sotho.626.trivia
SEBAKA SA MANGAU
BLOEMFONTEIN e ne e thehwe semmuso ka 1846 jwalo ka diahelo tsa masole ke moetapele wa sesole Henry Warden wa Brithani. Lebitso lena le bolela "sehlahla sa dipalesa." Basotho ba bitsa sebaka sena Mangaung.
Sebaka sena se phahametse lewatle ka 1 395m ka leboya ho Highveld, mme kajeno toropo ena e na le batho ba ka bang 350 000 mme Lekgotla la Boipiletso la Naha le hona toropong ena.
Free State Stadium ke lona lebala le leholo la tsa dipapadi toropong ena esitana le lebatoweng ka bophara. Lebaleng lena ho tla tshwarelwa tse ding tsa dipapadi tsa Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2010.
Lebala lena ke ntlokgolo ya Bloemfontein Celtic le Free State Cheetahs, e neng e hape mohope wa Currie ka 2005, ya fihlela ho makgaolakgang ka 2006 mme ya
re ka 2007 ya
boela ya hapa.
BONA SESOTHO November 2008
DI MONATE
MOKAUBERE ona wa sebini o ne o hlahele Langa, Kapa, mohla la 3 Pudungwana 1964. Kgorula ena ya lelapa la bana ba robong, e ne e qale ho fumana tjhelete ka ho binela bahahlaudi. E ne e re a le dilemo di 16 ka 1981, o ne a lebe Soweto ho ya intlafatsa mminong.
Brenda o ne a kene sehlopheng sa Joy mme ha morao ya eba sephooko sehlopheng sa Brenda And The Big Dudes. Ka mora moo, o ne a hatise ditlabolane tse kang Weekend Special, Too Late For Mama le tse ding.
Brenda le yena mosebetsi wa hae o ne o na le mathata. Ka 1995, o ne a fumanwe le setopo sa moratuwa wa hae, Poppie Sihlahla eo ho neng ho belaelwe ha a ne a bolailwe ke ho sebedisa dithethefatsi tlolo. Brenda le yena bophelong ba hae o ne a ye ditliliniking tsa tlhabollo ya dithethefatsi makgetlo a 30.
Leha ho le jwalo, di ngata dibini tse bolelang ha di ne di atlehe haholo ka thuso ya Brenda.
Bongata ba dialbamo tsa hae di rekisitse maemo a platinum hangata feela naheng ena.
Hoseng ha mohla la 26 Mmesa, 2004, Brenda o ne a we lapeng la hae. O ne a hlokahale mohla la 9 Motsheanong. Diteko tsa ka mora lefu di ne di bontshe hore o ne a bolailwe ke cocaine e ngata mading.
DI MONATE!
DIKOKONYANA le mahe a tsona di a jewa dikarolong tse pedi lefatsheng. Mahe a mefuta e mmedi ya dikokonyana, ke tsona dijo tsa sethatho Mexico mme di bitswa escamoles. Ho bolela ha di latsweha haholo mme di ka bitsa R400 kilograma hobane di fumaneha ka thata ka dinako tse itseng tsa selemo.
Dibakeng tse itseng tsa India, Burma le Thailand, hlama e etsuwa ka mofuta o itseng wa dikokonyana mme e fepelwe le khari.
Re hopola
Sehlopha sena se tsebisahala ka la Phunya Sele Sele mme sehlopha sena sa Masokolara se ne se thehwe ka 1969, sa bitswa Mangaung United. Ka 1984, rakgwebo, Petros Molemela, o ne a reke sehlopha sena mme a se fetola lebitso a se bitsa Bloemfontein Celtic (le tloha ho Glasgow Celtic).
Ka Pudungwana 2001, ka mora hore Phunya Sele Sele e rathwe ke selepe, Molemela o ne a rekisetse Jimmy Augousti, sebapadi sa mehleng sa Celtic diabo tsa hae. Dilemong tse tharo ka mora moo, e ne e kgutlele ho PSL ka 2003/04.
Sehlopha sena jwale ke se seng sa tse nang le tjhelete naheng ena mme balatedi ba sona (Siwelele)
ke bona batshehetsi ba pele
naheng ena!
BOPA LENTSWE
Sheba hore ke mantswe a fe a Senyesemane a tlhaku di nne kapa di hlano o ka a bopang ka ditlhaku tse masakaneng. Tlhaku e bohareng (e kgubedu) e be teng lentsweng ka leng. Sheba hore o ka kgona ho bopa mantswe o sebedisa ditlhaku tsena. Tlhaku ka nngwe e sebediswe ha nngwe feela.
Thatolla
Hlahlamanya ditlhaku tsena ka nepo.
ENA ke e nngwe ya dikgwedi tse nne tse matsatsi a 30, November (Pudungwana) ke kgwedi ya bo 11 ya selemo. Lebitso lena le tswa ho la Selatini novem, le bolelang "robong" - e ne e le pele ho eketswa dikgwedi tse pedi, Pherekgong le Hlakola almanakeng ya Maroma.
1962
November 6: Matjhaba a kopaneng a ne a qale dikotloqobello tsa moruo le dipolotiki Afrika Borwa tlasa tumellano ya 1761.
1963
November 26: Nyewe ya Rivonia e ne e qale.
1977
November 4: United Nations Security Council Resolution 418, e ne e kenye dikotloqobello tsa dibetsa Afrika Borwa.
1987
November 28: Sefofane sa SAA, Flight 295 se ne se swahlamane Lewatleng la India haufi le Mauritius.
1993
November 18: Molaotheo o motjha wa naha o ne o amohelwe ke mekga e 21 ya dipolotiki.
1995
November 29: Desmond Tutu o ne a kgethelwe ho ba modulasetulo wa komiti ya Nnete le Poelano ke Mopresident Mandela.
NA O NE O TSEBA...
Pelo ya motho ka kakaretso e otla makgetlo a 72 ka motsotso mme e tla otla mohlomong a 2,5 billion bophelong ba ya phetseng dilemo tse 66.
