sotho.607.coffins
Ebe ba tla felehetswa hantle"
MATSATSING ana mapato a se a fetohile kgwebo e kgolo e thefulang bang ka mofu ba iphumanang ba le tlasa kgatello ya ho etsa lepato le hlomphehileng la ditjeho.
Empa sena se tla tjhetjha ho ya ka moo rakgwebo enwa ya motjha, Paseka Hlatswayo a hlophisitseng ka teng. O dumela hore lepato le letle ha le a lokela ho ya ka ditjeho, Paseka o na le leano le letjha.
"Re batla ho felehetsa bang ka rona ka hlonepho le ka bokgabane mme ke bona ekare batho ba a qhekellwa ha ho etswa hore ba nahane hore lepato le hlomphehileng ke la ditjeho," ho bolela yena.
"Ho ya ka moetlo baholo ba habo rona ba ne ba bona ho le bohlokwa ho felehetsa wa leloko ka hlompho ba sa natse ditjeho tse tsamaisanang le seo."
Tsena tsohle di ne di qale ha Paseka a ne a shebelletse lenaneo le leng la TV le neng le bua ka kgaello ya ditsha tsa bafu mme a nahana ka tharollo - ho tjheswa ha bafu kapa ho pata batho ba ka hodimo ho a le mong lebitleng le le leng - yaeba dintho tseo a bonang di sa tsamaisane hohang le tumelo ya moetlo wa Seafrika.
Paseka a qala ka ho etsa dipatlisiso tsa ka moo mehleng ya pele Maafrika a neng a pata bafu ba bona ka teng haholoholo ba leloko la moreneng.
A qala ho tseba hore baetapele bana ba mehleng ba ne ba patwa ba kokometse. Sena se ne se etswa ka tumelo ya hore meya ya bona e ke ke ya shwa lekgale empa e tsoha hape mme erekaha batho ba belehwa ba le sebopehong se kang sa ho kotsama ke sesupo sa ka moo ba qalang ho phela ka teng mme ke ka hona ba neng ba etse qeto ya ho ba pata ka mokgwa oo.
"Ka hlokomela hore le nna ha nka pata bafu ka ona mokgwa ona, ke tla be ke ba thusa hore ba phomole ka kgotso," ho bolela yena.
"Bafu bohle jwale ba se ba ka thabela ho patwa ka mokgwa o kgethehileng oo e neng e le wa ba leloko la moreneng feela esitana le batho ba atlehileng haholo bophelong mme ka akanya mokgwa ona o motjha wa ho pata bafu."
Ka mora selemo ke etsa dipatlisiso ka etsa diteko, Lebone ya thehwa kopanong ya matjhaba ya bapati ka Phupjane 2006. Jwalo ka ha lebitso le bolela, le mabokose a teng a ralwa jwalo ka lona lebone, e leng se etsang hore a dumele ho ba manyenyane mme le mabitla a be manyenyane.
Lebitla la Lebone le ka ba boholo ba dipersente tse 66% ka tlase ho le tlwaelehileng. "Re sebetsa mmoho le National City Parks, ho netefatsa hore bomasepala kaofela ba kgona ho tjheka mabitla a tla kgona ho kenya mabokose a rona," ho bolela Paseka.
"Bapati le bona ba rupellwa botjha hore ba tsebe ho tshwara mapato a Lebone, athe ha se le mosebetsi o thata," ho bolela yena. le jwale basebetsi ba ntse ba rupellwa ka thuso ya Yunivesithi ya Wits.
Mabokose a Lebone a boetse hape ha a hloke lepolanka le le ngata ha a tshwantshwa le ana a tlwaelehileng.
Erekaha ha le etswe ka lepolanka le le ngata jwalo ka a mang, ha a bitse haholo. [s]
BONA SESOTHO - July 2007
Ba robale ke kgotso
Borakgwebo ba Afrika Borwa ba hlahisitse mokgwa o motjha empa oo e leng wa "kgale" wa ho theola ditjheho tsa lepato esitana le ho se sebedise setsha se seholo ha ho hlonetjwa baholo ka moetlo ona wa habo rona wa seholoholo
Ke leo he...
pale ka TANIA SANDBERG
Le eme ka bolelele, ho dumelwa hore lebokose lena ha le hloke setsha se seholo.
' DITLHALOSETSO: South African Funeral Supplies (SAFS) e na le tokelo yohle ya ho etsa le ho rekisa mabokose ana. Malapa a ka a reka ho SAFS, kapa a kope bapati ho buisana le SAFS hore ba fumane Lebone la nnete.
Bakeng sa ho a reka ho SAFS, o ka letsetsa ho 031-507-8150.
BONA SESOTHO - July 2007
