sotho.612.yourlifeguide_askangieEX
Thuso ya moeletsi wa bophelo
Sis Angie o tla araba dipotso tsa hao, mme re na le tshepo ya hore o tla o thusa ho thoba dipelo tse bohloko
Ke dumelle monnaka ho nyala sethepu?
Sis Angie ya ratehang: Ke dilemo di 10 ke nyetswe. Re na le dikamano tse ntle hobane ke motho ya tshepahalang. O ntshwere hantle leha ke sa kgone ho ba le bana. Dilemong tse nne tse fetileng ke ne ke kule mme la lahlehelwa ke takatso ya thobalano.
O sa tswa nkopa hore ke mo dumelle ho nyala sethepu. O re ho nna o batla ho etsa thobalano empa ha a batle ho tsamaya a robala le basadi hohle mona le hona ke sa tsebe.
Ke utlwile bohloko empa ke a tseba hore jwalo ka monna o na le ditlhoko tsa hae empa ke bona ekare mosadi wa bobedi o tla tlisa dikgohlahano ka lapeng la ka.
Ke tla etsa jwang?
Gladys Mathenjwa, Soweto
Gladys ya ratehang: Le nna jwalo ka mosadi, ke utlwelana le wena. Bophelo ba sethepung ha bo bonolo empa naheng ya habo rona se molaong mme ba bang ba a se rata.
O lehlohonolo hobane monnao o entse qeto ya ho buisana le wena, a o bolelle ka moo a ikutlwang ka teng le hore o lakatsa ho nyala sethepu. Banna ba bang ba o tsebisa hara beke ha ka mafelo a beke a tla be a nyala!
Bua le yena hle ngwaneso, o mo bolelle mabaka a etsang hore o se tshabe. Mamedisisa hore wena o beha kae tabeng ena, o reng ka maikutlo a hao, ditjheleteng le dinthong tse ding. Ke nahana hore o hloka ho buisana le motho e mong ya thobang maikutlo pele o ka nka bohato bofe kapa bofe.
Buisana le motho ya tsebang bophelo ba sethepung. Mohlomong motho e moholo wa lelapa eo o mo tshepang kapa lethuela. O ka boela hape wa kopa thuso ya molao ka ho letsetsa ho Scorpion Legal Protection nomorong ena 0861-333-333. Ho fumana ditlhalosetso tsohle tse mabapi le lenyalo lena, ho ka o tswela molemo.
O ka boela hape wa buisana le basadi ba bang ba lenyalong la sethepu mme o utlwe ka moo ba phelang ka teng. O ka sebedisa le tumelo ya hao mme o rapelle ho fumana tataiso. Empa o dule o hopola hore qeto ya ho dumela kapa ho hana, e tla lokela ho tswa ho wena - o tseba seo o ka kgonang ho se mamella le se ka o hlolang.
Ke o eletsa hore o boele o bonane le ngaka mabapi le ho tsoseletsa takatso ya hao ya thobalano.
Mookamedi ya tellang
Sis Angie ya ratehang: Ke sebeletsa mohiri ya tellang ka mokgwa o makatsang, ya bitsang batho dithoto tse se nang molemo wa letho. Ha a mamele letho mothong e mong hape o kena batho hanong ntle le hore a utlwe hore eo o ne o batla ho reng.
Bongata ba rona mosebetsing re nahana hore ha a itshware ka mokgwa wa profeshenale empa ha re tsebe hore re ka mo etsa jwang. Bonneteng ha ho ka moo re ka mo kgalemang ka teng, ke mohiri wa rona!
Janine, PE
Janine ya ratehang: Dipuisano ke ntho ya bohlokwa - mantswe a mabe a ka lematsa motho moyeng athe a matle, a kgothatsa. Mohiri wa hao e ka nna ya ba ha se motho ya mobe hakaalo. Empa o lokela ho fumana tsela e nngwe e amohelehileng ya ho hlahisa maikutlo a hae.
Mohlomong o etswa ke ho hloka tsebo. Kapa o ne a sebetsa le batho ba neng la bua jwalo le yena. E, o tiisitse - ha se mokgwa wa profeshenale oo, ke ho tella. Leha ho le jwalo o ka nna wa ithuta se seng ho yena - ke hore o ithute ho kgetha mantswe ha o bua le batho e le hore o tle o be moetapele ya kgabane wa kamoso.
O ka boela wa buisana le mookamedi ya tshwereng ditaba tsa basebetsi hobane a ka ba le tsela e ntle eo a ka buisanang le yena ka yona.
Se lebale seo Steve Biko a neng a se bue ka bahiri ba dipuo di mpe jwalo ka eo wa hao: "Le nna ke motho jwalo ka wena. Se dumelle boitshwaro bo bobe ba batho ba bang ho o fetola motho ya mobe. Ipehe maemo a betere ho feta ao a bona: mohlomong o ka nna wa fumana motswalle e motjha."
Sapoto ya bana
Sis Angie ya ratehang: Ke mosadi ya dilemo di 27 ya nang le bana ba bararo. Ntata bona o hlokahetse mme nna ke kenwe ke HIV, mme lelapa la habo le nyatsa nna ka sena. Ba ne ba fumane ditjhelete tsa hae mosebetsing, empa ba se ke ba neha bana leha e le sente. Nka etsa jwang?
Masabata, Vryburg
Masabata ya ratehang: Ya pele bophelo ba hao bo bohlokwa.
Ke o eletsa ho ya tliliniking e haufi o fumane kalafo o e hlokang. Ha o se o fumane kalafo, o ka ya dikantorong tsa Ntshetsopele ya Setjhaba o ngodisetse bana pei. Hona dikantorong tseo, o ka tlaleha taba ya ba lelapa la moratuwa wa hao.
Ke o eletsa hape ho ikopanya le ba ha Legal Aid Board le bona ba ka o thusa. Bakeng sa kantoro e haufi le wena letsetsa 0861-053-425 (ke ya mahala).
Sa bohlokwa ha jwale, ke bokamoso ba bana ba hao. Basebeletsi ba tsa thekolohelo ba tla o rerela kopano ya ho thojwa maikutlo hore o tle o phele hantle. [s]
BOTSA SIS ANGIE
Ngolla ho:
Botsa Sis Angie,
Box 473014, Parklands,
2121.
Ela hloko:
Sis Angie
ha a na bokgoni ba ho araba dipotso tse mabapi le tsa kalafo ya bongaka.
Qeto ya hore 'E' kapa Tjhe ke ya hao
