sotho.595.yourlifeguide_health
RE PHETHA karolo ya boraro lekgolong maphelong a rona re robetse, ho ya ka dipatlisiso tsa SA Sleep Centre, empa a le mong hara ba bararo o a hlobaela ka nako e nngwe. Ka mora kgwedi o hlobaela, ho a totobala hore mathata a hlokang kalafo a teng.
Ho na le mefuta e 84 ya mathata a ka hlobaetsang motho. A tlwaelehileng haholo ke a:
1. Kgatello
E, e lokile empa ha e se e le matla, e kotsi, e ka hlobaetsa boroko. Ho se robale hantle e ka nna yaeba letshwao la ho tetebela maikutlo ke ka hona ho hlokahalang thuso ya ngaka esitana le ho hlobaela ha ho se ho nka nako e telele.
Bohle re ba le kgatello neng neng bophelong empa ho na le melao e tlwaelehileng eka re thusang. Laboratering ya Wits Dial-a-Bed Sleep ho entswe ditlhahlobo ka sehlopha sa bolo sa Bidvest FC ho shejwa hore ho itlhophisetsa tlhodisano e kgolo ho ka ama boroko ba dibapadi jwang esitana le ho e hapa kapa hona ho hlolwa ho yona. Ngaka Alison Bentley, mookamedi wa laborateri ena, o na le tshepo ya hore ditlhahlobo tsena, di tla thusa Maafrika Borwa hore a tsebe ho tobana le diphephetso tse kgolo maphelong.
2. Mahloko
Bakudi ba atisa ho lla ka hore ha ba bo hlothe ke mahloko mme le baetsi ba dipatlisiso ba Wits Sleep Lab ba hlahisitse bopaki ba seo - leha dingaka tse ding di ba hanyetsa. Ba dipatlisiso jwale ba shebisisa mathata a bakelwang ke mefuta e itseng ya mahloko a nako e telele, jwalo ka mahloko a selumi le ka moo a ka hlobaetsang mosadi ka teng le ka moo ho hlobaela hoo ho ka thefulang masole a mmele ka teng mosading ya nang le kokwanahloko ya EITSI.
3. Kalafo
Mmele ya batho e ameha ka mekgwa e fapaneng ke mefuta e fapaneng ya kalafo mme ba bang ba a hlobaela. Haeba o sa tswa qala ho hlobaela, shebisisa esebe mohlomong o tjhentjhetswe kalafo kapa o qadile e ntjha.
Mohlomong ha o ka tjhentjha, wa nwa meriana o ka thusahala. Cortisones e alafang mosolo le letshweya ke e nngwe ya mefuta ya kalafo eo motho a ka e nwang ha di tlwaela makgulo hobane e hlaphola mmele. Bua le ngaka kapa le rakhemisi.
4. Mathata a bophelo
Lesokolla le lona le ka hlobaetsa le ho rota kgafetsa bosiu ho ka etsa hore o phaphame kgafetsa hoo o ka qetellang o feletswe ke boroko.
Diso ka maleng, lefu la pelo le la tswekere, ke a mang a mafu a ka hlobaetsang e le ka nnete. Se lebale ho bolella ngaka ka moo o robalang ka teng le haeba o sa ya ya ho yona ka lebaka leo.
5. Mathata a ho hema
Ona le letshweya di ka hlobaetsa. Ka nako e nngwe kalafo e ka hloka ho tjhentjhwa empa buisana le ngaka pele. Ho na le batho ba fellwang ke moya bosiu, mohlomong metsotswana e 10 kapa ho feta moo.
Seo se tlwaelehile haholo banneng ba dilemo di pakeng tsa 30 le 50 ba nonneng haholo ba bileng ba kgonang. Ba ka alafa seo, ka ho fokotsa boima ba mmele le ho phahamisa bethe ka hloohong ka digrata tse 30 - kopa dikeletso tse ding ho ngaka.
Robala hantle
Ha o nahana hore o na le mathata Ngaka Bentley o eletsa hore bosiung ka bong o ngole nako eo o keneng diphateng ka yona, le eo o phaphameng ka yona; le makgetlo; nako eo o e hlobaetseng; mme o iphe dintlha ho tloha ho 1 - 5. Ha o eya ngakeng, sena se tla thusa ho fumana sesosa sa mathata.
Ngaka Bentley o re ho reka dipidisi tsa boroko khemising ha se tharollo. Hape o re di se nowe nako e fetang kgwedi ntle ho taelo ya ngaka hobane o ka qetella
o ena le mathata a ka hodimo hole ho ao o neng o a rarolla.
Eya ngakeng ha o ka hlobaela kgwedi. [s]
Pale: Patricia McCracken
Ke a hlobaela!
Mabaka a 5 a hlobaetsang le ka moo o ka thusahalang ka teng
Bonyane ho na le mefuta e 84 e ka hlobae-tsang motho boroko
MEKGWA E 5 YA BOROKO BO MONATE
Dikeletso tsena tsa Sleep Centre di tla o thusa hore o robale hantle.
1. Itlwaetse: Ho robala le ho tsoha ka nako e le nngwe kamehla.
2. Se robale motsheare: Hona ho ka o hlobaetsa boroko bosiu, ka hoo ho pheme.
3. Phomola: Phaposi ya ho robala, ebe ya ho robala feela, ho se TV, radio kapa selefoune.
4. Lebala ka tsohle: Se mamele ditaba tse mpe tsa lefatshe radiong kapa pale e mpe leha e le ho TV pele o robala. O ka mpa wa mamela mmino o phodileng.
5. Ela seo o se nwang hloko: Dihoreng tse 6 pele o robala, phema ho nwa dino tse nang le caffeine jwalo ka kofi, tee di-cola le Red Bull. O fokotse le jwala kaha le bona bo ka o hlobaetsa.
6. Ithapolle: Ho ikwetlisa ho hlaphola mmele - ka hoo, se ikwetlise hora kapa tse pedi pele o kena diphateng.
BOPHELO BO BOTLE
