LEFAPHA LA THUTO LA GAUTENG
Pampiri ya Boraro
NAKO: Dihora tse 2½
MATSHWAO: 120
DITAELO:
Karolo e nngwe le e nngwe e na le ditaelo tsa yona; di badisise ka botlalo.
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo e leng A le B le C.
Araba dipotso ka moo o laetsweng ka teng.
KAROLO YA A
MEQOQO
POTSO 1
Mpho kapa talenta e ka etsa meeka le mehlolobophelong ba motho. Tebisa maikutlo a hao ka taba ena.
Bana ke diipone tsa malapa ao ba tswang ho ona. Boitshwaro le dipuo tsa bona di supa le ho bontsha bophelo ba ka lapeng. Nnetefatsa kapa o hanane le taba ena.
Lefu metseng yaditoropo le nketswe hodimo ho feta moketewa lenyalo. Hlahisa maikutlo a hao.
Dipapadi tsa mohope wa lefatshe wa 2010 di tla fetola bophelo ba Maafrika Borwa. Ke melemo efe eo ba tlang ho e fola?
MATSHWAO A KAROLO YA A: [40]
KAROLO YA B
DITEMA
POTSO 2
Kgetha lengolo le le LENG ho a latelang.
O ne o kopile koranta ho hlahisa setshwantsho le pehi ya ntatao ya tla bolokwa ka Moqebelo mme bona ba fane ka tlaleho e fosahetseng. Ba ngolle lengolo leo ho lona o tletlebang ka phoso ena.
KAPA
Abuti wa hao ya neng a ntse a o ruta o qeta ho hlokahala mme o ke ke wa kgona ho ya sekolong se phahameng isao. Ngolla rangwane wa hao lengolo o mo hlalosetse ka bothata ba hao o be o mo kope thuso
POTSO 3
Ngola tema e le NNGWE ho tse latelang.
O mongodi wa mokgatlo o itseng wa basebetsi mme e mong wa basebetsimmoho o hlokahetse. Ngola memorantamo o hopotsang basebetsi ka tshebeletso ya sehopotso.
KAPA
O mongodi wa mokgatlo wa bolo ya maoto. Ngola tsebiso e yang ho ditho tse phethahetseng tsa mokgatlo o di tsebise ka kopano e tlang ho ba teng. O se ke wa lebala lenanetsamaiso la kopano.
POTSO 4
Kgetha e le NNGWE ho ditema tse latelang.
KAPA
Ngolla mopresidente wa naha molaetsa wa e mail moo o tletlebang ka maemo a hlobaetsang dikolong tsa batho ba batsho. Molaetsa wa hao o fetisetswe ho letona la thuto. [10]
MATSHWAO KAROLO YA B: [50]
KAROLO YA C
DITSHOMO LE TSA SETSO
Dipotso tse botsitsweng karolong ena di pedi, kgetha e le NNGWE feela mme o arabe yona.
POTSO 5
Kgomo di kene ka yona, di sa ile, 3
Le batho ba kene ka yona, ba sa ile.
A re, ke mehlehlo ya dikgomo le ya batho!
Mabesalerole, la tswa ka mpa ya mohlaba wa
Ngwana Morena wa Qhwai a le bona, 12
Le bonwa ke Ratjotjose wa Mokgethi
Beng ba mara ba ntse ba lla, ba re!
Nketu le Ramakwane le kae?
Ngwana Mmamokgatjhane eo ho buuwang ka yena ke mang? Yena o amana ka tsela efe le Basotho? 
Ke meleng efe e mmedi moo ho sebedisitsweng mola o tswellang? 
Letshwao la potso moleng wa 17, le bitswang? 
Phetapheto e fumanwa meleng efe? 
Fana ka mofuta oo dithoko tsena di welang ho wona. 
Ke mang ya etellang morena pele ha a eya kgotla. 
Nehelana ka mabaka a etsang hore morena a rokwe. 
BOEMO BO PHAHAMENG
Pampiri ya Boraro 111-1/3K
Bala qotso o nto araba dipotso tse e latelang.
Qotso B
Bontatemoholo ba ne baitshepetse ditaola le mawa a tsona hore ba nne ba tsebemohlodi wa lefu le ba jang, le ha e le se tla ba hlahela ka mokgwa ofe kapa ofe. Ditaola di ne di etswa ka masapo a diphoofolo tse shweleng, tse ruilweng le tse hlaha jwaloka kgomo, nku, podi thakadi tshwene le kolobe ya naha.
Fana ka mefuta ya masapo a etsang ditaola. 
Ditaola di sebediswa ke bomang, ha ho etsahalang? 
Qotso C
Dikgomo tse sa hlokomelwang, tse hlokang badisana.
Monna ya sebetsang meepong
Moshanyana kapa ngwanana ya qetileng selemo a bolotse
Dikotwana tsa nama tse hanelletseng pakeng tsa meno, ka mora ho ja
Poone e omileng
Moriana wa ho phekola sefuba
Bohobe kapa motoho o phehilwe ka lebese
Ngaka e tsebang ditlhare tsa mefutafuta le ho phekola feela e sa tsebe ho loala
Lehala
Lephurakgwahla
Kgwahla
Mmadiberwane
Lefohla
Boduma
Thahameso
Seqhaqhabola
KAPA
Ke dintlha dife tse akaretswang ha ho rokwa morena? 
Ngola hakgutshwanyane ka sebopeho sa dithoko tsa makolwane. 
POTSO 6
Bala diqotso tse latelang mme o arabe dipotso.
Qotso A
E jwalo nako. E na le hona ho fetola dira e di etse metswalle, e na le hona ho hlahisa kutlwano moo ho renang ntwa feela. Tsietsi tsengata di a phutholoha ha nako e ntse e iphetela, e, di phutholohe hona hoo re beng re makale hore na re ne re itshwenyetsang ka tsona. Nako e lokisa tse ngata. Ho ye ho mpe ho potlake rona hobane re re ha re na nako, re e thuhithuhile dikotwana tse ngata tse se nang thuso, tse mpang di re tshwenya feela.
Qotso ee e tswa moqoqong ofe? 
... nako e lokisa tse ngata ... Nnetefatsa taba ena ka ho hlalosa se ileng sa etsahala historing ya naha ya heno. 
Nako e fetola dira metswalle ka tsela efe? Hlalosa. 
Ho ya ka mongodi, molemo o mong wa nako ke ofe? 
Ho thwe nako ke ngaka a b Ke sekapuo sefe se sebedisitsweng moo? Hlalosa se bolelwang ka polelo ena. 1 2
Batho ba bontshwa ke eng hore nako e fela e ile bophelong ba bona? 
BOEMO BO PHAHAMENG
Pampiri ya Boraro 111-1/3K
Qotso B
O kena lapeng mme o fumana mmao le ntatao. Ke bona ha ho pelaelo; empa le bona ba fetohile. Moriri omosweu o se o thuntse, mona le mane hose ho bonahala tselanyana tse pakang hore letlalo le se le phuthehile ke dilemo tse ntseng di feta. Mosadimoholo o se a ntshitse menonyana a se makae. Motseng o fumane metswalle ya hao e se e qhalane. E meng e se e le banna le basadi ba seng ba ena le bana, ba bang e se e le ba ahetseng tjhankaneng, e meng e se e le mobung o batang. Hohle moo o tsamayang o ntse o hloka tseo o neng o di lebeletse, ke re esita le yona kweetsa eo lenenglesesa ho yona, eseekatehile kajeno mmeke qanthana moo bana ba bapallang teng ..."
Fana ka sehlooho sa moqoqo ona. 
Sebui se fumane batswadi ba sona ba fetohile. Ebe ba ne ba fetotswe ke eng? 
Bopaki ba hore dilemo di ntse di feta re bo bona jwang? 
Phetoho ke karolo ya bophelo. Ke phetoho efe e bileng teng thutong ya rona hoba ho kene puso e ntjha? Fana ka ntlha tse THARO. 
Ke sefe se qhalanyang metswalle? Bolela dintho tse PEDI? [30] 
KAPA
Bala qotso ebe o araba dipotso tse botsitsweng.
Hoba qetello ke ntho e hlokehang haholo. Hadi ngata dintho tseo re neng retla di qala hoja re ne re qala re sa tsebe hore qetello ha e bile ha e hole hakaalo. Re a tseba hore ho monate ha kaakang ho qala dintho. Ho ntse ho le monate jwalo feela ho fihla qetellong..."
O itshetlehile ka ditaba tse ka hodimo, qoqa ka tsena:
Motho ya leetong. 
Motho ya balang buka. 
Lefu 
QETELO
