Pampiri ya Boraro NAKO: dihora tse 2 MATSHWAO: 80
DITAELO:
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO e leng A, B le C.
Karolo A araba potso e le nngwe, Karolo B araba potso e le nngwe ho tswa potsong ka nngwe ebe ho Karolo C o araba potso e le nngwe feela.
Karolo ya C ho botsitswe dibuka tse pedi, kgetha buka e le NNGWE feela mme o arabe potso e le NNGWE ho yona.
Bala dipotso kaofela ka hloko pele o qala ho ngola.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka dipotso tsa tsona.
KAROLO YA A
MEQOQO POTSO 1
Hao tshaba, otshabe motswalle. Tiisa kapao hanane le taba ena.
Dilemo tse leshome tsa demokrasinaheng ya rona. Qoqa ka dintle le melemo e tlisitsweng ke demokrasi Afrika Borwa.
Dithethefatsi di ka senya talenta kapa bophelo ba batho. Tebisa maikutlo a hao ka taba ena.
Thelevishene ke sera kapa motswalle wa bana. Hlakisa dintle le dimpe tsa yona baneng ba rona.
Sehloho sa ho se tsebe.
MATSHWAO A KAROLO YA A: [30]
Phetla
KAROLO YA B DITEMA
POTSO 2
Ngolla motswalle wa hao lengolo o mo tsebise ka moo o leng maswabi ka teng ha o sa ka wa finyella moketeng wa letsatsi la hae la tswalo.
KAPA
Ngolla majoro wa motse wa heno lengolo o tletlebe ka matlakala a tletseng diterateng mmoho le dipeipi tse dutlang tse tsamaisang dikgwerekgwere.
KAPA
Sebolelo: Mme, ke na le taba eo ke batlang ho o bolella yona. Thabiso o re o a nyala. Mmasebolelo: Eng? O bua ka letlakala leo la letahwa? Ntshetsa puisano ena pele. 
POTSO 3
Kgetha e le NNGWE feela ho tse tharo tse latelang. Bolelele ba karabo ya hao bo se fete leqephe le le LENG.
O moetapele wa sehlopha sa basebetsi lebenkeleng le leng la diaparo mme ho na le diaparo tse senyehilengtse sa lokelang ho rekiswa. Ngolla basebetsi memorantamo o ba hlokomedisang phoso ena le hore ba kgutlisetse diaparotse jwalo setorong hanghang.
KAPA
Malomao o hlokahetse. Re kopa hore o mo etsetse obitjhuari. (pale ya bophelo ba mofu)
KAPA
O mongodi wa sekolo se phahameng. Ngola tsebiso e yang ho mesuwe kaofela ya sekolo oetsebise ka kopano e tlang ho ba teng. O se ke wa lebala lenanetsamaiso. 
MATSHWAO A KAROLO YA B: [30]
Phetla
KAROLO YA C
DITSHOMO LE TSA SETSO POTSO 4
Bala diqotso tse latelang ebe o araba dipotso.
Tshomo ke mofuta wa ditaba o tshwanang haholo le pale. Ditaba tsa teng di atisa ho ba tsa nnete, tse etsahetseng kgalekgale setjhabeng seo di qoqwang ho sona, mme ba di phetang baa di kgolwa. Ke ditaba tse mabapi lebodumedi, boloi, bongaka, jwalojwalo. Tse ding ke mehlolo, ha tse ding di hlalosa tshimoloho ya lefatshe, bophelo, kapa lefu, mme tse ding tsona di bontsha matla a bomodimo.
Fana ka mehlala e MENE ya ditshomo. 
Sepheo sa ho ruta ditshomo ke sefe? Fana ka dintlha tse HLANO feela. 
Nako eo ditshomo di phetwang ka yona ke efe; hona hobaneng? 
Fana ka seabo sa baphetwa ba latelang tshomong:
a Moetapele 2
b Mohanyetsi 2
c Moqabanyi 2
Ngola mokgabiso o le MONG o fumanwang tshomong. 
Mokwallo/Pheletso ya tshomo ke efe? 
Bala qotso mme o rabe dipotso tse e latelang.
Qotso A
Dithoko, ha mmoho le ditshomo, ke yona mekgwa ya pele ya ho bolela ditaba tsa bophelo le bosetjhaba ba Basotho. Le ha ho lejwalo, mekgwaena e fapane haholo. Ho roka ke ho bokotsa kapa ho rekenetsa kapa ho rorisa motho kapa phoofolo, kapa ntho, kapa ketsahalo e hapileng seroki maikutlo. Ka nako tse ding ke tsa ho soma le ho nyefola se sa rateheng setjhabeng. Ke ka baka leo dithoko di atisang ho ba boiqapelo ba nako le motsotso, ho ya ka moo seroki se susumetsehang ka teng.
Bolela mefuta e MEHLANO ya dithoko tsa boholoholo o be o bolele hore di ne di etswa ke bomang, tlasa maemo afe a ditaba? 
Phetla
Qotso B
Boithabiso bo boholo ba banna ba sa leng batjha mme ba le matla, ha mmoho le bahlankana, e ne e le mohobelo...
Fana ka dikarolo tsa mohobelo, o be o hlalose karolo ka nngwe. 
POTSO 5
Bala diqotso tse latelang ebe o araba dipotso.
Qotso A
Hoba dintho tseetsahalang ka hlahlobong, ngwaneso, ke tse ding letsona. O a kena mme o simolla ho lwana, hobane ke ntwa ya nnetennete. Ha dipotso di shebane le wena mohlomong o a bososela, hobane o tseba yona palo e hlokehang feela. Mohlomong ho lefifi, ho re tsho! Mofufutso o thunya phatleng mona le ha e le mariha, ho bata. Horeo yentle le hamohlomong o ne o ile teng pele o eso kene ka hlahlobong-o a thalatsa, o sheba kwanalekwana. Qetellong o a inehela.
Mohlomong o tseba dipotso kaofela hoo o sitwang ho kgetha. Ho feta metsotso o sa tsebe na o tla etsa jwang. O a qala. O a behisa. Na ekaba bolekehadi bola bo beilweng mona bo ntse bo tshwere nako, kapa qheku lela le dutsengpelabona le ntse le bo sotha hobane lona le se le hopotse ho ya hae!
Nehelana ka sehlooho sa moqoqo ona. 
Motho ya ngolang hlahlobo o bososediswa ke eng? 
Hobaneng motho ya yang hlahlobong a eba le letswalo? 
Bolekehadi boo ho buuwang ka bona ke eng? 
Pele motho a qala ho ngola hlahlobo, ke eng se etsang hore a rapele? 
Dihlahlobo tseo motho a kopanang le tsona ke dife? 
Bophelong hlahlobo ya ho qetela e bitswang? 
Phetla
Qotso B
Ho thata ho hloka metswalle. Nka hla ka re, ka dinako tsohle re ntse re ena le metswalle le ha mohlomong e ye e ke hae yo ka nako tse ding.
Ngwaneso, ha o hlaha lefatsheng lena o fihla o se o ntse o ena lemetswalle e o lebelletseng, e thabang ha o fihla, e didietsang,etshelang ntatao ka metsikapa e mo shapang ho beha hore o fihlile. O a holahola, o a kgasa, o a tsamaya..., ha o kgase o lemong, o kgasa lemoshanyana kapa ngwananyana wa ntlo e bapileng le yeno, kapa le motswalao. O hlaha mahlo mme o iphumana e se e le metswalle ya hao.
Le a hola kaofela. Le utswa mahe, le thuha difenstere, le utswa diperekisi...Le a tshwarwa, le a shapuwa. Nako e ntse e tswela pele. Ka le leng la matsatsi le romelwa sekolong. Le yateng kaphatlatse benyang,ka meomo e hlatswitsweng, maoto a kutleditsweng,dihempe tse konopetswenghantle; e, le onamatlapa a hlatswitsweng hantle ao le ilo takaka hodima ona.
Ke eng se etsang hore ho hloka metswalle ho be thata? 
Ho etswang ha ngwana a hlahile? 
Ke bofe bohlokwa ba hore ntata ngwana a tshelwe ka metsi kapa a shatjwe ha ngwana a hlahile? 
o hlaha mahlo5.1.11 Mongodi o bolelang ka " ..." 
KAPA
Meqoqong e hlahellang bukeng ena ho hlahella setaele se itseng sa bongodi. Qoqa ka setaele seo o itshetlehile hodima tse latelang:
Mokgwa oo mongodi a hlahisang ditaba tsa hae ka wona o a ikgetha. Qoqa ka tse latelang ho hlalosa bongodi ba hae.
Setaele Kgatikelo ya ditokelo tsa basadi Karaburetso ya pono 
MATSHWAO A KAROLO YA C: [20]
QETELO
