BOEMO BO PHAHAMENG (Pampiri ya Boraro) NAKO: dihora tse 2½ MATSHWAO: 120
DITAELO:
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo, e leng A, B le C.
Karolo e nngwe le e nngwe e na le ditaelo tsa yona mme mohlahlobuwa o kotjwa ho badisisa ditaelo tseo ka kelohloko.
Ho karolo C, kgetha buka e le NNGWE mme o arabe potso e le NNGWE feela.
Nomora mosebetsi ka nepo.
Ngola ka makgethe mme o sebedise mongolo o bonahalang.
KAROLO YA A
MEQOQO
POTSO 1
Kgetha sehlooho se le SENG kapa setshwantsho ho tseo o di filweng, mme o ngole moqoqo okabang bolelele ba maqephe a MABEDI. Ha o kgetha setshwantsho o se fe sehlooho.
Dikotsi tsa mebileng di bolayabathobabangata haholonakongya paseka le keresemese.Qoqa ka moo re ka qobang dikotsi tsena mebileng ya rona.
Ha o tshaba o tshabe sejwalejwale.
Ngola moqoqo oo ho ona oleng setlabotjhasekolong se phahameng. O qale jwalo ka ha eka ke Mantaha hoseng lepatlelong la ditsebiso le thapelo.
Moaparo o a bua. Na ho jwalo? Tebisa maikutlo a hao sehloohong sena.
Hlahlobisa setshwantsho se latelang ka hloko ebe o ngola moqoqo ka seo o nahanang hore setshwantsho se bua ka sona. Kamano pakeng tsa setshwantsho le moqoqo e totobale.
MATSHWAO A KAROLO YA A: [40]
KAROLO YA B
DITEMA
POTSO 2
Kgetha lengolo le le LENG hoa latelang. Bolele ba lona ebe leqephe le leLENG.
Ngolla letona la naha la thuto lengolo leo ho lona o tletlebang ka maemo a theohileng a thuto.
KAPA
Ngolla malomao lengolo leo ho lona o mo tsebisang ka kotsi ya koloi e le hlahetseng le metswalle ya hao. [20]
POTSO 3
Kgetha tema e le NNGWE ho tse latelang. Bolelele bo se fete leqephe le le LENG.
Ngola tsebiso e yang lekgotleng le emetseng barutwana basekolo sa hao moo o ba memelang kopanong e potlakileng. O se lebale lenanetaba la hao.
O mongodi wa sehlopha sa bolo ya maoto sa Ditshitshidi. Ngolla batshehetsi ba sehlopha sa heno memorantamo o ba tsebisangka diphetohotse tlang ho ba teng ho tloha kgweding e tlang.
O mosuwetsana sekolong se phahameng sa Roleleyathunya. O ne o tsamaile le sehlopha sabana ba sekolo ho ya serapeng sa diphoofolotse hlaha,empa ka bomadimabe bana ba babediba tswadikotsi tse mpe. Fana ka pehelo ho batswadi ba bana bana le ho lekgotla la sekolo. [20]
POTSO 4
Boela o kgethe e le NNGWE ho tse latelang. Bolele bo se fete leqephe le le LENG.
Ngola boitsebiso (cv) boo o tla bo romela le kopo ya hao ya mosebetsi. Ngola tse latelang:
Bowena
Mangolo a thuto.
Boiphihlelo mosebetsing. [10] MATSHWAO KAROLO YA B: [50]
KAROLO YA C
DITSHOMO LE TSA SETSO POTSO 5
Bala temana e latelang o nto araba dipotso.
Qotso A
Tshomo ke mofuta wa taba o tshwanang haholo le pale. Ditaba tsa teng di atisa ho ba tsa nnete, tseetsahetseng kgalekgalesetjhabengseo di qoqwang hosona, mme badi phetang ba a di kgolwa. Ke ditaba tsemabapi le bodumedi, boloi, bongaka, jwalojwalo. Tsedingke mehlolo, ha tse dingdi hlalosatshimoloho yalefatshe, bophelo kapa lefu, mme tse ding tsona di bontsha matla a bomodimo.
Fana ka mefuta ya ditshomo le mohlala tshomong ka nngwe. 
Hobaneng ditshomo di phetwa bosiu? 
Fana ka mesebetsi e MERARO ya diboko. 
Bohlokwa ba seboko ho Mosotho bo bonahala ka hore ho be le papadi e tlwaetsang bana ho tseba dithothokiso tsa seboko sa bona. Papadi ee e bitswang? 
A ko fane ka moralo wa papadi e ho 5.1.6. [30] 
KAPA
Araba dipotso tse latelang ka ho fana ka dintlha feela potsong ka nngwe.
Meketeng ya Basotho ho ne ho ithabiswa ka metjeko, dipapadi le dipina tse tsamaelanang. Hlalosa papadi ya lesokwana ka mela e leshome. 
Qoqa ka matshwao le melemo ya maele o be o fane ka mohlala ho tiisa karabo ya hao. 
Maele a Sesotho a mangatangata, mme a fapane. Le ha ho le jwalo sebopeho sa ona ha se fetohe tshebedisong ya ona. Fana ka mehlala e mene ya sebopeho sa maele. [30] 
POTSO 6
Bala qotso o nto araba dipotso hobane ke sa sebedisa mpho eo ke e filweng ke Mmopi e leng boko ba ka, le sona sebaka sa ho ba sekolong. Tjhee, ke ne kekopa matlaa ho hlola letswalo le ka honna, matla ahotseba ho sebedisa tsohle tseo ke ithutileng tsona ke ne ke kopa ho Mmopi o mphe matla a ho kwala sekgeo sa bofokodi se hlahileng moyengwaka mme ka nnetee nee yeere ha ke qeta keutlwa kgotso e kgutlela ka pelong ya ka, ho thothomela ho fela, ke boela ke nahana hape jwalo ka mehla. Mmehoo ke ntho e kgolo hlahlobong. Ba bangata ha kaakang bafeilang hobane ba tshohile, ba thothomela, ba sa nahane.
Sekgeo sa bofokodi seo ho buuwang ka sona ke sefe? 
Lebaka le etsang hore motho ya ka hlahlobong a rapele ke lefe? 
Na ke nepo hore motho ya tsietsing a rapele ka nako eo? Hlalosa hakgutshwane. 
Mosebetsi wa boko boo Mmopi a re fileng bona ke ofe? 
Mopheti o re ntho e kgolo hlahlobong ke efe? Hlalosa ka botlalo. 
Sera se seholo sa motho ya ngolang hlahlobo ke sefe? Hobaneng? 
Moqoqong ona ho thwe hlahlobo ke ntwa ya nnete. Hobaneng ho buuwa jwalo? 
Ntho e ngongorehisang motho ya sa tswa ngola hlahlobo, ha dikolo di se di kwetswe, ke efe? 
Hlahlobo e kgolo eo motho a tobaneng le yona bophelong ke efe? Hlalosa ka dintlha tse PEDI. 
Thapelo e ka nqane ho lebitla ha e na thusoHo na le puo e reng: . Hoo ho bolelang. A ko hlalose ka botlalo o ikamahantse le qotso e ka hodimo. [30] 
KAPA
Bala temana e latelang o nto araba dipotso.
Le a hola. Dilemo di a feta. Lefeta dihlopha tsa lona. Ba bang ba nyamela, ba falla ba leba metseng e meng. Le ntse le ithuta le tswela pele. Ha le hlokomele hore ha le sa le masea, hore le ntse le hola. Le feta sehlopha sa botshelela mme le lokela ho tswa sekolonyaneng sa lona, sekolonyaneng sena seo le se tsebileng nako etelele ha kana, sekolonyana sena seo ho sona le tsebilengthabo le nyakallo ya thuto, e, le mathata a yona; sekolonyana sena se le tsebisitseng banna banaba Modimo ba le rutileng dintho tse ngata, bao kajeno le ba tlohelang hona mona.
Fana ka mefuta e mene ya setswalle e hlahellang moqoqong ona o be o hlahise hore setswalle sena se ama motho jwang. Ngola o tlatse leqephe. 
Qoqa ka dintle le dimpe tsa lenyalo tse hlahisitsweng ke mongodi moqoqong wa .Lenyalo 
QETELO
