya hao
ha di-mole, jj. di hola, di tswa madi kapa di hlohlona
Diaparo tsa ho sebetsa di lokelwa ho hlahiswa ka methiriele e bolokang mmele
ya basebetsi e omme hape e na le themperetjhara e amohelehileng. Bakeng sa
mosebetsi tlelaemeteng e tjhesang le e ommeng, ho tshwanetswe hore ho
sebediswe diaparo tse tshwanetseng ho qoba thermal insulation e hodimo le ho
dumella phefomoloho
Ho tshwanetswe hore ho fanwe ka diaparo tsa tshireletso moo ho nang le kotsi
ya UV radiation kapa dikotsi tsa bayoloji, tse jwalo ka dimela, diphoofolo le
tshwaetso tse nang le tjhefo.
Diphoofolo
Ho teana le diphoofolo ho ka baka di-zoonoses (malwetse a fetiswang ho tswa
diphoofolong ho ya bathong). Di-micro-organism (diphedi tse nyenyane) tse jwalo ka
baktheria, divaerase, dinwamadi le fungi di ka baka ho kula ka ho tshwaetsa mmele
ha di ka hengwa, tsa kengwa kapa ha di ka kena letlalong. Matshwao a fapana ho
tswa ho mathata a letlalo ho ya maemong a ho qala a tshwanang le a mokakallane
a ka bakang ho kula hwa nako e telele ha ho sa alashwe.
Na nka etsang bakeng sa ho fokotsa kotsi?
Fokotsa kotsi ya tshwaetso ka ho boloka mohlape o phetse hantle. O entswe ha
ho hlokeha
Etsa bonnete ba hore o ba le bohlweki bo tshwanetseng. Ka mehla hlapa
matsoho pele o ja, o nwa kapa o tsuba
Kenya diaparo tse tshwanetseng tsa tshireletso tse jwalo ka diovarolo ha o
sebetsa ka diphoofolo, haholoholo ha di kula, le ditlelafo le apron e sa
keneng metsi haebe mohlomong o tshwara methiriele e tshwaeditsweng e
jwalo ka dihlahiswa tsa peleho
Kwahela meseho le mengwapo yohle ka sesebediswa se sa keneng metsi.
Dintho tse ka bang kotsi
Ho se sireletsehe dikhemikhale tse kotsi kapa dintho tse ding, mohlala,
dibolaya-disenyi, meriana ya diphoofolo (ho kenyelletsa le didipi tsa dinku), lerole,
mosi kapa methiriele e jwalo ka motswako o metsi wa seretse, letsopa le laeme,
seretse sa diswiritjhi kapa menontsha, ho hema mosi e tswang polasetiking e tukang
kapa lerole le bakilweng ke koro e tsamaiswang, menontsha, mahlaka, fufu, ho
teana le motswako o metsi wa seretse, letsopa le laeme, moitedi, jj.; kapa ho
tshelwa ke dibolaya-disenyi kapa dipi ya dinku; tsena tsohle di ka baka ho kula.
Matshwao a temoso a kenyelletsa:
Ho tjhwatjhwasela/ho ba metsi ha mahlo le nko
Dinko tse thibaneng
Mmetso o bohloko
Ho kgohlola kapa ho se be le sekgohlola
Mesifa e bohloko kapa feberu ka mora ho sebetsa ka furu e bodileng
Bothata ba ho hema
Ho tiya ha sefuba ka nako ya ho sebetsa, ka mora ho sebetsa kapa ha o ntse o
etsa boikwetliso boo ka tlwaelo o kgonang ho bo etsa
Ho hema ka mokgwa o makgerehlwa.
Matshwao ana a ka ba a nako e kgutshwane ka nako ya mosebetsi kapa a ka
mpefala a nke nako e telele ho fihlela a ba boemong boo a hlahang ka mehla.
A ka qalwa le ke ho se sireletsehe ho honyenyane haholo nthong e itseng e ka
se utlwaneng le mmele wa hao, kapa a tsoloswa ke ntho e itseng. Ha o tsuba,
ha wa sireletseha hape dinthong tsena mme o ka na wa hlaha mathata a mabe
haholo a sefuba.
Ho bohlokwa ho itshireletsa wena le basebetsi ba hao. Qoba ho
hema dintho tse kotsi ka:
Ho sebedisa dintho tse ding moo ho kgonahalang
Ho fetohela methirieleng e nang le lerole le tlase, mohlala, di-granule/di-pellet
Ho kwahela mehlodi ya lerole kapa ho e nyanyatsa
Ho sebedisa vacuum spillage ho ena le ho fiela sebedisa filter e sebetsang
ka mokgwa o hodimo haholo.
Fokotsa palo eo o e hemang ka ho:
Ho sebedisa exhaust ventilation ya mona hae, mohlala ha o tjhesetsa
Ho sebedisa di-filter tse sebetsang hantle haholo diterekereng/di-vehicle cab
Ho boloka di-filter di ntse di latela ditlhoko tsa mohlahisi
Ho ntlafatsa kenomoya meahong
Ho kenya disebediswa tse sebetsang hantle haholo tsa tshireletso ya
phefomoloho. Etsa bonnete ba hore o sebedisa mask e tshwanetseng kapa
respirator bakeng sa lerole, di-vapour kapa di-aerosol.
Di-mask le di-respirator di lokelwa hore ka mehla di bolokwe sebakeng se
hlwekileng hape se ommeng  o se ke wa di aneha dihukung kapa dipekereng
dibakeng tse ditshila, hape tse lerole.
Ha o sebedisa meriana ya diphoofolo, ka mehla:
Hlatswa metsi a tshelang letlalo le diaparo ka potlako, mme o hlape pele o ja,
o nwa kapa o tsuba. O se ke wa sebetsa ka hara diphoofolo tse sa tswa
sebetswa haebe o ka silafatswa
Latela mehato efe kapa efe ya tshohanyetso e kgothaletswang ke mohlahisi,
mohlala, ka meento e nang le oli
Latela ditaelo tsa leibole, haholoholo tse amanang le PPE
Tlaleha diketsahalo tsohle tse belaelwang e le tsa tjhefo hore ho tle ho etswe
dipatlisiso tse felletseng ka tsona.
Ho tshwara le ho lema dimela tse sebeditsweng ka dikhemikhale
Bakeng sa ho tshwara le ho lema difate tse sebeditsweng ka dikhemikhale
tse kotsi pele ho fela bokotsi ba tsona, boramesebetsi ba lokela ho fana 
mme basebetsi bona ba sebedise  disebediswa tse sireletsang bona ka
seqo
Dimela tse sebeditsweng ka dikhemikhale di lokelwa ho tshwarwa ka hloko
ho fokotsa tshilafatso ya motho ka seqo. Di lokelwa ho kengwa dipakaneng
mme di tsamaiswe ho iswa sebakeng sa mosebetsi ka tsela e tla etsa hore
dimela tseo di fihlelwe ha bonolo, bakeng sa ho etsa hore ho kgonahale ho
qoba ho tshwara dimela hangata ho feta ka moo ho hlokehang
Mekotla ya ho lema kapa marapo kapa ditshelo tse ding bakeng sa ho
tsamaisa dimela tse sebeditsweng sebakeng sa ho sebetsa di lokelwa ho
hlwekiswa ka ho ntshwa le ho hlatswa letsatsi le letsatsi.
Polokeho le thekolohelo sebakeng sa ho sebetsa
Ho lemala ho hongata temong le merung ho tla ka baka la ho thella, ho kgopeha le
ho wa. Lekola hore dibaka tsa ho sebetsa ha di na dintho tse bakang tshitiso, tse
jwalo ka dikheibole tse sa kwahelwang, mekotla kapa di-pallet le hore ho na le
sebaka se lekaneng sa ho beha dithulosi le disebediswa. Boloka meaho ya hao e le
maemong a lokileng, o etse bonnete ba hore difuluru ha di na dintho tse ngata ho
feta tekano, haholo dibaka tsa ho fepela kapa meaho ya kgale.
Fokotsa kotsi ya ho wa, ho kgopeha le ho thella. O lokela ho fana ka
ho latelang:
Di-handrail ditepising le di-ramp moo ho hlokehang
Foro e sebetsang hantle haholo ya metsi tshebetsong tse metsi tse jwalo ka tsa
moo ho hlatsuwang meroho kapa tsa dihlahisweng tsa lebese
Kganya e lekaneng hape e tshwanetseng
Themperetjhara e lekaneng le mokgwa wa ho kenya le ho ntsha moya ho
kenyelletswa le moya o foreshe dibakeng tsa ho sebetsang tse ka hare
Matshwao a polokeho moo ho nang le kotsi e kgolo ya bophelo bo botle le
polokeho ka mora ho ba o nke mehato ya taolo e hlwauweng ke tekolo ya hao ya
dikotsi.
Thuso ya pele le pholoso ya tshohanyetso
Hobane e le ntho e tlwaelehileng hore basebetsi ba temong le merung ba
sebetse ka dihlopha tse nyenyane dibakeng tse arohaneng, mosebetsi ka mong
o lokelwa ho rupellwa ka thuso ya pele ya motheo. Thupelo ena e lokela
kenyelletsa kalafo ya maqeba a bulehileng le ho pholosa motho. Dibakeng tseo
ho tsona mosebetsi o kenyelletsang kotsi ya ho taha ke dikhemikhale kapa mosi,
dinoha, ho longwa ke dikokonyana kapa sekgo, kapa dikotsi tse ding tse
ikgethang, thuso ya pele e lokelwa ho neha le ba bang ka mokgwa o
tshwanetseng ka therisano le motho ya nang le mangolo a tshwanetseng kapa
mokgatlo
Ho tshwanetse hore ho be le mabokoso a thuso ya pele a bolokilweng hantle
sebakeng sa ho sebetsa mme a lokelwa ho sireletswa kgahlanong le tshilafatso
ya mongobo kapa matlakala
Ho tshwanetswe hore ho etswe ditlhophiso bakeng sa ho ntshwa ka potlako ha
motho a ka lemala kapa a kula moo ho hlokehang thuso ya bongaka
Ho tshwanetse hore ho be le sepalangwang kapa mokgwa wa dikgokahano
sebakeng sa ho sebetsa hore ho tle ho kgonwe ho iteanya le ba ditshebeletso
tsa pholoso tlasa maemo a tshohanyetso.
Dibaka tsa ho itlhatswa
Kotsi ya ho kula ka baka la dintho tse kotsi le ka baka la manyoro kapa dihlahiswa
tsa diphoofolo tse nang le diphedi tse nyenyane tse kotsi. Ha o na le mosebetsi wa
dinako tsohle, wa nakwana, wa dihla tse itseng, fana ka dibaka tsa ho phomola tse
kenyelletsang:
Matlwana a hlwekileng, hape a kenyang moya hantle
Dikotlo tsa ho hlapela tse nang le metsi a tjhesang le a batang, sesepa le dithaole
kapa motjhini o omisang matsoho)
Dibaka tse nyenyane tsa ho hlapela kapa tsa ho phumola matsoho bakeng sa
basebetsi ba sebetsang hole le dibaka tsa ho hlapela
Ho tjhentjha dibaka moo ho aparwang diaparo tse ikgethang
Phepelo ya metsi a hlwekileng a ho nwa (a tshwauwe ho a hlwaya ho tswa
phepelong e nngwe ya metsi a sa noweng).
Ho tlaleha malwetse a amanang le mosebetsi
Malwetse a mang a bakwang ke mosebetsi a lokelwa ho tlalehwa Lefapheng la
Mesebetsi. O ka kenwa ke bolwetse bo ka tlalehwang ha o sebetsa ka:
Diphoofolo  malwetse a zoonotic a jwalo ka brucellosis, leptospirosis, bolwetse
ba lyme kapa streptococcus suis, kapa tshwaetso efe kapa efe e nngwe e
amanang le ho sebetsa ka diphoofolo
Diboaya disenyi  tjhefo e bakwang ke organophosphorus compounds kapa
methyl bromide
Dintho tsa tlhaho  asema ya mosebetsing e bakwang ke lerole la koro kapa
dikokonyana tse sebediswang bakeng sa ho laola disenyi ka mokgwa wa
bayoloji; lung/mushroom compost ya rapolasi kapa tetanus
Dintho tse ding  occupational dermatitis (bolwetse ba letlalo) ho tswa
mosebetsing o kenyelletsang ho se sireletsehe dihlapholling tsa dikhemikale
solvents) kapa meriana ya ho hlwekisa (disinfectants)
Metjhini  bolwetse ba ho thothomela matsohong ho bakwang ke mosebetsi ka
di-chainsaw, di-brush cutter kapa di-hand-fed circular saws.
Ha o batla ho tseba haholwanyane re kopa hore o iteanye le ba setsi se haufi le
wena sa mesebetsi kapa ofisi ya provinse:
Contact details
Provincial Offices of the Department of Labour
Eastern Cape
Aliwal North Tel: (051) 633 2633
Butterworth Tel: (047) 491 0656
Cradock Tel: (048) 881 3010
East London Tel: (043) 702 7500
Fort Beaufort Tel: (046) 645 4686
Graaf-Reinet Tel: (049) 892 2142
Grahamstown Tel: (046) 622 2104
King Williams Tel: (043) 643 4756
Town
Lusikisiki Tel: (039) 253 1996
Maclear Tel: (045) 932 1424
Mdantsane Tel: (043) 761 3151
Mount Ayliff Tel: (039) 254 0282
Mthatha Tel: (047) 501 5600
Port Elizabeth Tel: (041) 506 5000
Queenstown Tel: (045) 807 5400
Uitenhage Tel: (041) 992 4627
Free State
Bethlehem Tel: (058) 303 5293
Bloemfontein Tel: (051) 505 6215
Botshabelo Tel: (051) 534 3789
Ficksburg Tel: (051) 933 2299
Harrismith Tel: (058) 623 2977
Kroonstad Tel: (056) 215 1812
Petrusburg Tel: (053) 574 0932
Phuthaditjhaba Tel: (058) 713 0373
Sasolburg Tel: (016) 970 3200
Welkom Tel: (057) 391 0200
Zastron Tel: (051) 673 1471
Gauteng North
Atteridgeville Tel: (012) 386 5116
Bronkhorstspruit Tel: (013) 932 0197
Garankuwa Tel: (012) 702 4525
Krugersdorp Tel: (011) 955 4420
Mamelodi Tel: (012) 805 5090
Pretoria Tel: (012) 309 5050
Randfontein Tel: (011) 693 3618
Soshanguve Tel: (012) 799 7400
Temba Tel: (012) 717 9500
Gauteng South
Alberton Tel: (011) 861 6130
Benoni Tel: (011) 747 9601
Boksburg Tel: (011) 898 3340
Brakpan Tel: (011) 744 9000
Carletonville Tel: (018) 788 3281
Germiston Tel: (011) 345 6300
Johannesburg Tel: (011) 497 3000
Kempton Park Tel: (011) 975 9301
Nigel Tel: (011) 814 7095
Randburg Tel: (011) 781 8144
Roodepoort Tel: (011) 766 2000
Sandton Tel: (011) 444 7631
Sebokeng Tel: (016) 988 2626
Soweto Tel: (011) 939 1200
Springs Tel: (011) 365 3700
Vanderbijlpark Tel: (016) 981 0280
Vereeniging Tel: (016) 430 0000
KwaZulu-Natal
Dundee Tel: (034) 212 3147
Durban Tel: (031) 336 1500
Estcourt Tel: (036) 352 2161
Kokstad Tel: (039) 727 2140
Ladysmith Tel: (036) 638 1900
Newcastle Tel: (034) 312 6038
Eastern Cape
East London Tel: (043) 701 3000
Free State
Bloemfontein Tel: (051) 505 6200
Gauteng North
Pretoria Tel: (012) 309 5000
Gauteng South
Johannesburg Tel: (011) 497 3222
KwaZulu-Natal
Durban Tel: (031) 366 2000
Limpopo
Polokwane Tel: (015) 290 1744
Mpumalanga
Witbank Tel: (013) 655 8700
North West
Mmabatho Tel: (018) 387 8100
Northern Cape
Kimberley Tel: (053) 838 1500
Western Cape
Cape Town Tel: (021) 441 8000
Labour Centres of the Department of Labour
Pietermaritzburg Tel: (033) 341 5300
Pinetown Tel: (031) 701 7740
Port Shepstone Tel: (039) 682 2406
Prospecton Tel: (031) 913 9700
Richards Bay Tel: (035) 780 8700
Richmond Tel: (033) 212 2768
Stanger Tel: (032) 551 4291
Ulundi Tel: (035) 879 1439
Verulam Tel: (032) 541 5600
Vryheid Tel: (034) 980 8820
Limpopo
Giyani Tel: (015) 812 9041
Jane Furse Tel: (013) 265 7210
Lebowakgomo Tel: (015) 633 9360
Lephalale Tel: (014) 763 2162
Makhado Tel: (015) 516 0207
Modimolle Tel: (014) 717 1046
Mokopani Tel: (015) 491 5973
Phalaborwa Tel: (015) 781 5114
Polokwane Tel: (015) 299 5000
Seshego Tel: (015) 223 7020
Thohoyandou Tel: (015) 960 1300
Tzaneen Tel: (015) 306 2600
Mpumalanga
Baberton Tel: (013) 712 3066
Bethal Tel: (017) 647 5212
Carolina Tel: (017) 843 1077
Eerstehoek Tel: (017) 883 2414
eMalahleni Tel: (013) 653 3800
Witbank
Ermelo Tel: (017) 819 7632
Groblersdal Tel: (013) 262 3150
Kwamhlanga Tel: (013) 947 3173
KaMhlushwa Tel: (013) 785 0010
Lydenburg Tel: (013) 235 2368
Middelburg Tel: (013) 283 3600
Nelspruit Tel: (013) 753 2844
Piet Retief Tel: (017) 826 1883
Sabie Tel: (013) 764 2105
Secunda Tel: (017) 631 2594
Standerton Tel: (017) 712 1351
Volksrust Tel: (017) 735 2994
Northern Cape
Calvinia Tel: (027) 341 1280
De Aar Tel: (053) 631 0952
Kimberley Tel: (053) 838 1500
Kuruman Tel: (053) 712 3952
Postmasburg Tel: (053) 313 0641
Springbok Tel: (027) 718 1058
Upington Tel: (054) 331 1752
North West
Brits Tel: (012) 252 3068
Christiana Tel: (053) 441 2120
Klerksdorp Tel: (018) 464 8700
Lichtenburg Tel: (018) 632 4323
Mafikeng Tel: (018) 381 1010
Mogwase Tel: (014) 555 5693
Potchefstroom Tel: (018) 297 5100
Rustenburg Tel: (014) 592 8214
Taung Tel: (053) 994 1710
Vryburg Tel: (053) 927 5221
Western Cape
Beaufort West Tel: (023) 414 3427
Bellville Tel: (021) 941 7000
Cape Town Tel: (021) 468 5500
George Tel: (044) 801 1201
Knysna Tel: (044) 382 3150
Mitchells Plain Tel: (021) 376 1771
Mossel Bay Tel: (044) 691 1140
Oudtshoorn Tel: (044) 272 4370
Paarl Tel: (021) 872 2020
Somerset West Tel: (021) 852 2535
Vredenburg Tel: (022) 715 1627
Worcester Tel: (023) 347 0152
Sesotho, Layout and design by the Design Studio, Chief Directorate of Communication,
Department of Labour. Website: www.labour.gov.za