BOEMO BO MAHARENG (Pampiri ya pele) NAKO: dihora tse 2 MATSHWAO: 75
DITAELO:
Pampiri ena e na le dikarolo tse THARO, A, B le C mme baithuti ba tlameha ho di araba kaofela.
Mosebetsi o be makgethe.
Dinomoro tsa dikarabo tsa hao di tshwane le tsa dipotso.
KAROLO YA A
TEKOKUTLWISISO POTSO 1
Bala seratswana sena o ntano araba dipotso tse se hlahlamang:
Bana ba kene ka sekgahla bohloleng
Ha ba ya sekolong, ba tsamaya ba kentse tse ding diaparo mekotleng. Ka mora dihoranyana moo sekolong, ba a thoba, ba nyonyobe ho leba matlwaneng ho ya tjhentjha diaparo, ba ntano leba lethathameng la mabenkele ho ya tsoma bareki. Dipatlisiso tse sa tswa etswa monaKZN, di bolela hore bana banaba qetella ba rekisitse mmele ya bona hobane ba rata ho iphumanela phaello e itseng tjheleteng ya bona ya sekolo.
Mane Cape Flats re ne re utlwe pale ya ngwanana ya dilemo di13, ya neng a betwe kesehlophasabannamme a qetella a kene bohlolengbona. O ne a phela sebakeng se sebe moo banna ba neng ba kokota metseng ya batho, ba ntshe banana ka kgang, ba tsamaye le bona. "Ho tengmoshemane ya nenga ntaola," yena a bollela bahaCape Times. "Kene ke tlameha ho etsa thobalano le yena le ba bang. Ka mora nakwana, ka tlameha ho kenya metswalle ya ka e mmedi mosebetsing ona. "Pelo ya kaenee le bohloko, ke sebedisa batho ba bang molemong wa ka." Ho ya ka ba ha SAPS Child Protection Unit, mane Gauteng,bana ba kabang 28 000 barekisammele mme kgwedi e nngwe lee nngwe ho tshwarwa banaba15, ba dilemong tse 15-18 ba rekisang mmele.
Dipatlisiso tse entsweng mekhukhung e meng mane ka leboya ho Gauteng, di bontsha hore diperesente tse 40 tsa banabadilemongtseka tlase ho tse 16 ke dihlola mmea le mong ho ba bahlano ho bona, o na le AIDS.
Ho na le batswadi ba se nang dihlong, ba qobellang bana ba bonahore barekise ka mmele ho kenya tjhelete ka lapeng. Ho na le dihlopha tsa dinokwane tse tlisang bana kwano ho tswa dinaheng tse kang Asia e ka Borwa Botjhabela, Yuropa e botjhabela esitana le Afrika e Botjhabela.
Bana bana ba rekisang mmele ba hlekefetswa haholo. Ba hlekefetseha haholo mmeleng ke beng ba bona esitana le bona bareki. E nngwe ntho hape, ba kenwa ke mafu ana a thobalano habobebe ka lebaka lena. Bongata ba bona ha ba kgone le ho etsa thobalano e bolokehileng -ba bang bona ha ba a ruteha le ka lefu lena la AIDS.
Sena se ama ngwana haholo kelellong. Bongata ba bona bo fellwa ke boitshepo, ba ipone ba se letho setjhabeng. Ba bang ho bona ha ba bone ho le teng tlhokeho ya hore ba pholoswe maemong ana. Ba bang ba beha mabaka a sa utlwahaleng, ba bolele melemo ya bohlola, le hore bafepa malapaa bona ka tjhelete eo, athe hape beng babona ke bona bao e leng baratuwa ba bona.
Ho hweba ka mmele ya bana, ke tlhekefetso le tshebediso ya bana ka sheshe mme sena se hlahella e le bokgoba."
Jwalo ka ha ho se ho boletswe, ho hweba ka mmele ya bana, ke ho ba theola seriti mmoho le ho beha bophelo ba bona kotsing. Ho na le mefuta e meraro ya ho hweba ka mmele ya bana: ho etsa thobalano le bona, ho bapatsa ka ditshwantsho tsa bona ba tsotse esitana le ho sebedisa mmele ya bona le ha e le ka tsela efe feela bakeng sa phaello ya tjhelete.
Jwalo kaha maemo ale ka mokgwa ona, setjhaba se kgoladitholwanatsa seo se se jetseng. Batswadi banaba sa tsotelleng le ba hlekefetsang bana, ha ba bolaye malapa a bona feela, empa le setjhaba ka kakaretso, hobanebana bana ba qetella e se e se letho setjhabeng. Se ngongorehisang haholo ke hore mona Afrika Borwa ha ho molao o kgahlano le thekiso ya mmelebaneng ba ka tlase ho dilemo tse 16.
Na ke nnete hore bana ba etsang bohlola ba tseba haholo ka AIDS? Tshehetsa karabo yahao ka ho qolla polelo hotswa seratswaneng. 
Banna babangbahlokakutlwelobohloko baneng. Tshehetsa karabo ya hao ka ntlha ho tswa seratswaneng. 
Mokgatlo o sebetsang kgahlano le tlhekefetso ya bana o bitswang? 
Bana ba bang baqobellwang bohlolengba tliswa kwano ho tswa dinaheng tse ding. Bolela mabitso a dinaha tseo. 
Bolela tsela tse THARO tsa ho hweba ka mmele ya bana. 
Na ho hweba ka mmele ho etsahala dinaheng tsa Afrikafeela? Tshehetsa karabo yahao. 
Qetelong ya seratswana sena ho thwe bohlola bo bolaya setjhaba. Sena se bolelang? 
Naha ya Asia e hlahellang seratswaneng e ile ya tuma kang selemong sa 2004? 
MATSHWAO A KAROLO YA A: [25]
KAROLO YA B
Bala temana e latelang o ntano e akaretsa ka dintlha tse LESHOME tsa bohlokwa. Ela hloko.
Ngola dipolelo tse utlwahalang ka mantswe a hao.
Ngola ka tsela ya moqoqo.
Palo ya mantswe e be pakeng tsa 100 - 110.
Ngola palo ya mantswe qetellong ya kakaretso ya hao.
Tampane a kgolwa e le ka nnete. Batswadi ba hae ba ne ba lla tsatsi le tjhabang le le dikelang ka eo mora wa bona. O nkile lemo tse leshome a sa bonahale ho hang motseng wa habo esita le lapeng labo. O ne a se a inyadisitse hona moo a neng a sebetsa teng. A itatotse batswadi ho hang. Ha a qeta ho inyadisa o ile a fumana ho dula habo kgarebe eo a neng a e nyetse.
Batswadi ba haebane ba phela ha boima, le ho sebetsa ba sa hlole ba sebetsa ka baka la kgolo. Ba ne ba phela ka honna ba kopamakumane moo moradi wabona a neng a nyetswe teng. Ba ne ba seka meokgo ha ba hopolamora eo wa bona Tampane, eo a sa hloleng a re letho ka bona haesale a qeta sekolong mme a sebetsa.
Ka tsatsi le leng ba utlwela ka motho wa ho reng hore ngwana eo wa bona o teng motsengo mongo itseng, mmeebile o inyadisitse. A ba bolella hore mora eo wa bona, o tsamayaa bolella batho hore ha a na batswadi, haesale ba ne ba shwe kgale. Pelo tsa bona di ile tsa utlwa bohloko ha ba hopolahoreba rutile mora eo wa bona, ba mo etsetsa tsohle tlasamaemo aboima.
Ka tla ka utlwa pelo ena ya ka e rotha madi. Re ne re matha, re rekisa dikgomo tsa rona ho isa mora enwa wa ronasekolongse phahameng le diunibesithing, empa kajeno mofufutso wa rona o tswetse boyeng jwalokawa ntja. Kajeno ngwana eo re mo tswetseng o a re latola. O lebetse hore re ne re tsamaya hara dirame, re leka ho moetsetsa lefa la thuto. Kajeno redikatana ho yena,ha rebatho ka baka la hobane re futsanehile. Ke yena ya re baketseng bofutsana bona, empa, le tla mo tjhabela letsatsi. O sa ntsane afuthumaletsweke naha. Matsatsi a tlokotsi, amahlomola, lea ditsietsi ha a eso fihle. Mohla afihlilengo tlatseba lapa labo. O tla batla moo batswadi ba hae ba leng hona teng."
MATSHWAO A KAROLO YA B: [10]
KAROLO YA C
TSHEBEDISO YA PUO POTSO 3
Bala seratswana o nto araba dipotso tse latelang:
Batho ba jwalo ba ile ba hlokisa meya ya bona phomolo, mme bongata ba bona bo atisa ho poka, ba pokela matlotlo ana ao ba a siileng ka morao. Dipoko tse ding he, di ne di ye di kgannele batho bao di kopanang le bona tseleng ya tsona nqalong ena ya matsete a tsona; ha eba eo di kopanang le yena a abetswe tsela ena. Moshanyana e mong o kile a kopana le sona, ho bontshahala hore o ne a ntse a abatswe jwalo, sa mo nka sa mo isa moo se nengse epetse tjhelete teng.
Ngola maemedi a mabitsoao o be o a sebedise dipolelong tsa hao. 
Sebedisa lesupi ena polelong ya hao e utlwahalang. 
Sebedisa makopanyi ana hore le mme dipolelong tse utlwahalang. 
Sebedisa lentswe bona dipolelong tse pedi tse fapaneng ho hlakisa meelelo ya lona e sa tshwaneng. 
Qolla mathusi a MABEDI ho tswa seratswaneng, o a sebedise ho bopa dipolelo tsa hao. 
POTSO 4
Bala qotso ebe o araba dipotso:
Ho lefa sapoto
Ke sebetsa lefapheng le leng la mmuso mme ke etsa mosebetsi o hlomphehileng wa maemo. Haufinyane mohatsaka o sa tswa ntshiya hobane a se a ratana le monna e mong., jwale o batla ke lefe sapoto ya bana ba rona ba bararo ya R1000 ka kgwedi.Hona ho tla thefula bophelo ba ka hampe, nka nna ka lahlehelwa ke koloi le ntlo. Na lekgotla le tladumela horeke lefiswe tjhelete e kaalekale? Nka itshireletsa jwang?
Mantswe ana haufinyana le hampe ke mahlalosi. A sebedise dipolelong tsa hao tse utlwahalang. 
Bala polelo ena ebe o qolla lerui. Ke sebetsa lefapheng le leng la mmuso. 
Bopa polelo e utlwahalang ho kopanya dipolelo tsena tse pedi. (O se sebedise lekopanyi.) Nyewe ke ya sapoto ya bana. Nka itshireletsa jwang nyeweng? 
Sebedisa polelo ena ho araba dipotso: Na lekgotla le tla dumela hore ke lefiswe tjhelete e kaalekale?
Ngola polelo ena e le ho lephethi. 
Fana ka leetsi le leng ho boetsuwa. 
POTSO 5
TOKISO YA DIPHOSO
Bala lengolo lena ka hloko ebe oa le ngololla,feela o lokisediphoso tse hlahellang:
Mohlomphehi
Ke ngwanyana ya lemo tse 23 mme ha ke so nyalwe. Ke na le lengolo la Diploma la Dikamanoleo kele fumanengTeknikonya SA ka 1995. Ha jwale ke sebetsa SAB mme ke Motlatsa Mookamedi lekaleng la Dithekiso. Ke ka qala mosebetsing o motjha kamora hore ke tsebise beng ba ka nako e ka etsang kgwedi.
Ke tsepa hore le tla sekehela kopo ya ka tsebe.
Ke nna modiehi letswalo.
MATSHWAO A KAROLO YA C: [40]
QETELO
