sotho.59.careers
Mesebetsi e metle
BONA SESOTHO - June 2006
O batla ho etsa se molemo" Ho bolela hore o lokela ho ba mooki! O ke ke wa hloka mosebetsi!
pale ka GRACE KHUZWAYO
ditshwantsho ka BRETT FLORENS
P
MOHLA la 12 Motsheanong, ke letsatsi la National Nurses Day. Ke ka hona BONA e ileng ya ipha nako ya ho tsamaya le baoki ba babedi ba Netcare Umhlanga Hospital mane KZN e batla ho utlwisisa ka profeshene ena ya ho hlokomela ba bang...
Pale ya Brian
Batho ba a makala ha ba qala ho hlokomela hore Brian Khambule ke mooki. Sehanyata sa monna se kang sebapadi sa rugby se nyolosa se theosa diphaposing tsa bookelo!
Empa ha o bona a bua le bana, o qala ho hlokola hore monna enwa o na le kutlwelobohloko mme ona mosebetsi ke o mo tshwanetseng. Ho tloha ka 2003 Brian e le staff nurse phaposing ya bookelo ya bana. "Ke ne ke batla ho ba ngaka empa ka hloka tjhelete ya ho ntshetsapele dithuto tsa ka yunivesithing," ho bolela yena.
"Ka mora ho rupellwa ho ba mothusi wa baoki, ka kena ho Netcare mme ka mora ho etsa dithuto tse ding ka fumana mangolo a ho ba staff nurse."
Mosebetsi wa Brian o kenyeletsa le ho nwesa bakudi meriana, ho ba hlaba nale, ho ba fa dijo, ho ba alolela le ho thusa baoki ba ka sehloohong le dingaka. Sa bohlokwa haholo, ke ho dula a tshedisa bana ba opelwang.
Leha ka nako e nngwe ho ba bohloko ho bona ngwana a hlokahala empa hangata ho a thabisa ho bona ya neng a kula haholo a boela a phela mme a kgutlela hae a thabile.
"Ke ba motlotlo ha ke bile le seabo kalafong ya ngwana. Ke seo mosebetsi wa booki o leng sona," ho bolela Brian.
Pale ya Pearl
Sister Pearl Mdluli o sebetsa phaposing ya bakudi ba harohileng matswalo moo baoki ba dutseng ba qakehile ba amohela bakudi ba tliswang ka dikoloi tsa bakudi.
Karolo ena ya sepetlele le yona ke e nngwe eo Pearl a phethang letsatsi la hae la mosebetsi a nyolosa a theosa ho yona, a thusa bana le batho ba baholo, ho tloha ho ba kgohlelang ho ya ho mahlatsipa a dikotsi tsa mefutafuta."
"Haesale ke lakatsa ho sebetsa tsa phaposing ya bakudi ba tshohileng mme ke ne ke thabe ha ho hlaha sekgeo," ho bolela Pearl, ya neng a phethe dithuto tsa hae ka 2003.
Meya e dutse e phahame hobane baoki ba dutse ba tshedisa ba leloko la bakudi ba hlahetsweng ke dikotsi.
Maemo a baoki a thuto
Ke maemo a mararo:
lA pele: O etsa dithuto tsa nursing auxiliary (ENA) kapa ho ba mothusi wa baoki. Ke dithuto tsa selemo.
lA bobedi: Dithuto tsa booki, tsa staff nurse - ke dithuto tsa dilemo tse pedi.
lA boraro: Mooki wa Profeshenale, ya bitswang Sister - dithuto di nka dilemo tse nne.
Mooki eo o ebe a pasitse dithuto tsa ho etsa mesebetsi yohle ya booki, ho belehisa, ho oka ba ferekaneng dikelello le thusa setjhaba ka tsa bophelo bo botle.
Hang ha o se o phethile dithuto, o ka ikgethela hore o batla ho sebetsa hara bakudi ba mofuta ofe, jwalo ka bana, batho ba baholo, mahlatsipa a dikotsi kapa makaleng a mang a mangata. Ho hlokahala lengolo la materiki ho ba batlang ho etsa dithuto tsa dilemo tse nne athe tse ka tlase ho moo bonyane o lokela ho ba le lengolo la Grade 10. Dithuto tse kang biology, science le maths di bula menyetla e meholo.
Menyetla ya mosebetsi
Leqeme la baoki naheng ena le ho tse ding tsa mose, le etsa hore ba ithutetseng ona ba be le menyetla e meholo ya mosebetsi.
"Ha o ena le lengolo la booki o na passport ya ho ya naheng efe kapa efe ya lefatshe eo o batlang ho ya sebetsa ho yona," ho bolela Eileen Brannigan, molaodi wa matjhaba wa booki wa ha Netcare.
Leha ho le jwalo, ela hloko hore booki ha se mosebetsi wa madi jwalo ka ha bo hlola ho bontshitse ho TV," ke tlhokomediso ya hae eo.
"Ke wa batho ba batlang ho sebetsa ka thata - ke wa ya nang le kutlwelobohloko ya thabelang ho thusa le ho alafa mme moputso wa sena ke ho kgotsofala moyeng."
Moputso ona
Ho ya ka boholo le mofuta wa sepetlele. Mothusi wa mooki o fumana moputso o qalang ho R3 500 le R5 000 ka kgwedi athe wa staff nurse o pakeng tsa R4 500 le R7 000. Ha sister yena a qala ho R6 800, o nyolohe hoo o ka fihlellang ho R17 000 ho ya ka lekala leo a sebetsang ho lona le boiphihlelo.
Moo o ka rupellwang teng
Thupello e a fumaneng dibakeng tsa mmuso le dikholetjheng tsa poraevete le diyunivesithing. E kenyeletsa le ho bokelletsa boiphihlelo ka ho sebetsa sepetlele.
Dikolo tsohle tsa thupello di lokela hore di be di ngodisitswe tlasa South African Nursing Council (SANC), bohle ba eletswa ho netefatsa hore sekolo se ba batlang ho ya ithutela ho sona se fela se ngodisitswe tlasa khansele ena.
Hona le dikolo tse seng molaong tse sa ngodiswang ho SANC mme mangolo a bona a thuto ha a amohelehe hohang. SANC e ka letsetswa ho 012-420-1000. O ka boela wa fumana le ditlhalosetso tse ding mmoho le lethathama la dikolo tse molaong ho website: www.sanc.co.za. [s]
rofeshene ya boitlamo
KA HO LE LETSHEHADI:Ke mang ya reng booki ke mosebetsi wa basadi feela" E seng ho Brian Khambule.
KA TLASE:Mooki, Pearl Mdluli, o oka mahlatsipa a dikotsi, o dutse a qakehile a thusa bana, ho tloha ho ba kgohlelang ho ya ho mahlatsipa a dikotsi le dithunya...
BONA SESOTHO - June 2006
