Tumellano ya tsa Bophelo bo
Botle le Polokeho Mosebetsing
Rona, ba sebedisanang setjhabeng, Mmuso, Mokgatlo wa
Basebetsi le Mokgatlo wa Borakgwebo re phatlalatsa hore:
Mmoho tshebedisanong ya rona, re tla phehella ho fihlela maemo ana a amohelehileng
a latelang:
ho ba le tikoloho ya ho sebetsa e nang le bophelo bo botle le polokeho
ho hlahisa mekgwa e metle haholo e tla latelwa mabapi le tsa bophelo bo botle le polokeho mosebetsing
ho fedisa diketsahalo le dikotsi tse hlahang dibakeng tseo re sebetsang ho tsona.
Re ikamahanya le ho amohela metheo e kenyelleditsweng ho
ILO Convention 155 le ILO Convention 176. Re itlama ho:
latela metheo ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing e kenyelleditsweng Biling ya Ditokelo
ho kenya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing ditshebetsong le maanong ohle a kgwebo
ho etsa hore bophelo bo botle le polokeho mosebetsing e be yona tsela ya bophelo
ho ntshetsa pele temoso ka tsa bophelo bo botle le polokeho mosebetsing
hlahisa melao, melawana le ditaelo tse tla etsa hore ho kgonwe ho shebana le bophelo bo botle le polokeho mosebetsing
ho ntlafatsa dikamano tsa mekgatlo e meraro tse tla tswela bohle molemo naheng ya habo rona
ho latela ditlhoko tsa melao ya bophelo bo botle le polokeho mosebetsing
ho rupella basebetsi le batsamaisi ka mekgwa e bolokehileng ya ho sebetsa
ho bopa moralo wa setheo o tla sebetsa hantle haholo mabapi le tsa bophelo bo bottle le polokeho mosebetsing.
Re boela re itlama hore re tla sebetsa mmoho ka mokgwa o molemo, ho tsa bophelo bo botle le polokeho mosebetsing
Mmuso		 Mokgatlo wa Basebetsi		 Mokgatlo wa Borakgwebo
