sotho.615.eagles
HO KILE ha ba teng nako eo ka yona ha ho buuwa ka "bapalami ba dithuthuthu" motho a neng a nahana ka dihanyatha tsa makgowa a aparang di-denim le dibaki tse ditshila tsa letlalo. Ba ne ba nkwa e le batho ba kotsi bao o neng o tlameha ho ba qoba ha o kopana le bona le metjhini eo ya bona e benyang. E ne e se ka lebaka la mabelo, empa e ne e le hobane ba ne ba ikamahanya le diketso tsa bonokwane.
Empa dintho di fetohile. E seng Afrika Borwa feela. Lefatsheng ka bophara, boradithuthuthu le bona ba se ba na le mekgatlo, ba leka ho hlwekisa diketso tsa bona.
Teng ke nnete hore ho ntse ho le teng methwaelanyana e ntseng e ikamahanya le diketso tseo tse ditshila - tse nyonyehang - empa maikemisetso a ba bangata a bontsha hore mathaka ana a ikemiseditse ho etsa dintho tse nepahetseng.
Sena se re tlisa lehaeng la sehlopha sa Soweto se ipitsang Eagles Bike Club, seo presidente ya sona e leng Rixon Makhubela ya re bolellang hore mokgatlo wa dithuthuthu jwale o ntlafaditswe.
"Ke nako ya ho theha kgotso," ke yena eo.
Le ho etsa dintho tse nepahetseng."Re se re hlokometse hore dithuthuthu di bohlokwa jwalo ka ha re se re thusitse dikeretjhe tse haufi pokeletsong ya ditjhelete," ke yena hape.
Sehlopha sena se nang le ditho mane Soweto, East Rand, Tshwane esitana le Lekwa se se se entse diphetoho dikeretjheng tse ngata.
"Dikeretjhe tse ngata di se di atisa ho re mema ka dinako tsa mekete kapa hona ha ba kwala ka dinako tsa phomolo," ho rialo Makhubela.
SETHUTHUTHU sa hae sa pele se ne se le boholo ba 400cc. O ne a se lokise ka R300 - mohla se neng se lemetse kotsing ya mmileng teng, o ne a se lokise ka R400.
"Ke ne ke qale ho rata dithuthuthu nakong eo ke neng ke bona sware sa ka mane Limpopo se palame sa sona sa mofuta wa 200cc Honda," ho bolela yena Makhubela.
"Ke yena ya neng a nthute ho se palama nakong eo ke neng ke sa le sekolong. Ha ke ne ke fumana mosebetsi Joburg, ke ne ke qale ho boloka tjhelete ya ho reka sethuthuthu."
E nngwe ya dintho tse ngongorehisang Makhubela ke tsela eo bakganni ba makoloi ba nkang ba dithuthuthu ka yona.
"Ha ba ba hlomphe tseleng mona. Ke etsa boipiletso ba hore ba re hlomphe hle!"
O bolela ka moo ba ba sehang tsebe bohlaswa ka teng.
"Mona ha o na monyetla o tshwanang le koloing haeba o hlahelwa ke kotsi.
"Re dutse re tswa dikotsi." Bopaki ba sena ke maqeba ao Makhubela a nang le ona lengoleng le lehetleng.
O ka bona hore ke yona ntho e entseng hore ba thehe "mekgatlo" ya dithuthuthu - ka hore ba tsamaye mmoho hore ba tle ba bonahale ka bonolo.
"Re na le tokelo ya ho sebedisa mmila jwalo ka mang kapa mang," ke Makhubela hape, ya sebetsang jwalo ka mokganni wa lori.
BAPALAMI ba dithuthuthu le bona ba dumellana le yena hore ha ba a tlameha ho etsa mponeng mponeng ke palame sethuthuthu ha ba bona batho!"
E nngwe ntho jwala ha bo kopane le sethuthuthu.
Makhubela o dumela hore dithuthuthu e ka ba o mong mokgwa wa dipalangwang o ka sebediswang. "Ke ntho e tlamehang ho kgothaletswa, e leng seo re lekang ho se etsa."
Ba tsheheditswe ke monga lebenkele la makoloi mane Soweto, Tobby Makwakwa ya ba tshehetsang ka dipelete le dikipa.
"Le basadi ba se ba le teng mona," ho rialo Makhubela.
Ke bua ka Corrie Holloway le Blanche Mgqweto. "Re batho ba bohlokwa ho bona," ho rialo Blanche, "ha ba re sihe mabelong a malelele.
Boteng ba basadi ho di-Eagles ho etsa sehlopha sena se mengwe le manyalong. "Re palamisa monyadi le monyaduwa ho tsona mona," ho hlalosa Blance, ya palamang Honda CVR 600.
"Re mema ba bang basadi ho ikamahanya le rona," ke Makhubela eo. [s]
Haeba ba tumme hampe, empa ke ka tsela e nepahetseng, mokgatlo wa Eagles o sebetsa ka thata ho tlisa botsitso dithuthuthung...
BONA SESOTHO - August 2006
Ho bobebe
Di matha mmileng...
pale ka FORCE KHASHANE
SE SEHOLO: Ba natefetswe... Eagles di a sasanka. Hara bona o ka bona le setho sa bona sa mosadi - Corrie Holloway.
LE LETSHEHADI: Moetapele wa bona... Ke bolela presidente ya Eagles, Rixon Makhubela.
LE LETONA: Ka setaele... Ditho tsa Eagles, Bongani Hoboyi le Blanche Mgqweto.
BONA SESOTHO - August 2006
