sotho.624.teen
FAT CHARLIE
KE mathata feela! Merusu dikolong tsa Afrika Borwa e a tota! Ha se ntho e tlwaelehileng eo lona baena le dikgaitsedi" Bohle re a tseba ka moo boraditaba ba ratang ho etsa pheteletso ka teng ditlalehong tsa bona, empa...
Leha ho le jwalo, ditaba tse kang tsena, di hlahella kgafetsa matsatsing a na, e leng se sa thabiseng Fat Charlie.
Molato ke eng lona baena le dikgaitsedi"
"Helang!" Ke a utlwa ha o ntse o re. "Rona ha re tshwane le bona! Ha re boradikgoka! Rona ha re tshware dithipa le dithunya sekolo, ha re telle le mesuwe ya rona."
Ke a a utlwa maikutlo a lona, empa ha re ke re inahaneng...
Taba ya pele, ha re keng re shebisiseng sena. Ho a makatsa hore dikolo tse phahameng e be di etsa merusu. Ena ke kobo anela lefatsheng ka bophara.
Ha se hangata hore se etsahalang Afrika Borwa eba ntho ya naheng ena feela. Ho na le dikolo tse makatsang dibakeng tse ding jwalo ka London, New York, Paris le Buenos Aires, moo dikolo tse ding tsa teng di fetohile dihotele tsa ho iphomolela.
Empa sena ha se bolele hore re tlameha ho phutha matsoho re thole.
Seo re tlamehang ho se beha dikelellong tsa rona, ke hore batjha ba Afrika Borwa ha ba a fapana hole le ba dinaha tse ding ka morusu.
Ka ho le leng, seo re ka se bolelang ka batjha, ke hore ha ba qetelle ka ho ba "morusu" empa ba a ikgohomosa, ba inahanela bona feela, motho ha a nahane ka sephetho sa ketso tsa hae.
Ke ka hona karolo ena ya bophelo eo le leng ho yona e leng boima haholo lona baena le dikgaitsedi. Motho o etsa diketso tsa bongwana a ntse a tseba bobe ba seo a se etsang. Diphetoho mmeleng ka nako e nngwe di fetola kelello, motho a be dihlong ho qoqela ba bang mathata a hae, e leng se etsang hore a qetelle a se a le hlaha.
Motho ohle o tla leka ho laola bophelo ba hao, a sa natse hore o ikutlwa jwang ka seo. Eish! Hona ba ebe ba tseba hore o ikutlwa jwang" Seo ha se o tswele molemo, o ebe o tseba hore ka nako e nngwe melao eo o e behang, e ebe e le e tla o tswela molemo, empa wena o tswele pele le ho itshwara jwalo ka ngwana. Batho ba baholo ba tlameha ho o nka jwalo ka motho e moholo.
Le a se tseba sephetho lona baena le dikgaitsedi.
Ho etsahalang" O nahana hore o tla fumana eng ha o kopanya batjha ba seng ba dutse ba ferekane sekolong, dihora tse ngata, matsatsi a mahlano bekeng, se tla etsahala feela moo, ke morusu feela.
"Empa he nna ha ke morusu," ke o utlwa o ntse o pheheletse ho rialo. "Ha ke bake mathata."
Ke a dumela, ho jwalo lona baena le dikgaitsedi...
Ho sa natsehe lebaka le etsang hore batjha ba itshware ka mokgwa oo ba itshwereng ka ona jwalo ka ha ba bang ba lla ka dintho tsa kang ho hlekefetswa lapeng, ho tshaba thaka tsa bona sekolong kapa motho o ikgethela yena mohlomong ho ba sekweta kapa lona leshodu. Nnete e a sala, ketso tsa bona tsona, di utlwisa ba bang bohloko.
Le wena o karolo ya mathata ana haeba sekolo sa heno se aparatswe ke mathata ana, empa o phuthile matsoho o sa etse letho.
NAHANANG ka yona lona baena le dikgaitsedi. Dingaka tsa dikelello di ka bolela hore bana bana ba morusu ba longwa ke nta tsa kobo tsa bona hobane ba ebe ba etswa seo le bona ba se etsang ho ba bang - empa he ebe e sa le toka ha ho se ho le teng ba otlwang"
Tjhe ha ho jwalo, taba ya bohlokwa ke hore ba kgaotse ka diketso tseo tsa bona tse mpe.
A ke le thuseng taba ena hle lona baena le dikgaitsedi. Haeba ho na le morusu sekolong sa heno, empa o sa etse letho, seo se bolela hore o dumellana le maemo ao.
Sena se tshwana le batho bana ba sa ikgathatseng ka ho kgetha nakong ya dikgetho - seo se ebe se bolela hore ha ba natse hore ke mang ya busang. Seo hape se bolela hore ha ba na tokelo ya ho tletleba haeba ho le teng se sa tsamayeng hantle, hobane ha ba a ka ba ba le seabo nakong ya dikgetho.
Haeba o sa etse letho, o nne o thole jwalo le mohla mathata a tlang ka ho wena.
Empa ho bonahala maemo a ntse a mpefala lona baena le dikgaitsedi. Empa ho na le bana ba thoholetsang mesebetsi ya bonkwapo bana mme ba dule le bona, ha ho jwalo"
Ha o ka bala buka ya Fat Charlie, o tla fumana hore boradikgoka bana ba betere ha ba bapiswa le metswalle ya bona! Ke a bona o a makala, bona mona, le malekeisheneng metswalle ya maqulwana e betere ho feta maqulwana ao. Ba tshwana le dintsintsi tse bokanetseng... le wena o a tseba.
Nnete ke hore le hona mona sekolong "metswalle" ke yona e thoholetsang boradikgoka ha ba etsa merusu ena ya bona. Ba ke se kgothale ha ho se ya ba thoholetsang.
Empa he Fat Charlie o se a buile ka boradikgoka bana. Kgatisong ena re bua haholo ka merusu dikolong.
LONA baena le dikgaitsedi, setjhaba se dutse se bolela hore le setjhaba sa kamoso, ba ebe ba bolela hore le na le matla a ho ikahela bokamoso bo tjhabileng. Empa ka ho rialo, ha ba bolele hore o tlameha ho phutha matsoho o nahane hore dintho di tla iketsahalla.
Qala e sa le jwale ho ikahela bokamoso.
Tabeng eo re buang ka yona, sena se bolela hore o ka etsa matsapa a ho qeta morusu ona! O na le yona tsela hobane ke thaka tsa hao tse etsang sena.
Tlohelang bokwala, kopa thusa ho mosuwe haeba o hloriswa ke bomphato ba hao. Re a pheta hape, tlohela bokwala.
Makwala ke bana ba shebellang merusu e etsahala, ba se etse letho ho e thiba.
Batjha ba dutse ba tletleba ka hore ho teng ba ratang ho laola le hona ho senya maphelo a bona - ona ke ona monyetla wa ho iponahatsa hore ha o dumelle motho ho loala le ho senya bophelo ba hao.
Re ka nna ra ikgula tabeng ya bonokwane bo tletseng hohle diterateng, empa sekolong teng, ke sebaka sa bokamoso ba rona seo. Re ka kgona ho etsa letho moo.
Empa ho a makatsa - re tlwaetse ho halefa, re ipeke dihwapa ha re bua le batswadi ba rona, empa re tshaba thaka tsa rona mane sekolong.
Ekaba e ntse e le tsona"
Ha ho bokamoso bo fetang bona, ka hoo, qeta morusu ona o sekolong hona kajeno. O ka etsa jwalo ka ho hanyetsana le diketso tsa bona, o etse letho hore bao ba fumane kotlo e ba tshwanelang. Empa he boikgethelo ke ba hao. [s]
BONA SESOTHO July 2008
Tlisa phapang!
Dikoranta di dutse di beha ka moo morusu o leng mongata ka teng dikolong, wena ka bowena o na le bokgoni ba ho qeta merusu ena. Ke ena tsela eo o ka etsang phapang ka yona...
SHEBANG BONA
Maqulwana a ba matla ka lebaka la hore mona ho kopana batho ba fapaneng, bao le haeba ba fokola, ka hobane ba le ntswe leng, ba tshehetsane ba be matla. Re ka ba hlola hobane hangata ha ba atise ho re feta ka lenanane - lebaka feela empa e le hobane rona ha re batle ho kopana re tshwarane.
Fetola seo. Kopanang le qete maqheka ana a bona. Etsang lequlwana la diphetoho le se nang ho kenwa ke mang feela ya se nang morero o tshwanang le wa lona.
Ha re etseng seo mekgatlo ya badudi le ya dipolotiki e tlwaetseng ho se etsa. Haeba lequlwana la bashanyana (le banana), le etsa morusu sekolong, kopanang le ngole fatshe dintho tseo ba di etsang, letsatsi, nako, sebaka le hore e ne e le bo mang baetsi ba bobe boo. Le ka isa khophi eo ya lona ho mosuwehlooho.
Haeba a hana ho nkela diketso tseo bohato, ho tla hlaka hore le yena o kgathaletsa diketso tsa mofuta oo, mme le tlameha ho fetisa taba ya lona le e ise ho ba ka hodimo ho yena.
HLALEFA
BONA SESOTHO July 2008
O NA LE MAIKUTLO
Ekaba sekolo sa heno se na le mathata a morusu" O nahana hore ke eng sesosa" O etsa eng ho leka ho thibela ho ja setsi ha morusu ona"
Bolella Fat Charlie maikutlo a hao. Ngolla ho: Fat Charlie, Box 32083, Mobeni, 4060.
