Ho thwe taba ya ho emela matlo a DiRDP nako e telele e tla fihla pheletsong

Baahi ba Diyuniti tsa R le S tsa lekeishene la Lebowakgomo, Limpopo, ba bang ba bona esale ba emetse matlo a Lenaneo la Tlhabollo le Ntshetsopele esale ho tloha ka 1996, ba tla bona ntlha eo ya ho ema nako e telele bakeng sa bodulo e fihla pheletsong. 

Sena se latela phuputso ka Ofisi ya Mohlokomedi wa Setjhaba ka ho hloleha ha Lefapha la Puso ya Selehae le Phano ya Matlo la Limpopo ho nka boikarabelo ba lona ba ho haha matlo a DiRDP bakeng sa setjhaba sena.

Taba ena e tlisitswe ke lekhanselara la selehae Ofising ya Mosireletsi wa Setjhaba, Mong. Frans Letwaba mme yena o ne a emetse baahi.

Batletlebi ba rometse kopo bakeng sa ditheolelo tsa matlo dilemong tsena tsa 1996 ho fihla ho 2006. Lefapha le ile la amohela dikopo tsa bona tlasa lenaneo la ditheolelo le bitswang Porojeke e Hokahantsweng ya Ditheolelo (Project Linked Subsidy.) 

Porojeke e ne e fuwe khamphani e bitswang COMDEV, e hlolehileng ho haha matlo kapa ho fana ka disebediswa tsa ho haha.  Ho ile ha sibollwa hore matlo a mang a hahuwe karolwana e itseng fela mme ba bang ba tshwanetsweng ke melemo ba fuwa halofo ya  disebediswa tsa ho haha fela.

Monyenyetsi ke hore Lefapha le hlolehile ho haha matlo kapa ho fana ka disebediswa tsa ho haha ho batletlebi hore ba tle ba hahe matlo a bona.

Phuputso ya Ofisi ya Mohlokomedi wa Setjhaba e fumane hore dikopo tsa batletlebi bakeng sa ditheolelo tsa matlo di amohetswe ho tloha ka 1997 ho fihla ka 2006.

Batletlebi ba bang ba entse qeto ya ho ikahela matlo ka ditjhelete tsa bona empa ba bang ba qeteletse ho haha matlo a bona a sa qetellwang ka disebediswa tsa bona.

Mohlokomedi wa Setjhaba o sisinya hore Lefapha le tlamehile ho haha matlo bakeng sa bohle ba tshwanelwang ke melemo bao dikopo tsa bona di amohetsweng ka la kapa pele ho 2006.

Lefapha le tlamehile ho qetella ho haha matlo a nyahladitsweng mme le fe bohle ba entseng dikopo ebile ba tshwanetsweng ke melemo disebediswa tsa ho haha. 

Ho sisintswe ho ya pele hore Lefapha le thuse batletlebi ba qadileng ho ikahela matlo a bona empa ba sa kgona ho a qetella; hape le boele le lefe batletlebi bohle ba ikahetseng matlo ntle le thuso ya Lefapha kamora hore ba amohelwe e le ba tshwanetsweng ke molemo oo.



