sotho.609.trivdec
Ba ya marung
BONA
Thatolla
Hlahlamanya mantswe ana.
maqephe a boithabiso
LEHA e so qetwe empa Burj Dubai, kapa Dubai Tower, ke e nngwe ya meaho e melelele ka ho fetisisa lefatsheng.
Baahi ba tora ena ba tlalehile hore bophahamo ba yona e tla ba 512m, ha meaho e 141 e se e qetilwe, e be ka hodimo ho Taipei 101, eo e neng e le yona tora e telele ho feta lefatsheng ka bolelele ba 509m.
Ka Hlakola 2007, Burj Dubai e ne e fete Sears Tower ka ho ba le meaho e mengata lefatsheng.
Bohato bo latelang ba Burj Dubai ke ho ba tora e telele ka ho fetisisa lefatsheng. Ha jwale Sears Tower ya Chicago, e bolelele ba 527m.
Ka mora ho feta Sears Tower, morero wa yona o latelang ke hore ebe telelele ho di feta kaofela lefatsheng, e be ka hodimo ho CN Tower ya Toronto, Canada, eo ha jwale e leng 553m.
Moaho ona o se o tla qala ho sebediswa ka 2009.
Seakanyi se pele le setsebi sa feshene, Giorgio Armani, wa Armani Hotel (eo e leng ya pele ya mofuta wa yona) le yona e tla ba moahong ona.
Ho tloha moahong wa 45 ho ya ho 108 ho tla ba le diphaposi tse 700 tsa poraevete mekatong e 64 ya moaho ona - eo ho ya ka baahi ba yona e rekilweng dihoreng tse robedi feela e qadile ho rekiswa.
Dikarolo tse ding tse salang kaofela e tla ba dikantoro.
Moaho ona o tla boela o eba le lift tse lebelo ka ho fetisisa lefatsheng, di tla nyolosa, di theosa 18m ka metsotswana feela! Ho tla ba le ditepisi tsa motlakase tse 56.
Ho fihlela ha jwale bolelele ba Burj Dubai e sa ntse e le pinyane leha ho dumelwa hore bo tla ba ka hodimo ho 800m!
Empa...
Ho na le maano a maholo ao mmuso o a hlophisang, a meaho e melelele ka ho fetisisa.
Le leng ke la tora e haufi le Burj Dubai, e tla qothisana lehlokwa le ya Burj Dubai. Menyenyetsi e re Al Burj ("The Tower") e tla ba bolelele ba 1 200m le mekato e 200.
Hape ho boetse ho na le Murjan Tower e Manama, Bahrain, e seng e tla fihlella bolelele ba 1 022m.
Ho sa ntse ho hlophiswa ya bolelele ba 1 001m, Mubarak al-Kabir Tower e tla ahwa Kuwait e le karolo ya ntshetsopele e bitswang Madinat al-Hareer ("City of Silk") e kenyeletsa le lebala la Diolimpiki, matlo, dihotele le mabenkele. Empa leano lena le ka nna la nka dilemo tse 25 pele le fela!
Tsohle ka...
CUCUMBER
Dipapadi tsa mefutafuta
Leka tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng seo o se bonang?
E nkwa e le tholwana hobane e na le dithotse hape e mela paleseng.
Ke semela sa India se nametseng lefatsheng lohle. Cucumber ha re etsa mohlala, e ne e tsebisahala mehleng ya Boholoholo ho Maegepeta, Makriki le Maroma.
Bongata ba mefuta ya cucumber e neng e sa fumanehe ka bonolo dilemong tse 400 tse fetileng, e se e lengwa matsatsing a kajeno.
Ya kajeno e fumaneha ho tloha ho e tenya, e seng telele haholo ho ya ho e ratwang ya Senyesemane.
Mofuta wa e tshweu, e tenya e ne e lengwa Fora dilemong tsa bo 1900 mme e sebedisetswa ho etsa ditlolo.
"Di-gherkins" tse rekiswang ka ditlolwana, le tsona di tswakilwe ka cucumber.
Seqha se nang le tjhefo sa senqanqane, se matla hoo se ka kenyang tjhefo eo bathong ba 2 200
Tsohle ka reng
TSHEPISO ya lenyalo le letjhato, di tsamaisana le ho rekela baratuwa ba rona direng tsa taemane.
Moetlo ona o ne o qale mehleng ya Maroma ya Boholoholo hobane a ne a kgollwa hore taemane e na le matla a maholo a tlhaho.
Ho fa moratuwa wa hao reng ya taemane ho ne ho mo sireletsa kgahlano le tjhefo le bohlanya.
Moetlo ona wa boela wa sekasekwa hape dilemong tse bohareng ba tseo mme ha dumellanwa ka hore taemane e netefatsa dikamano tse tiileng pakeng tsa monna le mosadi.
Dilemo tse ngata ka mora moo, ho kenya reng ya taemane monwaneng wa letsoho le letshehadi yaeba feshene le ho leleka meya e mebe. Empa reng ya taemane ya nna yaeba mokgwa wa ho bontsha botle ba dikamano tsa baratani le ho fihlella dilemo tsa bo 1938 le leano la thekiso la De Beers la kgothalletsa batho ho rata taemane haholo.
u
t
E dilemo di 25!
CD ya pele e ne e hlahiswe faboriking ya Philips haufi le Hanover, Germany mohla la 17 Phato, 1982. Dilemong tsa bo 1990, di-CD tsa kena ka sekgahla mmarakeng hape ha buleha le tsela ya ho hlahiswa ha di-CD-ROM le di-DVD.
Philips, ya hlahisitseng CD a le mmoho le Sony, o nahana hore ho se ho rekisitswe ke tsa hodimo ho tse 200 billion. Ya pele e ne e be ya The Visitors, sehlopha sa Sweden sa mmino wa pop, ABBA le sa mmino wa classic.
Ho bua nnete, Philips o ne a qale a batla mmino wa classic hobane a re barati ba ona ba tla thabela ho mamela wa boleng bo hodimo hape ba tla kgona ho reka di-CD tse bitsang.
Eo ke nnete. Boleng bo hodimo ba mmino bo ne bo utlwahale ho CD. "Ka nako eo sebapadi sa piano, Claudio Arrau wa Chile, a neng a rekota CD ya hae ya pele ya Polygram ho ne ho utlwahale hore o ne a ntse a lema. Ka nako eo mmino o neng o bapalwa direkoteng, seo se ne se sa utlwahale hohang," ho bolela setho se seng sa ntshetsopele ya Polygram CD.
Empa eitse ha Dire Straits e hlahisa Brothers In Arms ho CD ka 1985 mmino wa hlaka ka ho fetisisa.
Theko ya tsona e a theoha, re leboha bokgoni ba ho rekota mmino le ho o kenya ho MP3 player. Ba kgwebong ya mmino ba re CD le yona e tla nyamela hantle jwalo ka direkote tseo tsa mehleng...
BONA
Batla lentswe
maqephe a boithabiso
Dikgofu di ntsha lero le metsi le kgoramelang le di sireletsang ha di tsamaya hodima lona. Lero lena le di sireletsa hantle hona hoo di ka kgonang le ho tsamaya hodima lehare le sa di sehe
Batla lentswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalla. Bala o sa tlole tlhaku. Le tshwaye leo o le fumanang mme o le hlakole lenaneng la a lehlakoreng.
Ke diboko feela!
London le Tokyo, "ditlelapo tsa masisapelo" di se di ratwa. Baokamedi ba dikhampane ba rentela ho shebella difilimi tse bohloko, ebe diboko feela kapa ba ye dikopanong tsa ho lla, ho ya ka tlaleho e nngwe ya koranta
Tsohle ka...
ZAMBEZI
Noka ya Zambezi ke ya bone ka bolelele Afrika Borwa mme e bolelele ba 2 574km, ke yona e kgolo ho tse hlatsetsang lewatleng la India.
E tloha Zambia e tabole Angola, ka lebopong la Namibia, Botswana, Zambia, Zimbabwe e be e ilo hlatsetsa lewatleng la India.
Ho na nokeng eo ho na le Phororo ya Victoria.
Leha e le telele hakalo, empa e na le marokgo a tsheletseng feela: bo mane Chinyingi, Katima Mulilo, Phororong ya Victoria, Chirundu le Tete, ho latele ba Dona Ana bo mane Mozambique.
Ho na le matamo a mabedi nokeng ena ao ho fehlwang motlakase ho ona - la Kariba le fehlang motlakase o fepelang Zambia le Zimbabwe le la Cahora Bassa mane Mozambique lona le fepela Afrika Borwa.
Nokeng ena ho na le diphoofolo tse kang dikubu le dikwena.
Haufi le yona ho na le tse ding diphoofolo tse kang ditshukudu, diqwaha, dithuhlo, ditlou, athe le ditlhapi di ngata nokeng ena. [s]
Bopa lentswe
Sheba hore o ka bopa lentswe lefe la Senyesemane le tlhaku di nne kapa tse hlano ka ditlhaku tse masakaneng. Tlhaku e hare (e kgubedu) e tlameha ho sebediswa mantsweng ohle. Bopa lentswe, tlhaku ka nngwe e sebediswe ha nngwe feela.
NA O NE O TSEBA?
Tlhapi e bitswang Tjhaka e fumanehang nokeng ya Zambezi, e fumaneha le lefatsheng ka bophara. Hangata ho bolelwa ha e fumaneha lewatleng, empa e ntse e fumaneha le dinokeng tse bohareng ba naha jwalo ka ya Zambezi. Ho bolelwa ha e le bohale haholoholo bathong.
Marangrang a ditshwantsho
Roger Milla
Lebitso la nnete: Albert Roger Miller
Letsatsi la tswalo: Motsheanong 20, 1952
S EBAPADI sa pele sa Cameroon ebile sona sa pele sa Moafrika sa ho ba naledi ya mathjaba. O bapetse ditlhodisanong tsa Mohope wa Lefatshe tse tharo, o na le 38, e leng dilemo tseo dibapadi tse ngata di behang meja fatshe ka tsona bolong - o korile dintlha tse nne Mohopeng wa lefatsheng wa 1990, a thusa Cameroon ho fihlella ho sekamakgaolakgang.
Paul Biya, mopresidente wa Cameroon, o ne a founele Milla a mo qeka ho kgutlela bolong.
Milla a kgutla ho tla bapalla Indomitable Lions ka 1994 Mohopeng wa Lefatshe. O ne a ena le dilemo tse 42 ka nako eo, e le yena sebapadi se seholo ho tse kileng tsa bapalla mohope ona - le mohlabadintlha ya moholo!
Ka 2004 a balellwa hara dibapadi tse pele tse 125 tse neng di kgethwa ke Pelé ha FIFA e ne e keteka.
BONA
maqephe a boithabiso
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlang ho se ngola masakaneng.
Di-dolphin di robala bosiu ka tlasa metsi. Di hlahisa dihlooho kgafetsa ho fumana moya wa ho hema
u
