NAKO: Dihora tse 2½
MATSHWAO: 100
DITAELO
Pampiri ena e na le dikarolo tse tharo; e leng A, B le C.
Araba dipotso ka moo o laetsweng ka teng
Bahlahlobuwa ba kgothaletswa ho ba makgethe
KAROLO YA A
TEKOKUTLWISISO POTSO 1
Ditaba ke tsena di a latela, a ko dibale ebe o araba dipotso:
Thuto Tsa Bophelo Ntshetsopele ya Setjhaba Metsi le temo
Kgokahanyo Tshilafatso Kgwebo le indasteri Tse ding Kaho ya matlo
Ho boima ho seholla letona la matlotlo - Trevor Manuel-ditekanyetsong tsa hae tsa monongwaha, ngwahola esitana le ngwaholakola. Mekga ya bohanyetsi yona e ye be e ntse e eme ka leshomele se nang motso, e bontsha ho se kgotsofale. Eentse mehoo a sa hlokahaleng, feela rona re a mo thoholetsa hobane re kgotsofetse. Ke bolela le mopresidente ka sebele o a mo thoholetsa.
Ha motho a ka ela ditekanyetso tsena hloko, o tla fumana hore di itshetlehile hodima tswelopele le boemo bo tsitsitseng ba moruo. Hodima moo boemo ba moruo bo ipapisitse le moruo wa lefatshe ka bophara; ke hore Afrika Borwa e boemong bo le bong le dinaha tsa lefatshe kaofela.
Mafapha a fapaneng a mmuso a sehetswe ho ya ka ditlhoko le sepheo sa mmuso. Twantshong ya lefu lena la phamokate mmusoo hlile o kgephotse haholwanyane hore mahlatsipa a fumane tlhokomelo e sa belaetseng, mme bonake boikarabelo ba lefaphala Ntshetsopele ya setjhaba. Bona ke boikemisetso bo pepeneneng. Ntle le moo maqheku, dikgutsana le ba dikolwana di mahetleng ba ekeleditswe hodima seo ba se fumanang, mme sena kesesupo sa horemmuso o hlokometse baahi ka ho phethahala.
Ka sepheo sa hofokotsa sekgahla sa bofuma le ho akofisa ntlafatso ya bophelo ba mafutsana, mmuso o hopotse ho sebedisa bonyane dibillionetse mashome a robedi a metso e tsheletsenga diranta. Ke tsona tse tla thusa twantshong ya kgodumodumo ena, hobane mahlatsipa a yona a tla abelwa dithethefatsi tsa di "anti-retroviral" le ya ho itlhokomela. Ka tsela ena mmuso o hlile o lwana ya-sedula-matswapong kgahlanong le kokwana e tshabehang e ntseng e kgephola tjhabana sa Rantsho.
Ha e leLefapha laThuto le sehetswe kgubung, mme sena kesesupo sa horemmuso o ikemiseditse ho ntlafatsa boleng ba thuto. O tle o elellwe hore diprojeke tsa mmuso mabapi le tsa thuto ke tlakana le a raha ka sepheo sa ho fihlella bohle.
Ntle le moo mmuso o bolokile manyane bakeng sa phumantsho ya mesebetsi. Papetla e ka hodimo e bontsha hantle dipersente tseo lefapha ka lefaphale di abetsweng. Afrika Borwa ha e bapiswa le dinaha tse ding keyona e nang le leqeme le phahameng la mesebetsi ho feta tsohle, ebile ditsebi di re ke sonasesosa sa botlokotsebe.
Ke kgolwa hore motho mang kapa mang o tla kgotsofatswa ke boiteko ba letona ho kgotsofatsa bohle ba dulang Afrika Borwa mona, ho nolofatsa kapa ho bebofatsa bophelo ba rona.
Mopresidente wa Afrika Borwa ke mang? 
Ho ya ka mongodi sepheo sa ditekanyetso tsee ke sefe? Fana ka mabaka a MABEDI feela. 2x2= 
Mmuso o ikemiseditse ho lwantsha lefu lena la phamokate. Fana ka ditsela tse PEDI tseoka tsona mmuso o bontshitseng boikemisetso ba ona ba ho lwantsha lefu lena. 2x2= 
Ho ya ka papetla e ka hodimo, mmuso o mafapha a makae? 
Ho ya ka wena ke lefapha lefele neng le tshwanetse hoabelwa ho feta a mang? Hlalosa. 
Hobaneng mongodi a tshwantsha phamokate le kgodumodumo? Hlalosa ha kgutshwanyane. 
Ho ya ka ditaba tseo o qetang ho di bala bofuma bo bakwakeeng? 
Ho ya ka wena na Lefaphala Thuto le anetswe ke persente tse mashome a mabedi? Hlakisa. 
ngwahola 
ba kojwana di mahetleng 
Fana ka lelatodi la lentswe diehisa ho tswa seratswaneng: 
Bontsha ka moo o neng o ka thusa maqheku le ba sa itekanelang ka teng hoja oneo le Letona la Lefapha la Ntshetsopele. 
MATSHWAO A KAROLO YA A: [30]
KAROLO YA B
POTSO 2
Bala seratswana se latelang o nto se akaretsa ka ho ngola dintlha tsa bohlokwa. Mohlahlobuwa o tla abelwa matshwao bakeng sa o ela ditaelo hloko.
Ngola ka mokgwa wa moqoqo, ka mantswe a sa feteng lekgolo 
Qetellong ya kakaretso,bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng.
Leka ka hohlehohle ho akaretsaqotsoena ka mantswe a hao.
Dipatlisiso di bontsha hore TV e ratwa hobane ere thusa ka hohlehohle ho ntlafatsa tlotlontswe, dikgokahanyo, puo le thuto baneng. E re hokahanya le matjhaba a lefatshe ka kakaretso mme kahoo e re kgemisa le dinako ka tsebo. Hare bonadikgalala tsamatjhaba,hoo ho re kgothaletsahotsitlallela bophelo boo bo monate.
Diphaposing tsa sekolo, Thabo ya dilemo di 11, ha a kgone ho tsepamisa kelello ya hae mosebetsing wa sekolo. Maikutlo a hae a dula a farasa ka thatohatsi ya haelenaneong la thelevishene. Ke tseo he tsa TV.
Kamora moo o potlakela lapeng a habile ho boha mananeo ao a a ratang a hlahang ho sethetsa-badisana sena. Ha mmae a fihla o fumana moeka esale a dula ka pela sebohwa sena sa Makgowa. E tla ba yena mmae ka sebele ya tlhatlehang. Ka nako tse ding ba robala bosiu esale ba e tonelamahlo. Thabo lemmae kebabang ba dimillione tsa batho ba ikgathollangka ho ithabisa ka TV.
Ka baka la boemo bona ba ditabaTV e nkilenako eo re hopolang hore ke ya lelapa. Malapa ha a sa na nako mmoho. Ka hoo ditumelo tseo malapa a neng a tshetlehwe hodima tsona di bohotswe kedintja. Boitshwaro ba bana le bona bo tshwaetswa ke ho boha TV nako e telele. TV e pepesa morusu le tlhekefetso, kahoo bana ba nahana hore keyona tsela ya ho phela. Bana ba se ba itshwantsha le batho ba baholo, ho realo Beverly Killian wa thuto tsa boko. Ba etsisa thobalano eo ba e bonang setshwantshong, le bana ba banyenyane ba se ba tseba le "kakano ya Fora". Dipapatso tsa mananeo a kang thibelo ya phamokate, peto le tlhekefetso di beha batswadi tsietsing.
Batswadi ba tshwanetse ho ela tse latelang hloko tataisong ya bana hore thelevishene e ba tswele molemo. Dikeletso tse molemo ke tsena. Se e bulele ha ho se ya e bohileng; bana ba se shebe TV nako e ka hodimo ho hora le halofo. Bana ba sekolo bona baseeshebe pele baeya sekolong hobane sena se ka sitisa maikutlo a bona ho tsitsa hodima dithuto tsa letsatsi. Beha melao ya ho boha TV, ba e shebe feela bonyane hora feela. Kgothaletsa bana ho ithabisa le ba bang haholo jwang ha hodimo le sele. Se e tshabe ho ba tlohedisa ho boha lenaneo leo o boneng hore ha le a ba tshwanela.
TV ke ntho e teng lefatsheng lena leo re phelang ho lona ho realo Killian. E sebedise kahloko molemong wa lelapa la hao. Se ba dumelle ho shebella mananeo a se nang molemo. Mosotho o ne a tiisitse ha a re ha ho ntho e mpe e hlokang molemo kapa e ntle e se nang bobe.
SESOTHO PUO YA LAPENG BOEMO BO PHAHAMENG
(Pampiri ya Pele) 111-1/1 L
KAROLO YA C
TSHEBEDISO YA PUO POTSO 3
Bala seratswana onto araba dipotso tse tla latela:
Banna ba morena ba ne ba tswile letsholo maobane. Letsholong leo, bahlankana bohle ba ne ba le teng pitsong. Moetapele wa bona e ne e se lekwala, hobane o ile a hla a bolela hore ba boi ba tjhetjhe. Letsholong ba ile ba tsosa dibata tse ngata." Joo wee! tau e lomme monna ya matla noka!, lentswe le phefa la hoa. Monna a hoa a re; "tau e lomme e moholo noka," mme e mong a botsa ka ho re; e ka mo loma jwang tau?
Sebedisa dipolelo tse latelang ho araba dipotso tse hlahlamang.
Tau e lomme monna ya matla noka
Tau e lomme monna e moholo noka
Re fe mabitso a ditho tsa puo tse ntshofaditsweng polelong ya (a) le ya (b).
Sebedisa lentswe noka, dipolelong habedi hohlakisa meelelo e mmedi e fapaneng le o sebedisitsweng seratswaneng se ka hodimo.
Karolo tsena tse pedi ya matla le e moholo di fapana jwang? Fana ka mabaka a MABEDI.
Qala polelo e latelang ka moetsuwa: Letsholong ba ile ba tsosa dibata tse ngata.
Ho sebedisitswe leba la mofuta ofe polelong e latelang? Moetapele wa bona e ne e se lekwala.
Isa polelo e ka hodimo temekisong ya tumelo.
Qolla lelahlelwa le le LENG le sebedisitsweng seratswaneng.
Lelahlelwa leo le sebedisitswe ho hlahisa maikutlo afe?
Ngola polelo e latelang hape empa mothating ona o sebedise leakaretsi ho tiisa lebitso le sehetsweng mola?
Banna ba morena ba ne ba tswile letsholo
Qolla mahlalosi a mabedi onto iqapela dipolelo tse pedi kaona.
Ho sebedisitswe sekapuo sefe polelong e latelang: Monna e moholo ke tau?
Fetolela polelo ena Monna e moholo ke tau ho tshwantshanyo / papiso. 
Isa polelo e latelang ho lekgathe letlang: Banna ba morena ba ne ba tswile letsholo 
Isa polelo e ka hodimo dikaong tse latelang:
Sekaotaelo 
Sekaokgoneho 
POTSO 4
Bala seratswana se latelang o tle o kgone ho araba dipotso tse tla latela:
Setjhaba se ketekile moketehadi wa dilemo tse leshometsa puso ya setjhaba ka setjhaba. Se ne se ketekela lebaleng la Orlando. Mofumahadi o ne a kgotsofetse ho bona boiyane bo bokaalo. Ho bannanyana le basatsana ba bang e ne e le nako ya ho inwella ho ituletswemoriting. Motho ofe kapa ofe o ne a ka thabela hobakaroloya mokete oo.
Qolla mantswe ao dihlongwanthao tsa ona di thaletsweng mela e be o bontsha /hlakisa moelelo o tliswang ke tshebediso ya sehlongwanthao ka seng. 2x2= 
Qolla lebotsi le le leng ho tswa seratswaneng o nto le sebedisa polelong eo o iqapetseng yona. 
Qolla lebitsokgoboka le le leng ho tswa seratswaneng. 
POTSO5 TOKISO YA DIPHOSO
Bala ditaba tse latelang ebe o o lokisa diphoso tse hlahellang. Ngola phoso, ebe o a e lokisa.
Mofu kemora wa matswathaka, kgorula ya ntateKatse Tadi le mme Mmatadi. O thomile dithuto tsa hae mane sekolong sa Mohapi, a nto fetela ho se mahareng sa Mahohodi. Ka 1948 a pheta dithuto tsa hae sekolong se phahameng sa Lefitori.
SESOTHO PUO YA LAPENG BOEMO BO PHAHAMENG (Pampiri ya Pele) 111-1/1 L 8
Kamora moo a ya sebetsa dimaeneng tsa Welkom moo a ileng a tholwa jwaloka mabalane. Kamora lemo tse tharo a phahamisetswa mosebetsing wa ho ba molaodi wa bao a sebeditseng le bona.
O siha mosadi, mora, baradi ba babedi le Ditloholo tse hlano. Re robalele ka kgotso Mosia. 
MATSHWAO A KAROLO YA C: [60]
QETELO
