sotho.605.car
Hlokomela moreki
Seo o ka se hlahlobang ha o reka koloi ya lesekene
pale ka INKOSAZANE SITHOLE
SELEMO le selemo, setsi se eletsang bareki se fumana ditletlebo tse dikete ka selemo ho tswa ho batho ba rekileng dikoloi tsa masekene. Ha ho ne ho rekisetsanwa, ho ne ho buuwa ha monate.
Ha o se o kene "sefing" sena, ho ba boima ho tswa, le ho kgutlelwa ke tjhelete.
Netefatsa hore ho kganya hantle hore o tsebe ho kgona ho hlahloba koloi eo... O be sedi haeba morekise a o beha merebele ha o leka ho hlahloba koloi eo!
MAFOME: Mathisa makenete mmeleng wa koloi mme ha ho le teng moo o sa itshwarelleng teng, ho bontsha hore e kile ya kobollwa ya kwalwa ka filler.
O boele o hlokomele le matjhatjhetsi a tletseng hohle a mafome.
Seo ke letshwao la hore karolo e kgolo ya yona e se e senyehile.
Haeba ho kgoneha, e phahamise koloi mme o e hlahlobe ka tlase, haeba e na le mafome hohle manonyeletsong, o se e reke.
OLI: Ha enjine e dutla oli, seo se bolela hore e hloka di-gasket tse ntjha.
MABIDI: Netefatsa hore mabidi mmoho le la sepere ke mofuta o le mong mme hape le metsero ya teng e maemong a amohelehileng. (Teng o ka a reka a mang mabidi, empa e seng hang feela ha o qeta ho reka koloi.)
MMELE: Hlahloba suspension ka ho e hatelle dikgutlong tse nne tsa yona, ha e le maemong, ha o e tlohela, e tlameha ho phahama e se ka nna ya ya hodimo le tlase. Ha e e ya hodimo le tlase, o se o ntse o e tlohetse, suspension e fedile.
Netefatsa hore mamati, difenstere, bonnet le boot di kwaleha le hona ho notleleha.
HO TSOFALA: Hlahloba ditulo, o phahamise le dikhaphethe. Ha o bona mafomenyana, seo se bontsha hore metsi a a kena.
Hlahloba mabanta a pholoso.
ELECTRICS: Hlahloba mabone, di-indicator, hooter, di-wiper le di-washers. Botsisisa hore na dintho tse ding tse kang radio di balelletswe moo tjheleteng ya koloi.
ODOMETER: Hlahloba odometer. Dipalopalo tsa yona di nepahetse" Sheba hore se bolelwang ke yona se a dumellana le se ngotsweng fatshe.
Koloi ya motho ha ngata e tsamaya 19 000km ka selemo mme ya khampane yona 65 000km ka selemo. Haeba ya rekisang koloi a tjhetjhisitse odometer, ho hlakile hore ke senokwane.
ENGINE: Hlahloba hore na ha e so ka e lemala mme ya tjheseletswa.
Sheba hore na ha ho moo metsi a dutlang. Dintho tse kang mathopo a radiator ke dintho tseo o ka ithekelang, empa haeba ho dutla radiator, ke e nngwe taba.
E dumise
E dumise jwale. E tlohele ho fihlela e futhumala hore o e utlwe hantle hobane ho na le barekise ba bohlale, ba sebedisang oli e loileng enjineng le ho gearbox ho etsetsa hore o se utlwe haeba di tsofetse.
DIPSTICK: Marothodi a metsi kapa oli e mmala o moputswa e bolela hore cylinder head e peperane.
Hape: bula sekwaelo sa oli. Lephoka kapa mowa, o tla be o bontsha hore enjine e se e tsofetse.
EXHAUST: Haeba koloi e se e dumme metsotso e fetang e mehlano, e reve. Mosi o motsho, o bolela mathata a carburettor, o bolou ona o bolela mathata a enjine.
RADIATOR: E time. Ha e se e fola, bula sekwaelo sa radiator o sebedisa lesela ho thibela ho tjha. Ha o ka bona mafura kapa makweba hodima metsi, mathata a teng - ho ka ba betere haeba ho tabohile gasket, mathata a maholo ke haeba ho peperane cylinder block kapa cylinder head.
Dikoloing tse nang le radiator e se nang sekwaelo, sheba sekupu sena seo ho tshelwang metsi ho sona.
LESHALA: Le hlahlobe ka hore o tlohele mabone a koloi a kgantshitse metsotso e mmalwa mme koloi e boele e dume ntle le mathata.
E kganne jwale
Jwale ke nako ya hore o e kenye tseleng, o tlameha ho nka tsela a nang le moepa le ditsela tse mpe mmoho le e otlolohileng moo o tlang ho e kgwaphola ka lebelo le fetang 80km/h.
MARIKI: Le ona a hlahlobe. Haeba leoto le dikela haholo pele koloi e rika, koloi e ya ka lekeke ha e rika kapa mariki a baka lerata, a ebe a na le mathata.
LERATA LE SA TLWAELEHANG: Mamela lerata le sa tlwaelehang. Ho se tsetsi ha mabidi a ka pele, ho ka bakelwa ke mathata a steering kapa yona suspension.
Lerata ha o tjhentjha dikiara kapa kiara e itswelang feela, gearbox e ebe e na le mathata.
DIKIARA: Netefatsa hore o kenya dikiara tsohle. Ha ho na le lerata le utlwahalang jwalo ka mora ho kenya kiara, le ebe le o hlokomedisa ka mathata a maholo (ho di big end tsa di-piston).
AXLE: Kganna ka 65km/h o tsamaya ka kiara ya ho qetela mme ha diff kapa tsona di-CV Joints di korotla, mathata a teng.
BEARINGS: Kenya koloi ho neutral e matha ka 50km/h. Haeba ho na le lerata le utlwahalang, di-wheel bearing di ebe di fedile.
STEERING: Kganna ka 50 km/h mmileng o otlolohileng, tlohela lebidi la ho kganna, haeba le bontsha ho thothomela, kapa koloi e thinya e sa lebe pele, tseba hore o hloka wheel balancing, kapa alignment, athe ho ka etsahala mohlomong o tlamehe ho lokisa sona steering mechanism.
CLUTCH: Emisa koloi moepeng e ntse e duma, o tlame boriki ba letsoho. Ha o qala o phahamisa leoto ho clutch hanyane feela, koloi e tlameha ho batla ho tsamaya, ha e sa etse jwalo, clutch e tla be e se e batla ho tjhentjhwa.
Se molemo
Pele o ka nka qeto ya ho reka koloi eo, ho ka ba molemo ho kopa setsebi sa dikoloi ho ya o hlahlobela yona. Ba ha AA ba ka o etsetsa mosebetsi oo, empa ba tla o lefisa tjhelete e itseng mme ba o nehe tlaleho e ngotsweng fatshe ka koloi eo.
Ha o ka ba le qeaqeo ka koloi, e tlohele o shebe e betere nqa e nngwe. [s]
BONA SESOTHO - February 2008
Ha ho hlokahale hore o be kwakwariri ya makhenikha hore o qobe ho qhekellwa ha o reka koloi ya lesekene. Pele o reka koloi, nkela mehato e latelang hloko...
BONA SESOTHO - February 2008
