BOEMO BO MAHARENG (Pampiri ya Bobedi) NAKO: dihora tse 2 MATSHWAO: 75
DITAELO:
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, A, B le C.
O botsitswe potso tse tharo tse tswang bukeng tse tharo tse balletsweng gerata ena.
Karolo ya A, araba potso tse PEDI feela. Karolo ya B le karolo ya C, araba potso e le NNGWE feela ho tswa karolong ka nngwe.
Ha o arabile potso ya tse kgutswanyane ho karolo ya B, tiisa hore o araba ya moqoqo karolong ya C, kapa ha o arabile potso ya moqoqo karolong ya B,araba potso tse kgutshwanyane karolong ya C.
Nomora dipotsotsa hao ka nepo o be o fane ka mosebetsi o makgethe.
KAROLO YA A
DITHOTHOKISO Araba dipotso tse PEDI feela karolong ena. POTSO1
Bala ditema tse latelang o nto araba dipotso:
Ha ho nang ke ineetse,
Thuso ke tla e hlaha,
Motjeko o hlo qalehe,
Mang tsohong la wa hae,
Ka mona ntho tsa etsahala,
Ha se nna elwa le Duduzile,
Tsoho la e mong ho lae mong,
Ho se ya boleletsenge mong,
Dintho tsa mpa tsa itlhopisa. 10
Ha ho potang maikutlo a ka ohle
A hapilwe ke mohaladitwe ona,
Wa ya wa ya dikela kayona,
Boitelo ke se ntekaneng, 15
Ha ho uweng pele e se morao.
Hobaneng seroki se tshwantsha Dududzile le mohaladitwe? (½)
Qolla mantswe a hlahisang mohopolo wa seroki ka Duduzile. 
Wa ya wa ya dikela ka yonaSeroki se bolelang ha se re: ? 
Qolla mela moo ho hlahellang mekgabiso ya thothokiso e latelang:
Sehalo se sebedisitsweng mona ke sa mofuta ofe? Tiisa karabo ya hao ka mabaka. 
Lefitori la ngwetsi Tsohle di thabetse ho kgatholoha Ho tliswang ke lefitori le lephatswana, Sello se mpa se hlaha ho mora sehwai, Mosebetsi o ne a hlophisitse o mongata, A sa tsebe ha lefitori le kgaola nako. 5
Lefitori le phutha bohlaswa ba ngwetsi, Athe le thabisa difofane le dikgoba, Dihlokaboya di fumana ho kasirela, Bohlaswa le bofeela bo apolwa ke letsatsi, Botle le bobe qoleng ya lefitori la ngwetsi. 10
Hlalosa hore hobaneng sehwai se rata motsheare ho feta bosiu. Fana ka ntlha tse PEDI. 
Hlahisa dintho tse PEDI tse apeswang ke lefitori. Hlalosa hore sena se etsahala jwang. 
Fana ka lelatodi la sekgoba o be o hlahise hore batho bana ba babedi ba fapane jwang. Sebedisa mohopolo o hlahellang thothokisong. 
dihlokaboya 1.2.4 Qoqa ka phetapheto e hlahellang meleng ya 9 le 10 o be o fane ka mofuta wa yona. 1.2.5 Seroki se bolelang ka . Bala ditema tse latelang o nto araba dipotso tse botsitsweng: [12½] (½)
Kajeno ke kajeno Enwa mmopi o letsoho bo! Tsa hae dintho o di hlophisitse, Karohanyo ya bosiu le motsheare Ke ha e tswala phetoho ya nako; E taolong ya hae nako, o a e kganna, Ha e kgutlele morao, e ya pele, Ha e kgelohe ka thato ya motho, Kajeno ke kajeno, ha se maobane, Ha se maoba, isao kapa ngwahola, Kajeno ke kajeno. Maobane e ne e le motswadi wa kgotso, Kopano e kopane le kgutso le ntjapedi, Pitsana e pidikwe e le tshwao la kopano, Lebiding lena ho kgabile tataisano, Le nna mofutsana ke le mpanaphatloha, Ke le wa batho, batho e le ba heso, Letswalo le ntsha seboko ka mehla, E ntse le: Motho ke motho ka batho, Molebong re le mekopu e kgomaretseng, Kajeno raka le shwetswe ke molebo, Kajeno ke kajeno. 5 10 15 20
1.3.2 Qolla mela moo ho sebedisitsweng mekgabo ya thothokiso e latelang o be o bolele hore hobaneng o realo: (a) kgefutsohare (b) molatswelli (c) phetapheto (d) neeletsano Hlalosa mantswe a latelang o be o bolele hore a amana jwang le molaetsa wa thothokiso: (a) Ntjapedi (b) Mpanaphatloha 
Phetapheto e hlahellang qetellong ya mola e sebediseditsweng thothokisong ee? [12½] (½)
Bala ditema tse latelang hore o tle o arabe dipotso tse botsitsweng:
Kajeno re apotswe tsohle re tsotse, Bohlaswa bo hlobodisitswe, Bohlaswa bo beilwe pepeneneng, Ke ba podi, mmamesa poeyana, Re senotswe, re lahlehetswe; Lekang matsapa ohle ho kgutlisa Botho ba rona, re felle, re tene, Botho ba rona bo apeswe kobo. 5
Ke bua le wena, ngwana ntate, Mmamele, o akofe nako e dumela. 10
Mphe semeremere le tshea ke tene, Ntho ena e merokoroko e ntsieditse, E a nkimela, e mpolaisa motjheso, Nka thethana ke ena, o pate bofeela, Mesehoseho ena e o tsieditse, E o rona o fellwe ke bosotho; Nthwese kola sa lebollo, ke rutehe, Hoba se tshehetsa botho le tlhompho. 15
Manolla thothokiso ena o hlahise bonono ba mongodi ka ho bontsha ka moo a sebedisitseng tse latelang ka teng:
a b c d Molathothokiso Sehalo Dikapuo Mantswe 2 2 2 2
Seroki se re botho ba motho bo botjwa keng? Fana ka tse PEDI. 
Mosebetsi wa lehlaso temeng tsena ke ofe? 
Ebe ha o tswa lebollong o tla o rutehile? Hlalosa. (1½)
KAROLO YA B
TSHWANTSHISO
POTSO 2
Karolong ena hobotsitswedipotso tse PEDI, kgetha e le NNGWE feela mme o arabe yona. Ha okgethile potso yamoqoqo karolong ena, karolong ya C otlameha ho kgetha potso tse kgutshwanyane, kapa ha o kgetha potso tse kgutshwanyane karolong ya B, o tla araba potso ya moqoqo karolong ya C.
Leru Le Lefubedu - T.W.D. Mohapi
O botsitswe potso tse pedi, araba e le NNGWE feela:
Bala puisano e latelang o nto araba dipotso:
Rapolasi wa 1 : Ee, empa ntho e makatsang jwale ke hore, yena morena eo; Moshweshwe, o sa tswa hana moedi oo o entsweng ka mekolokotwane.
Rapolasi wa 111 : O batlang jwale?
Rapolasi wa 1 : O re yena eo taba ha a e kene o ne a le siyo mohlang oo.
Rapolasi wa 111 : Le a e bona he taba ya hodula majwana le batho ba sa rutehang. Ke re naha ena ke ya rona. Athe baruti ba ka moo ha hae ba tla phethisa neng mmomori wa rona. Ka mehla ke ditshepiso, ditshepiso feela.
Rapolasi wa 11 : Ba re tshepisitse hore ba tla hlokomela hore ba tla re thusa ho hapa naha ena, empa ha ho nko ho tswa lemina.
Rapolasi wa 1 : Bano bona mosebetsi ba tla o pheta empa rona ka mona re nne re e lwane. Banna, re hleng re hlahise maikutlo ana kopanong e tlang. Baruti ke ba madia rona, ha re ba tshehetseng. Moshweshwe ke a utlwa o se a le motheong, kolobetso e haufi.
Ke dife tsela tseo baruti ba neng ba ka di sebedisa ho thusa boRapolasi ho hapa naha ya Basotho? Fana ka tse THARO feela. 
Mohopolo o hlahellang qotsong ena o bakwa keng? 
Ha o bona Moshweshwe hobaneng a ne a se na thahasello ya ho sebedisana le Maburu? Fana ka ntlha tse PEDI. 
Hobaneng boRapolasi ba ne ba dumela hore baruti ba tla ba thusa? 
Mothating ona maemo a ditaba e ne e se e le a mofuta ofe ka Lesotho? Fana ka ntlha tse PEDI. 
KAPA 2.1.6 BoRapolasi ba na le seabo sefe kgolong ya diketsahalo tsa tshwantshiso ee? Bontsha ka moo ba ammeng bophelo ba Basotho ka teng. 2.1.7 Hlakisa pheletso ya Maburu tshwantshisong ena o be o fane ka maikutlo a bona. 2.1.8 Rapolasi wa pele o na le tshepo ebile o dumela hore ba tla atleha. Batho ba mofuta ona ba atisa ho fetola maemo a ditaba jwang? Bala puisano e latelang o nto araba dipotso. [25] 
Makwanyane : Basotho! Theang tsebe le mamele. Lesang ho nna le hlwepetsa nako e ile. Lesang ho ingamangama, shebang pele. Re betletswe tsela ho setse feela hore re e hlaolele. Re sietswe naha ke ya rona, ha re e lemeng re kgore. Morena o re sebeleditse. Ke nnete re se re kgaodisana Mohokare, empa eo taba re tla e lokisa, meloko e tla e lwanela ho ya ho ile. Morena Moshweshwe o re sietse kgotso, o re sietse pula, o re sietse nala. Leru le aparetse Lesotho, empa leru le lefubedu re le hlotse. Tsamaya ka kgotso...Moshweshwe!
2.2.2 MATSHWAO A KAROLO YA B: Ngola moqoqo o hlahise seabo sa Moshweshwe naheng ya hae boitekong ba ho tlisa kgotso setjhabeng. Moqoqo wa hao o hlahise dintlha tse ka bang robedi. Hangata Moshweshwe ha a ne a tsielehile, o ne a dula a le mong ebe o thuisa ditaba tsa hae. Puonotshi tsa Moshweshwe di ne di bakwa keng? Qoqa hakgutshwanyane. [25] 
KAROLO YA C
PALE POTSO 3 O se ke wa lebala taelo tsa ho kgetha dipotso.
Bala seratswana se latelang o nto araba dipotso tse botsitsweng.
Taba ya bana bana, le ha dihlakanahloohwana di ne di rata ho tsamaya di e hafaka, e ne e le pinyane eobaneng ba sa rateha batho ba baholo ba e tseba.Esita le sebakasena seo ba neng ba kopanetse ho sona se ne se se mahlong a motse. Ka bobedi ba bona ba ne ba tlohile hae ba matahantse morero wa kopano ya bona le mabaka a utlwahalang.
Kgabareng, Dibakiso a ema moo a nenga ntsea dutseteng, a atamela pela moratuwa wa hae. Jwale ba bua ba lekolana difahleho ka mahlo atotetswengke lerato. Puisanong ena,eo ba neng ba e etsa ka mantswe a bonolo bo hlollang, ha fihlamotsotso wa kgutso, ha thola ha re tu! Leratanyana le utlwahalang e ne e le la mmino o monatenate wa dinonyana, le modidietsane o mosesane wa metsi tlaase mane nokaneng feela qha.
Bapisa diketso tsa Kgama nakong ena eo a neng a ratana le Dibakiso le nakong eo a neng a utlwana le Sentebaleng ka yona. Fana ka phapang tse THARO feela. 
Ke dife dintho tseo Dibakiso a neng a di etsa ho supa hore o rata Kgama? Hlahisa tse PEDI. 
Hlahisa diteko tse NNE feela tseo lerato la Kgama le Dibakiso di fetileng ho tsona. 
Hlahisa bokgoni ba mongodi ba ho hlalosa tikoloho qotsong ena. 
Ebe bobedi bo ne bo tseba moo bo yang ka lerato la bona? Hlalosa. 
Dibakiso e ne e le ngwanana ya tsitsitseng bothong ba hae. Hlahisa ketso tse PEDI tse pakang sena. 
Ke sefe seabo sa Dibakiso kgolong ya botho ba Kgama? 
Dibakiso o kgonne jwang ho ba le dikamano le ba habo Kgama? 
Bala qotso o nto araba dipotso.
Ha ba se ba re hlotse, re tla iphumana re teile ka maqai a matonana, a morusu. Leqai mokgwa wa lona le a tella, le pelo e kgutshwanyane, lemangangaebile le hloka le kutlwelobohlokole mamello'
Mafikeng o hlahisitse ketso tse nne tseo leqai le tsejwang ka tsona. Bontsha ka moo Kgama a ilenga fetoha bothong yaba o ba seo Mafikeng a se hlalosang mona. Tshehetsa karabo ya hao ka diketsahalo. 
Qoqa hakgutshwanyane o hlahise ka moo ditokelo tsa banana di neng di hatikelwa ka teng. Sebedisa baphetwa ba latelang:
Dipuo 
MATSHWAO A KAROLO YA C: [25] MATSHWAO KAOFELA: 75
QETELO
