SOTHO.602.yourman_sport
DINALEDI DIPAPADING
Jwalo ka ha selemo se fela BONA e
shebisisa dibapadi tse ipabotseng tsa
Afrika Borwa dipapading selemong
sena sa 2009
(Mampodi wa Lefatshe lebelong la 800m)
Ngwanana enwa wa Limpopo ya dilemo di 18 ke semathi seo re ka se bohang dilemong tsena tse tlang. Ntle ho dipuo-puo ka bong ba sona, selemong sena se mathile mane Berlin ditlhodisanong tsa IAAF mme sa tswa le metale ya kgauta.
(Mohlabadintlha wa Lamontville Golden
Arrows le Bafana)
O na le dintlha tse ka hodimo ho tse 22 ka selateng sa hae, o kile a hapa sekola sa Mohlabadintlha ya Hlwahlwa wa selemo sa 2008/2009. Naledi ena ya Kimberley e a ipabola ka ho hlaba dintlha le mokwetlise wa mehleng Joel Santana o a tseba.
(Sebapadi sa mokgubong sa Everton
le Bafana Bafana)
Ka mora ho bapalla Everton ho tloha ka 2007, Schilo (ho ya ka moo a tummeng ka teng) o ne a kwale banyefodi ba hae melomo Mohopeng wa Confederations wa 2009 ka ho itshupa hore ke sebapadi sa matjhaba. Ke se seng sa dibapadi tse hlontjhwang, e seng ke ba direng feela, empa le FIFA ka sebele. O ne a menngwe le Dipapading tsa Ditlhophisetso tsa Mohopeng wa Lefatshe wa 2010.
(Sebapadi sa mokgubung sa Orlando Pirates le Bafana)
O tumme ka la 'The General', Modise ho ba bangata o tsejwa ka bokgoni ba hae ba ho laola papadi, sesupo sa seo ke maemo a bobedi ao Pirates e neng e qete e le ho ona selemong se fetileng sa bolo.
Tjhebelopele ya hae le setaele sa hae seo o ke keng wa tseba hantle seo a se nahanneng ka bolo, e ile ya hlolohelwa ke bohle dipapading tsa setswalle tsa matjhaba tsa Bafana. Le sehlopheng sebapadi sena se kgethilwe e le se Hlwahlwa sa Selemo ke Batshehetsi, se bonahala se tswile motjheng.
(Mampodi wa Lefatshe lebelong
la 800m)
Ka mora ho hapa metale ditlhodisanong tsa Bompodi ba Mabelo tsa IAAF ka Phato 2009, monna enwa wa Limpopo ebile motho e motsho wa pele, naheng ena ho ballwa hara dimathi tsa lefatshe.
BOMPODI BA RONA!
(Mpodi wa lefatshe wa metale
ya silivera)
Monongwana ka Phupu o ne a etse nalane e ntjha ya Maafrika ditlhodisanong tsa long jump ho IAAF Super Grand Prix mane Madrid. O ne a tlole bolelele ba 8,5m, a otla rekote ya Afrika ya 8,46m e neng e tshwerwe ke Cheikh Toure wa Senegal.
(Sethibathibane sa Kaizer Chiefs le Bafana)
Sebete le mafolofolo di entse hore Khune a qetelle a ballwa hara dithibathibane tse hlwahlwa. Leha a kgathatswa ke ho lemala empa boleleleng ba selemo sena, ebile sethibathibane se pele sa Afrika Borwa.
(Sebapadi sa Sharks le Springbok)
Letswallwa lena la Zimbabwe, Mtawarira le atlehile haholo selemong sena ho Super 14 se bapalla Sharks. Sena sa etsa hore a kgethelwe ho bapalla le Springbok.
Ditlhodisanong tsa British and Irish Lions Tour ka Phupjane, "Beast" o ne a rwale di-scrum tsa Springbok ka mahetla, a otla ka leoto fatshe hore sehlopha sa hae se tswa pele.
(Sebapadi sa mokgubung sa Kaizer Chiefs le Bafana)
Naledi ya Kaizer Chiefs ke sebetsa sa Bafana. Ha maqheka ohle a nyopile, Tshabalala o a kena mme hanghang a tjhentjhe maemo a papadi. O tshwarisa dibapadi tsa morao mamphele ka sekotlo, ka nako e nngwe a be a hlabe dintlha.
(Mohlodi wa 2009 Comrades Marathon)
Lebelo lena le thata ka ho fetisisa lefatsheng, Muzhingi, wa Zimbabwe o ne a netefatse hore sekola sa lona ha se tswe kontinente ena monongwaha. Semathi sena (33) se ne se qete e le sa bobedi hara tse lebelo haholo nalaneng ya lebelo lena la Comrades. [s]
Pale: Gabriel Sithole
Ditshwantsho: Gallo
