SOTHO.625.legalapr
BONA SESOTHO - April 2006
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Re tseka poho
Dikgweding tse fetileng ke ne ke ye akgenteng e nngwe e rekisang diphoofolo ho ya sheba poho ya kgomo. O ne a nkise polasing e nngwe e haufi mme ba mpontsha mohlape o neng o le moo. Ho ne ho le teng poho e ntsho le e kgubedu. Ke ne ke kgethe ena e kgubedu. Monga polasi o ne a dumele mme a mpolella hore ke R1 000
Re ne re dumellane mme ka lefa. Re ne re dumellane hore ke tla boela ke e lata. Ka mora dibeke tse mmalwa ka boela polasing ka lori ho ya e lata. Ke ne ke fumane ho se ho setse ena e ntsho. Ke ne ke hane ho e nka, ka rata ho bonana le rapolasi.
O ne a makale ha ke mmolella hore ke ne ke kgethile poho e kgubedu, a re yena o ne a bone eka ke ne ke kgethile e ntsho.
O ne a hane ho nneha eo e kgubedu mme ka kopa hore a nkgutlisetse tjhelete ya ka.
O ne a bolele hore ke nna ya phoso mme a re a ke ke a nkgutlisetse tjhelete.
Ke ne ke boele morao akgenteng mme yona e ne e hopola hantle hore ke ne ke kgethile poho e kgubedu mme ya tshepisa ho nthusa haeba taba ya ka e ya lekgotleng la dinyewe.
Ha ke na tjhelete, le kgomo eo ke neng ke e rekile ha ke a e fumana.
Le haeba ho teng phoso e neng e etsahale, empa nna ke batla tjhelete ya ka kapa kgomo eo ke neng ke e kgethile.
Xolise X, Mthatha
lBatho ba atisa ho etsa diphoso dikgwebong tsa bona mme molao o etseditswe hona ho lokisa diphoso tsa mofuta oo.
Ho na le mefutafuta ya diphoso: phoso e ka ba ya motho a le mong kapa ka bobedi. Phoso ka nngwe e rarollwa ka bonngwe.
Ha batho ka bobedi ba entse phoso, eo re e bitsa "phoso ya kopanelo."
Phoso ya mofuta ona, ke eo ho yona e mong wa batho ba tumellanong a utlwetseng dintlha tse neng di bolelwa ke e mong mme le eo le yena a se elellwe hore molekane eo wa hae ha a ya utlwisisa seo ba dumellaneng ka sona.
Ha ho etsahetse hore batho ba dumellane ka taba e itseng, athe ka bobedi ha ba ya utlwisisa seo e leng sona, tumellano e kang eo, ha e molaong.
Ka nako e nngwe ho a etsahala hore motho a nke ntho e le nnete ntle le hore a netefatse seo. Sena se bolela hore tumellano ya bona e ka se be molaong, e ka kgaolwa ka lebaka leo la ho utlwela.
O tlameha ho hlakisa hore le ile la utlwela dintlha tsa tumellano ya lona ka bobedi; mme ka ho ya ka ho utlwela ha lona, tsohle di ne di nepahetse bakeng sa tumellano ya lona ya thekisetsano.
Ka mantswe a mang, re bolela hore haeba ho ne ho le teng pakeng tsa lona ya ileng a elellwa hore le rekisetsane poho e sele, ho hlakile hore le ne le ke ke la etsa tumellano ya lona.
Ka ho ya ka dintlha tsa hao, ho a hlaka hore o tla hloka leqwetha ho makalla rapolasi eo hore a kgutlise tjhelete ya hao.
Haeba o na le mathata ka ho fumana leqwetha, o ka ikopanya le kantoro ya ba ha Scopion e haufi le wena. [s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
