LEFAPHA LA THUTO LA GAUTENG
SESOTHO PUO YA TLATSETSO BOEMO BO MAHARENG (Pampiri ya Pele)
MATSHWAO:80
DITAELO:
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A, B le C.
Nomora dipotso ka nepo.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
KAROLO YA A
TEKOKUTLWISISO POTSO 1
Bala seratswana se latelang o tle o tsebe ho araba dipotso.
Hobaneng ha re sebetsa? Ha ke ntse ke etsa dipatlisiso ke fumana hore batho ba diperesente tsemashome a robedi ba sebetsahoba ba tlameha ho lefadikoloto, ba reke dijole ho patalla bana dikolong. Ho tshosang ka ho fetisisa ke palo ya batho ba bangata ba batlang mesebetsi, lebaka e le hore ba kgone ho phela. Nahana Mantaha lefatshengla rona ka bopharadimiliyone tsa batho ba tsohang hoba ba tshwanetse ho ya sebetsa. Diketekete tsa batho di romela mangolo a boitsebiso ka sepheo sa ho batla mesebetsi. Ba tshwanetse ho sebetsa hoba babatla ho phela. Ebe ho sebetsa hona kehoreo tshwanetse kapa o batla ho sebetsa, kapa ke hona ho hopoladiketekete tsa batho tse theohelang. Ho batla ho sebetsa kapa ho tshwanela ho sebetsa ke ntho tse pedi tse fapaneng. Ha re batla ho sebetsa re etsa ntho eo re e kgethileng mme re tla ba batho ba ratang mosebetsi wa rona, ba kgannwang ke lerato la ho sebetsa ho na le tshabo. Ha re ne re tlamehile re kgannelwa ke tshabo, tshabo ya ditlamorao tsa ho etsa mosebetsi oo re tla o etsa ka bokgabane kapa tjhe. Haeba re sebetsa hoba re tlamehile re kgona ho ipopela bophelo bo botle.
Re tshwanela ho nahana ka ditholwana tsa thuto e molemo eo re ka ipopelang yona ha re le mosebetsing. Mosebetsi o re fa sebaka sa ho hlahisa bokgoni ba rona, le dintho tsohle kapa tsona ditalente tseo re nang le tsona.
Re kgone hape le ho buisana le batho. Ntho e kgolo ka ho fetisisa ke ho ba le thabo le kgotsofalo ya hore mosebetsing re amohelehile. Bohlokwa ba taba ke hore re tsohe hoseng rebontsha bophelo mmere sebetsehoba rebatla, e seng hoba re tlamehile. Ka tsela ena re tla una molemo wa matlotlo, mme re kgone ho ntshetsa moruo wa naha ya habo rona pele. Re tla kgona le ho phehisana le mafatshe a mang a moruo o matla. Leha re batla eka re a fokola re ka se fokole jwalo ka mafatshe a hare ho Afrika moo ho renang mebuso ya mmusanotshi.
E hlophisitswe botjha ho tswa ho WORKPLACE ya la 17 Tlhakubele 2004
Hobaneng ha batho ba bangata ba batla mosebetsi? 
Ke eng se etsahalang ka Mantaha hoseng naheng ya habo rona? 
Fana ka tlhaloso ya ho batla kapa ho tshwanela ho sebetsa ho ya ka tse bolelwang seratswaneng. 2x2= 
Ho thwe tshabo e tliswa ke eng? 
Ngola ntho tse PEDI tseo re ithutang tsona ha re sebetsa. 2x2= 
Ka ntle le tse ngotsweng mona mosebetsi o re thusa ka eng? 
Ke sefeng se re tlisetsang thabo mosebetsing? 
Re etsa eng ka matlotlo ao re a fumanang ha re sebetsa? 
moruo 
Mona ho thwe ho na le mafatshe a fokolang ka ekonomi, ha o nahana lebaka ebe ke lefe? 
Bolela lefatshe le le leng le nang le ekonomi e matla. 
Mongodi o bolela hore ho nale batho ba ntseng babatla mesebetsi. Ha o ne o le letona la tsa mesebetsi o ne o tla etsang ho hlahisetsa batho menyetla ya mesebetsi? 
Hobaneng ha batho ba bang ba sa bone molemo wa ho sebetsa le ha ba kgola kapa ba fumana moputso? 
Fana ka ditlhoko tse tharo tseo motho e mong le e mong ya phelang lefatsheng, ya sebetsang kapa a sa sebetse a tlamehang ho ba le tsona. 1x3= 
MATSHWAO A KAROLO YA A: [35]
KAROLO YA B
POTSO 2
Bala seratswana se ka tlase ka hloko o nto se akaretsa ka ho ngola dintlha tse supileng tsabohlokwa. Sebedisa mantswe a hao ho akaretsaseratswana sena. O se ke wa se qotsa se le jwalo.
Molao ona o reng 50/50 o bolela hore monna le mosadi ba tlameha ho jara boikarabelo ka ho lekana malapeng. Bathoba bangata haba utlwisise hore na o sebetsa jwang. Batho ba o sebedisa ho iketsetsa ka moo ba ratang ka teng ka balekanebabona. O boima haholo ha o tla tabeng tsa ho abelana hore mang o tla jara boikarabelo bofe. Kajeno lena malapeng a mangata ho sebetsabomme, bontate ha basebetse. Sena ha se kgone ho amohelwa hantle ke bontate. Basadi ba fetoha mahlatsipa a tlhekefetso. O tla fumana ba mathisitswe le masiu ke banna bana ba sa itshepeng. Basadi ba bang bona ba tlaleha horebanna ba nka meputso ya bona ka kgang. Lebakaele hore monna a fumane tjhelete ya horekakwae le jwala motsheare. Ka nako tse ding ha bana ba sietswe dijo ka sehatsetsing, o tla di ja mme ha bana ba tswa sekolong ba kgahlanyetswa ke masapo a setseng. Banna ba bang ba jwetsa basadi ba bona hore ha ba na boikgethelo ba tlamehile ho etsa tsohle kamalapeng; dijo, diaparo ba be ba tshele le dikoloi tseo ba sa di palameng mafura.
Monna wa sebele ke ya utlwelang mosadi wa hae bohloko. O hlwekisa ka lapeng, a phehe ho thusa mosadi wa hae ya tla kgutla a kgathetse mosebetsing. Ba bang ba sa rutehangbafola difemeng. Ba rutehilengba romela mangolo a bona a boitsebiso le ho tlanya dikhomputara ho leka ka hohle ho fumana mosebetsi. Ha monna a etsa jwalo, mosadi o a kgothala mme ho phelwa ha monate ka lapeng.
MATSHWAO A KAROLO YA B: [10]
KAROLO YA C
TSHEBEDISO YA PUO POTSO 3
O itshetlehile hodima Qotso A le Qotso B araba dipotso tse latelang.
Qotso A
Qotso B
Motjhine o ne o se turu empa o robeha ka nako tsohle.
Mohlomong re ne re tshwanetse ho lefa tjhelete e ngata ho reka motjhine o betere o sa robeheng kgafetsa
Onto ena e kgolo haholo bakeng sa kgwebo ya rona. Ho nka dibeke tse pedi ho etsa disebediswa tsa letsopa tse lekanang ho tlatsa onto. Onto ena e ne e le theko e hodimo mme e sebedisa motlakase o mongata.
(a) Ngola makgethi a MABEDIa fapaneng ho tswa diqotsong. 
Bala polelo e latelang ebe o e ngola kamoo o laetsweng Mohlomong re ne re tshwanetse ho lefa tjhelete e ngata.
Isa polelo ena bonngweng. 
E qale ka lebotsi na. 
E fetolele ho lekgathe letlang. 
E qale ka mantswe ana: tjhelete e ngata. 
Lefa ke lentswe le nang le meelelo e mengata. Sebedisa lefa ho bopa dipolelo tse PEDI tse fapaneng ho bontsha meelelo e fapaneng. 1x2= 
Ngololla leakaretsi o be o le sebedise ho bopa poleloyahao. 
Fana ka maemedi a tshwanetseng mantswe ana a sehelletsweng mola.
Onto ena e kgolo haholo. 
Ho nka dibeke tse pedi hore ke etse dinkgo tsa letsopa 
Bala polelo ena: Onto ena e kgolo haholo.
Isa polelo ena ho lekgathe lefetile. 
Fetolelo polelo ena ho temekiso ya tatolo / kganyetso 
Qala polelo ena ka mantswe ana E kgolo... 
Isa polelo ena bongateng 
Nyenyefatsa mantswe ana tjhelete le betere mme o a sebedise dipolelong. 2x2= 
Ngola mahlalosonngwe a mantswe a latelang:
Motjhine o turu 
Tshwanetse 
Ho tswa polelong ena: Re tshwanetse ho lefa tjhelete e ngata ho reka motjhini: sebedisa reka e le leetsisileleetsetsi dipolelong tse pedi tse fapaneng 
Sebedisa makopanyi ana mme, empa ho kopanya dipolelo tsena.
Ke a ja. Ha ke kgore. 
Ke llile. Ke thabile. 
Bala polelo ena, Onto ena e kgolo haholo. Sebedisa kgolo e bontsha nyenyefatso polelong. 
Ngola polelo ena e le temekisong ya tumelo; Motjhini ona o ne o se turu 
Hodimo ke lentswe le ka sebetsang e le lehlalosi kapa lebitso. Le sebedise polelong ya hao e le lebitso. 
Fetolela leetsi "sebedisa" ho maetsi matso a latelang a maetsi.
3.14.2 Leetsani boetsuwa 
MATSHWAO A KAROLO YA C: [35]
QETELO
