sotho.620.gerrard
Steven Gerrard
Mokapotene
wa Liverpool
MOKAPOTENE wa Liverpool, Steven Gerrard, ho na le moo a bonahetseng a di apere di feletse tsa Everton. Setshwantsho seo se ne se phatlalatswe nakong eo a neng a tjhesa haholo sehlopheng sa Liverpool mme seo se ne se halefise balatedi ba sehlopha.
Gerrard o tlameha ho dula e le wa Liverpool - a ka tshehetse ba direng jwang?"
Paleng ya hae, Gerrard o hlalosa ka moo setshwantsho seo se neng se nkuwe ka teng.
"Ntate o ne a re qobella ho tshehetsa Everton," o ngotse jwalo. Jwalo ka metseng e meng, ke ne ke tlameha ho mo mamela.
"Malome wa ka, Leslie, o ne a tshehetsa Everton - o ne a reka ditekete tsa selemo, a na le sekhafo, folakga le tse ding tse ngata. Leslie o ne a dutse a ntlela la jeresi ya Everton, a leka ho nkamahanya le mmala ona o bolou."
"Batho ba bangata ha ba a ka ba kgolwa hore e fela e le jeresi ya mannete ha ba ne ba bona setshwantsho seo," ho bolela Gerrard. "Empa e ne e se mokokotelo, e ne e le yona ka sebele. Setshwantsho seo se ne se nkuwe ka 1987."
Kgau
Gerrard, ya neng a le dilemo di supileng ka nako eo, o ne a tlwaetse ho ya shebella papadi tsa Everton le malomae. O ne a hape tlhodisano mme moputso wa teng ya ba ho nka setshwantsho le sehlopha sa Everton le kgau ya sona liki ba na le Chartiy Shield mane lebaleng la sehlopha sena Goodison.
"Malome Leslie o ne a se thoholetsa. O ne a tseba hore sena se ne se tla hlabehisa ntate. Ha feela ha ba jwalo, a bona morahae a nkile setshwantsho le sehlopha seo a sa se rateng," ho rialo Gerrard paleng ya hae.
"Ha a tsamaye, ntate a bolella Leslie. 'Ha ho moo o yang, ke mantswe a ntate ho nna. Empa ke ne ke tsamaye.
"Leslie o ne a nthekele diaparo tse ntjha. Ke ne ke di apare mme ka leba Goodison le malome re siya ntate pelo e tswa ka molomo.
"Kajeno ke ho Liverpool, ke e ke hopole tsa kgale."
Ho baleha
Pele ho fela dilemo tse pedi, ho ile ha bonahala moo pelo ya Gerrard e sekametseng teng. O ne a le dilemo di robong feela ha
ba Liverpool ba mo hlokomela.
Moshemaneng enwa seo se ne se bolela se ka hodimo ho monyetla wa ho bapalla sehlopha seo e leng kgale a se lakatsa. Hoo e ne e be ho pholoha ha hae mathateng a ho se sebetse mmoho le a bonokwane.
Ntata Gerrard o ne a etsa matsapa ohle a ho fepa lelapa la hae - a foroma ditene a boele a sebetse le mebileng.
"Ke ne ke se dikgathatso hakalo ntle le phosonyana eo nkileng ka e etsa ya ho bolaya fensetere," ho rialo Gerrard.
Bolo e ne e mo pholose dikgathatsong tse kang tseo.
Ba ne ba rata ho bapalla lebaleng le haufi le habo, le neng le tletse matlakala. Ka le leng, e ne e re ba ntse ba bapala, ba rahela bolo moferong mme eitse ha a ilo e lata, a hlajwa ke haraka ya kgale. E ne e batle e ba ho fela ha papadi ya hae ya bolo.
O ne a lemetse hoo a neng a batle a kgaolwa monwana o motona. Ka lehlohonolo, mokwetlisi wa sehlopha sa ba banyane sa Liverpool, eo e neng e le sebapadi sa mehleng sa sehlopha seo, Steve Heighway, o ne a hane hore o kgaolwe. Ya ba ke ho pholoha ha hae ho lahlehelweng ke papadi ya bolo.
Qaleho
Gerrard o ne a qale ho bapalla Liverpool mohla 30 Pudungwana 1998. O ne a ipabole ka mokgwa wa hore o ne a hlola a dutse a qala papadi. Selemong sa 2000/01, selemong seo Liverpool e neng e tumme haholo ka sona, Gerrard o ne a bapale dipapading tse 50 moo a neng a hlabe dintlha tse leshome mme selemong seo, Liverpool e ne e hape liki le mohope wa FA.
Papading ya Mohope wa UEFA kgahlano le Alavés, Gerrard o ne a hlabe ntlha ya ho qetela ba hlola papading eo ka 5-4.
Mathwasong a 2003, Gerrard o ne a tjhesa ka lebaleng mme le ba bangata ha ba a ka ba makala ha a ne a kgethwa jwalo ka mokapoteni a ntsha Sami Hyppia.
Ka mora moo, Liverpool e ne e be mathateng, ha bonahala e ka Gerrard a ne a tla tsamaya Anfield a ye nqa e nngwe.
Ka mora moo, ho ne ho fihle motsamaise e motjha, Rafael Benitez mme ba buisana le Gerrard hore a dule, a fela a etsa jwalo.
Kgatello
Mathwasong a 2004/5 Liverpool e ne e hula ka falese tlasa botsamaise bo botjha. Maemo a ne a mpefatswe ke ho rekiswa ha Michael Owen ho Real Madrid le ho lemala ha forose e Djibril Cisse. Gerrard le yena o ne a lemale mme eitse a ba betere, ka Pudungwana, e ne e se e le ngwahola hobane Liverpool e ne e se e rathilwe ke selepe, e se e bapala hlatheng, ho Champions League.
Gerrard o ne a leke ho lokisa seo ka hore a kenye sehlopha sa hae dipapading tsa mantshano moo ho e nngwe ya tsona a neng a hakolle a le sebakana a hlaba ntlha metsotsong e mehlano ya ho qetela kgahlano le Olympiakos.
Ba ne ba bapala makgaolakgang kgahlano le AC Milan mane Istanbul...
Ka nako ya kgefutso, ba ne ba le morao ka 3-0. Benitez o ne a etse diphetoho tse matla ka nako ya kgefutso jwalo ka ha a ne a bolele hore Gerrard a hle a kenelle pelepele - ka mora moo Liverpool ya boya sekwele.
Gerrard o ne a hlabe ntlha ya pele motsotsong wa botshelela karolong ya bobedi ya papadi mme papadi e ne e fele dintlha di lekana e le 3-3. Liverpool e ne e hlole papadi eo dipeneneng.
Dintlha
Gerrard o ne a nkwe e le sebapadi se pele sa UEFA ho Champions' League selemong sa 2004/05.
Selemong se hlahlamang seo o ne a etelle Liverpool e hlola West Ham ho makgaolakgang ka hore a hlabe dintlha tse pedi.
Dintlha tsena di ne di etse hore Gerrard e be yena feela sebapadi se hlabileng ntlha ditlhodisanong tsohle tse nne mane Englane - Mohopeng wa FA (2006 kgahlano le West Ham United), Mohopeng wa Liki (2003 kgahlano le Manchester United), wa UEFA (2001 kgahlano le Deportivo Alaves), mmoho le Champions Cup (2005 kgahlano le AC Milan).
Mathata jwale a boetse a e apere, Liverpool. Ka Motsheanong, ho ne ho na le menyenyetsi ya hore Gerrard o ne a batla ho tjhentjha sehlopha. "Ha ke so ka ke thaba ka papadi ya ka," ke yena eo.
Empa hape Gerrard o boetse hape o na le lebaka la ho dula sehlopheng sena. O batla ho kgotsofatsa motshwari wa hae, Rafael Benitez jwalo ka ha a re ha a ya kgotsofala ke papadi ya hae jwalo ka mokapotene! [s]
BONA SESOTHO - July 2007
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka GALLO IMAGES/GETTY IMAGES
Ha a tswafe ho hakolla a hlabe ntlha a le kantle ho motswetseng, ke yena ya laolang mpa ya lebala athe hape ha a tshabe le papadi e kotsi... Empa na o kile a tshehetsa sehlopha sa Everton? Utlwa hape ka moo a neng a batle a kgaoha monwana ka teng mosebetsing.
Kgothatso e matla
Gerrard o re kgothatso e neng e dule moyeng wa hae ke eo a neng a e fumane nakong eo a neng a amehile maikutlo ke koduwa eo motswalae Jon-Paul Gilhooley ya neng a le dilemo di 10 a neng a hlokahale ho yona. Motswalae, eo, ke yena ya neng a le monyane ho ba neng ba hlokahale koduweng eo mme Gerrard yena o ne a le dilemo di robong feela ka nako eo.
"Ke dutse ke sehwa ke letswalo kamehla ha ke hopola koduwa eo," ke yena eo.
u
BONA SESOTHO - July 2007
KA THOKO HO LE LETSHEHADI LE KA HODIMO: Gerrard o a bapala Liking ya Engelane.
Mokapotene ya ratwang wa Liverpool o lebetse jwale ka lerato la hae la Everton.
t
BONA SESOTHO - July 2007
Ha ke so thabe
Papadi ya hae matjhabeng
Gerrard o ne a bapale papadi ya hae ya pele ya matjhaba kgahlano le Ukraine mohla 31 Motsheanong 2000 tlasa bokwetlisi ba Kevin Keegan nakong e ka etsang dikgwedi tse 18 a qadile ho bapalla Liverpool a se a bapetse dipapadi tse 44 ka nako eo.
Gerrard e ne e le e mong wa dibapadi tse tharo tsa Liverpool mmoho le Michael Owen le Emile Heskey, ya neng a hlabe ntlha papading ya tlhekelo ya Mohope wa Lefatshe ka Loetse 2005 ba hlola Jeremane ka 5-1.
Gerrard o ne a fetwe ke Mohope wa Lefatshe wa 2002 ka lebaka la ho lemala - athe hape o ne a lemale matsatsinyana pele ho wa 2006 mane Jeremane.
Empa ka lehlohonolo, a ba betere a bapala papadi ya hae ya pele Mohopeng wa Lefatshe moo Englane e neng e hlole Paraguay ka 1-0. O ne a boele hape a hlaba tse ding dintlha tse pedi. O ne a le teng le papading eo Ricardo Pereira a neng a thiba penene ya bona papading e neng e eteletse pele sekamakgaolakgang, e neng e hlolwe ke Portugal.
