sotho.608.bec events
Qala kgwebo
REKA dikobo tsa Aranda tse ngata ka dinyehlisetso, o di rekise ka phaello.
Seo o se hlokang feela ke:
1. Ho ya moketeng wa BONA Empowerment Club.
2. Ditaelo tsohle tsa kgwebo le foromo ya ho otora di pakaneng e fumanwang moketeng.
3. Buisana le batho bao o tla ba rekisetsa. O ka rekisetsa boramabenkele kapa dikolo esitana le setjhaba ka kakaretso.
Athe ha o sa kgone ho ya dikopanong tsena ka pele ka moo o lakatsang ka teng, o ka letsetsa Jerminah Tseise wa ha Aranda ho 011-693-3721 ka dinako tsa mosebetsi, o mo kope ho o romella ditlhalosetso tsena ka fekese.
Ha o batla ba tlo buisana le lona, mohlomong setokofeleng, o ka letsetsa Mohokahanyi nomorong ena 011-883- 8829 ho beheletsa sebaka. Aranda le BONA Empowerment Club e tla ba le dikopano tsa ho o hlokomedisa menyetla ya kgwebo selemong sena sa 2007 kaofela.
Bohahlaudi ba setso le menyetla ya temo ho ya selemong sa 2010
MAIKEMISETSO a BONA Empowerment Club ke ho thusa babadi ho ba hlokomedisa menyetla ya dikgwebo tseo ba ka iqallang tsona.
Maafrika Borwa ha a na kgwebo e se nang phaello mme ke maikemietso a rona ho netefatsa hore o na le ditlhoko tse nepahetseng.
Ka Loetse BONA Empowerment Club e tla ketekelwa Bloemfontein Civic Theatre, Elizabeth Street, hona teng Bloemfontein.
Mookotaba moketeng ona e tla ba bohahlaudi ba setso, temo le menyetla e lebisang selemong sa 2010.
Dibui tsa letsatsi di tla kenyeletsa le mookamedi wa Mangaung 2010.
BONA SESOTHO - September 2007
Re motlotlo ka Diepsloot Athletics Club
SELEMONG sena Diepsloot Athletics Club (DAC) e rometse dimathi tse 17 ho Comrades Marathon mane Thekong. Tlelapo ena e hlahisang le ho rupella dimathi, e rupella bana ba 50 ba tlang boikwetlisong beke le beke. E mong wa dimathi tsa bona tse tshepisang haholo ke Edwin Molepo (20), ya kileng a emela Afrika Borwa ho
3 000 metre steeplechase mabelong
a Bomampodi ba Junior World mane Beijing ka 2006.
Ho Comrades Marathon tlelapo ena e ne e emetswe ke Elizabeth Maphuti Phaka (28), ya neng a matha lebelong lena lekgetlo la bobedi.
Pele ho Comrdaes Marathon, Elizabeth o ne a itshupe hore o se a ho loketse ho ya matha lebelo lena le le lelele ka ho tswa maemong a 27 maratoneng ya Kapa - The Two Oceans.
Dilemong tsena tse tharo tse fetileng, Tlelapo haesale e tshehetswa ke Fourways Roadrunners Development Programme le Mageu Number 1 mme e se e atlehile haholo.
Sasko - sehopotso sa dilemo tse 70
SASKO FLOUR jwalo ka batshehetsi ba baholo ba 2007 BONA Empowerment Club - bao e sa leng ba qala ka 2006 - e keteka dilemo tse 70 ka motlotlo o moholo.
Diresepe tsa Folouru ya Sasko di bonolo hona hoo o kgonang ho bakela ba lelapa eng kapa eng ka katleho hape ha o senyehelwe ke nako e ngata.
Hobaneng o sa tle dikopanong tsa BONA Bake & Cook for Profit hore Sasko Flour e o rute sohle ka mepato e mathemalodi"
Folouru ya Sasko e entswe ka koro ya boleng bo hodimo feela ya kwano le ya dinaheng tsa kantle ho netefatsa hore o dula o tshola masutsa ka yona. Tshepa Sasko Flour bakeng sa masuta mopakong!
Bula kotikoti ya Glenryck o ntlafatse bophelo
HO hlokomela ba malapa a rona ho re nka nako e telele hoo re qetellang re lebala le ditlhoko tsa rona tsa bophelo. Kotikoti ya Glenryck e na le phepo e phethahetseng, e na le Omega-3 fatty acids le calcium e molemo bakeng sa kelello e tjhatsi le masapo a tiileng.
Tswaka diresepe tseo o di ratang le tlhapi ya Glenryck ha o phehela lelapa esitana le ha o etsa mofao wa mosebetsing. Etela ho www.nola.co.za, o bone diresepe tse monate tsa lasagne, tlhapi, dikuku, di-salad le tse ding feela tseo ka di jelellang ka toast!
Ho bonolo ho pheha tlhapi e Spicy Chilli kapa e tlwaelehileng ya Tomato Sauce mme hape dikotikoti tsa yona di se di buleha ka bonolo. Dijo tse nang le phepo di pheheha ka bonolo - ha o bula kotikoti ya tlhapi ya Glenryck! [s]
Tlhodisano ya SavellsFairdeal BONA Empowerment Club Community Builder
HO kgothatsa batshehetsi ba bona ba tshepahalang le ditho tsa BONA Empowerment Club, SavellsFairdeal e hlahisitse leano la ho thusa le ho ntshetsa setjhaba pele le bitswang SavellsFairdeal BONA Empowerment Community Builder.
Ha le wena o batla ho ba le seabo tlhodisanong ena, o ka kgetha motho ya thusang setjhaba, a sa sheba phaello dinthong tsena tse latelang: Bonono, Moetlo le dipuisano; Kgwebo; Thuto kapa tsa Bophelo bo Botle le tsa Kaho ya Setjhaba.
Bahlodi ba kgwedi le kgwedi ba tla hapa, motho ka mong Sansui DVD Player; athe mohlodi wa selemo yena o tla hapa lengolo la ho reka fenetjhara la ha SavellsFairdeal.
Mohlodi wa pele wa kgwedi ya Motsheanong ke Thomas Rasekhinya, rakgwebo wa Mamelodi. Rasekhinya o se a fetotse moaho wa kgwebo ya hae hore ka nako e nngwe ebe studio moo a tshwarelang teng dipontsho tsa batho ba sa sebetseng ba sebakeng seo.
Thomas o rerile ho bula sekolo sa thupello ya ho lokisa dithapo tsa dikoloi ka nako e tlang.
Woodlands Dairy e hlahisa First Choice Long Life Milk
WOODLANDS Dairy haesale e kenya lebese ka mabokoseng mme hape e hlahisa le dietswa tsa lebese ho tloha ka 1996. Batla First Choice Long Life Custard, Butter, Cream le Kase. Jwalo ka batshehetsi ba BONA Empowerment Club's Bake & Cook for Profit, First Choice e lokela ho ya ba kgetho ya hao ya pele ha o baka, o phehela lelapa kapa mokete.
Re ngolle ho First Choice/BONA Recipe Competition, Box 1300, Rivonia, 2128, o re bolelle resepe ya hao eo o e ratang. Se lebale lebitso, aterese le nomoro ya mohala mme ha o na ho memelwa moketeng feela empa o tla boela o fumana le monyetla wa ho hapa sephuthelwana sa Woodlands Dairy se bitsang R200 hona moo moketeng.
BONA SESOTHO - September 2007
Diketsahalo tsa
Loetse
Lepetjo la BONA Empowerment Forum: Menyetla ya kgwebo ya bohahlaudi le temo ho ya selemong sa 2010
Sebaka: Bloemfontein Civic Theatre,
PACOF, 13 Elizabeth Street,
Bloemfontein
Letsatsi: Labone 27 Loetse 2007
Nako: 6.30pm bakeng sa 7pm
Moaparo: Bokgabane/serabe
Ho kena: R30 motho.
(Ho balellwa dijo le dimpho. Bareng ho tla rekiswa.) Ho lefshwa monyako
HO BEHELETSA SEBAKA: Letsetsa Puleng ho 011-883-8829 (ka dinako tsa mosebetsi)
Bake & Cook For Profit Workshop
Sebaka: Bloemfontein Civic Theatre, PACOF, 13 Elizabeth Street, Bloemfontein
Nako: 9am-1pm
Letsatsi: Labohlano, 28 Loetse 2007
Ho kena: R20 motho, e lefshwa monyako
HO BEHELETSA SEBAKA: Letsetsa Puleng ho
011-883-8829 (motsheare)
Force Khashane,
mohlophisi wa BONA.
Mong Kgabele Mule, Mookamedi wa tsa Thekiso wa ha SEDA.
Vicky Kubheka, Bake & Cook for Profit sebohodi le sephehi se tsebisahalang sa Soweto.
