BOEMO BO PHAHAMENG (Pampiri ya Pele) NAKO: dihora tse 2 MATSHWAO : 80
DITAELO:
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A, B, C.
Nomora dipotso ka nepo.
Fana ka mosebetsi o makgethe.
KAROLO YA A
TEKOKUTLWISISO POTSO 1
Bala seratswana se latelang o ntano araba dipotso tse tla latela:
Ke a tshepa hore kaofela re hlokomela hore dithethefatsi di senya le ho bolaya ba di sebedisang. Re tshwanela le ho hopola hape hore tshenyo ha e felle mono. Ba phelang lephofuena ya dithethefatsi le bonabaameha ka tsela eo batho ba bang ba sa e nahaneng. Dithethefatsi tsena di bitswa ka mabitso ohle, "bococaine, Ecstasy, LSD, le ka boHeroin. "Mohlomong di mabitsomonate empa tsona di a bolaya ebile ha di na molemo."
Ha e mong wa baleloko e eba lehlatsipa la dithethefatsi, beng ka yena ba a mo tenehela, ba lahla tshepomme ba qetella ba se ba sena tabale yena ho hang. Ho bonolo ho lahla e mong wa leloko la hao ha a se a sa kgone ho phela ntle le dithethefatsi hoba le bona ba mehlolo hle; ba ya utswa, ba leshano, ba hlokafatsa batho ebile ba kenya batho ba bang tsietsing tseo ba sa tsebeng le hore na ba tla tswa jwang. Re lebala ntlha e le nngwe, ya hore le bona e ntse e le batho ba hlokang thuso le tshehetso jwaloka mang le mang. Mohlomong lebona kamoso, ba tla thusa batho ba bang, le hona ho sebedisana le basepolesa le setjhaba ho ba bontsha kotsi ya dithethefatsi le hona ho tshwarisa ba di rekisang.
Dingaka di dumela hore motho ya tsubang dithethefatsi o ka mo nyonya kapa hona ho mo hloela lefu, etswe ha di tsamaye di le ding thethefatsi tsena. Di ka tsamaisana le hore motho a senyehelwe kemosebetsi, di theola seriti hape le ba o potapotileng ha ba sa o tshepa, ebile ba a o kgesa.
Tlhekefetso ya maikutlo le tshenyo ya tjhelete e bakwang ke batho ba tsubang dithethefatsi ke etshabehang. Tshotleho, lehloyo, tshabo, kgalefole ho tlalellana, di a pakellana, e be hona ho etsa hore o se ratwe ka lapeng. Nakong eo ba lekang hore motho ya jwalo a thuswe le bona ba ntse ba hloka thuso ka ha ba amehile maikutlo ha bohloko. Ho na le dihlopha tsa thuso tse jwaloka "Nar-Aron" le Al-ano" tsonadi thusa malapaa utlwilengbohloko kabaka la horeemongwa leloko ke phofu ya dithethefatsi. Ba etsa sena ka kgopolo le tshepo ya hore ya batlelwang thuso o tla kgothala ha a bona ba mo thusang le bona ba batla thuso.
Ho qoba ho phetha tshebediso ya dithethefatsi, thuto e tshwanetse ho fuwa batho bohle mabapi le kotsi ya ho di sebedisa. Baetapele setjhabeng jwaloka baruti, mesuwe, dingaka le bona bomalomebaka thusa ho fetola bophelo ba motho ya ineheletseng. Haeba motho asa fetohe, bohle baithaopileng homo thusaba hopole dintlha tsena tse tharo:, o ka se laole tsela tsa motho hoba ha se wena ya entseng dithethefatsi mme o keke wa kgona ho fodisa motho ya ineheletseng. Thuso ya pele e tswa ho motho, ke hore botebong ba pelo ya hae. Tabataba ke ena, ha re ba feng lerato le tshehetso hle!
Ngola kotsi tse PEDI tse bakwang ke tshebediso ya dithethefatsi. 
Hobanengho babonolo holahla kapa ho nyahlatsa motho ya tsubang dithethefatsi? (Fana ka ntlha tse PEDI) 
Ke thuso efe eo batho ba tsubangdithethefatsi ba e hlokang? 
Hlalosa hore hobaneng o ka nyonya motho ya laolwang ke tshebediso ya dithethefatsi. 
Ngola mefuta e MMEDIya tlhekefetso e bakwang ke diphofu tsadithethefatsiho ba malapa a bona. 
Mefuta ena ya tlhekefetso e hlahella ka tsela tse jwang, ngola tse THARO. 
Ngola dihlophatse PEDI tsa thuso tseoba leloko ba ka sebedisanang le tsona. 
Ke ka mabaka afe mekgatlo ena e mmedi e ileng ya thehwa. Ngola a9mabedi. 
Ho qoba tshebediso ya dithethefatsi setjhabeng ke mehato efe e MMEDI eo re ka e nkang 
Matsapa ao re ka a nkang re le setjhaba ho thusa ba sebedisang dithethefatsi ke afe? 
Fana ka ntlha tse THARO tseo e leng sesupo sa hore motho o tsuba dithethefatsi. 
Ha ho ne ho ena le motho ya tsubang kapa hona ho sebedisa dithethefatsi haeno, o ne o tla mo thusa jwang? 
Ngola ditlamorao tse PEDI tse bakwang ke ho tsuba dithethefatsi. 
Ngola mefuta e MMEDI ya dithethefatsi eo bana ba sekolo ba e tsubang. 
Ke sefe se bohlokwa se tshwanelwang ho etswa haeba motho a tsebana le ba bang ba rekisang dithethefatsi, tshehetsa karabo ya hao. 
MATSHWAO A KAROLO YA A: [35]
POTSO 2
Akaretsa seratswana se latelang ka dintlha tse supileng tsa bohlokwa. Mantswe ao o a sebesisitseng a se fete Ngola ka mokgwa wa seratswana mme o bontshe palo ya mantswe a sebedisitsweng qetellong ya seratswana.
Moshanyana e mong o ne a hlola a mametse letsatsi lohle manesekolong, haholo thutong e mona e bitswang "Biology" mme sehlopha sa haesebalakarolong ya dinoha. Titjhere ya be e le motho ya nehilweng ho hlalosa taba hantle, seo a se rutwang se be se bonwa ke barutwana ba hae."Dinoha tsa mofuta wa tlhware ha di lome ebile hadi na mahloko a fumanwang ho bomarabe. Ke nthohadi tse botenya ba sefate, tse bolelele ba maoto a ka bang mashome a mabedi ha di hodile. Diatisa ho fumanwa merung di ithatile difateng moo diphoofolo di fetang le teng ha di ya metsing. Phoofolo e iphetelang ka tlasa sefate e tshoha ntho e se e ithata ka yona, ebaee bjabjaretsa masapo, e ntanoe kwenya e ntse e le jwalo" Titjhere a qetellaabontshitse sehlopha sa hae setshwantshosekang sea phela sa tlhware e ahlame Dithutong tseding moshanyana o ne a reo mametse a tshoha ase abona setshwantsho sane sa tlhware. Le moo ho dutsweng lapeng ka phirimanepele ho uwa matlong, o ne a sa lebale thuto ya motsheare sekolong. Ha a robetse bosiu lapeng ke eo a lora a haola meruemetala ya naha ya Natala. Mooakgokgonang ka tlasa difate ha a re mahlo, a bona ntho a thatoloha butle sefateng e se e mo tonetse mahlo a sa panyeng, e bile e ntse e itatswatatswa. Ao, a hana ho bona ntho e mpe, moshanyana a di bona matswele ho eketsanaha pakeng tsa hae le sera. Ka ho tshaba makala a difate, a kgokgona ka tlasa se seng,le leng la ona la hana ka yena, Yare ha a hetla hape a fumana hore jwale ke yena kapa ke noha. A ithutla a ba a re fatshe po! ka dimpa. A be a se a le teng monga meru e metala. Moshemane a re kapelong, le kgale ka ho nalo, a be a se a e rahile ebile a hlabilemokgosi.Mme wee-ee a hweletsa a tshohile.A tsoha ka yona nako eo.
E tswa ho Meqoqo ya phirimana -J.G. Mocoancoeng
MATSHWAO A KAROLO YA B: [10]
KAROLO YA C
TSHEBEDISO YA PUO POTSO 3
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse itshetlehileng ho sona.
Lefatsheng le leng le leholo ho ne ho busa morena e mong ya bohale. Eitse katsatsi le leng ha a tshwanela ho etsa mokete wa letsatsi la hae la tswalo, a rera ho mema batho bohleba lefatshe la hae. E mong le e mong o ne a tshwanela ho fumana mokotlana o tletseng tjhelete. Naheng eo yohle, batho ba itokisetsa ho ya moketeng. E ne e le mafutsana, bakudi, bana ba lapileng, nka mpa ka re batho ba mefuta yohle.
Qolla lekgetholli ho tswa seratswaneng. 
Sebedisa lekgetholli leno ho bopa polelo ya hao. 
Qolla lekgethi ho tswa seratswaneng o be o hlalose hore ke la mofuta ofe. 
Qolla polelo e nang le leamanyi o be o sehelle leamanyi leno mola. 
3.6.1 Qolla lebitso le le leng le nyenyefaditsweng, o be o bope polelo e bongateng ka lebitso leo. 
Qoholla lekopanyi, mme o le ngole. 
Sebedisa lekopanyi leno polelong ya hao. 
Sebedisa polelo ena ho araba dipotso tse latelang: Naheng eo yohle, batho ba itokisetsa ho ya moketeng.
Isa polelo ho lekgathelefetile. 
Ngola polelo ena e le ho sekaotlwaelo. 
E ngole e le tatolong. 
Qala poleloena hape, empa o sebedisa lebotsi Na. 
Qolla lesupi mme o le sebedise polelong ya hao le sebetsa le lebitso ho matlafatsa polelo. 
Lentswe lena "busa" le meelelo e mengata. Le sebedisa ho bopa polelo tse PEDI tse nang le meelelo e fapaneng. 
Bala polelo ena A rera ho mema batho bohle ba lefatshe la hae.
E ngole hape o qale ka leakaretsi e le moetsi polelong. 
Sebedisa leetsi mema ho bopa maetsi matso a latelang, o be o a sebedise dipoleleng tsa hao.
leetsaki 
Ngololla polelo ena feela o sebedise leemedi sebakeng sa lebitso "batho" 
Ngola lelatodi la lentswe lena "morena" mme o le sebedise polelong eo e leng ya hao. 
Bopa maele ka lentswe lena morena. MATSHWAO A KAROLO YA C: [35] MATSHWAO KAOFELA: 80
QETELO
