sotho.593.jeff
ya hao ka molao
BOTHATA: Ha ke ne ke kena sesoleng sa SANDF, ke ne ke kope motswalle wa ka ho nthekisetsa sethuthuthu sa ka. Ke ne ke mo nehe ditokomane tsa sona. Se ne se rekwe ya ba ke mo hlatswa mahlo.
Moreki jwale o mmakaletse o re morekise o ne a re ke mmotlolo wa 2002 ha bonneteng e le wa 1999.
Nyewe eo e ntlhotse, ka lefiswa R 2 300 ya ditshenyehelo tsa nyewe. Ha ke re fara hore motswallaka o fela a buile leshano ka selemo sa sethuthuthu seo.
Jwale ke nahana ho nkela motswalle eo wa ka bohato, ke mo qose le nna hore a ntefe ditshenyehelo tseo ke di lefileng hape a kgutlise le tjhelete eo ke neng ke mo lefe yona.
Ekaba taba ya ka e a utlwahala"
KELETSO YA HA SCORPION:
Ka molao, motswallao ebile akgente ya hao ho o rekisetsa sethuthuthu. Ka ho bolela hore ke mmotlolo wa 2002, ho hlakile hore akgente ya hao e buile leshano ho moreki.
Ha o shebisisa khophi ya nyewe eo o qositsweng ka yona, o tla fumana hore bopaking bo tekilweng, ha ho moo ho bolelwang ha wena o ile wa laela hore akgente ya hao e bue leshano.
Hape ho a hlaka hore moreki o ile a thetswa ke se neng se bolelwe ke morekise mme a qetella a rekile sethuthuthu seo.
Nyeweng ya hao kgahlano le akgente ya hao, o tlameha ho hlakisa hore o buile leshano le entseng hore moreki a qetelle a rekile sethuthuthu seo mme eitse ha moreki a hlokomela leshano leo, ya ba o hlakola tumellano ya thekisetsano.
O tla tlameha hape ho fumana khophi ya kahlolo eo o neng o e fumana, e le hore o bontshe akgente ya hao tjhelete eo o neng o e lefiswe. Haeba o ile wa tlameha ho lefa le leqwetha nyeweng eo, le ditjeho tsa lona kaofela di tlameha ho kena moo.
O tlameha ho hlahisa bopaki ba ditjeho tseo tsa leqwetha kapa o kope lona ho tla ba paki ya hao hore e fela e le ditjeho tsa lona tseo.
Taba ya hao e a utlwahala, empa o tlameha ho sebedisa leqwetha. Haeba o kgotsofetse ke tshebeletso ya leqwetha la hao la pele, o ka nna wa le sebedisa hape. Haeba o na le mathata a ho fumana leqwetha, ikopanye le kantoro e haufinyane ya ha Scorpion, ba tla o thusa ho fumana leqwetha. [s]
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - July 2007
Mathata a thekisetsano
SE NKILWE KE SEBONTSHI
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
JEFF MOLOI, ke sebini" O ka mo utlwa lenaneong la Live And Switched On, ho Kaya FM hoseng ha a lokisa lentswe. Ho na le batho ba dumelang hore barekise ba dikhampane tsa ho hatisa ba lokela hore ba be ba ena le tjhelete e ngata.
Empa sebohodi sena sa mehleng sa tsa dipapadi ho TV se bososela hanyenyane ha se utlwa taba eo. "Re bina dipina tsa bohlanya ho radio lenaneong la rona la hoseng," ho bolela yena.
"Ha ke le poraemari ke ne ke bina empa ke ne ke ntshuwe sehlopheng hobane ke le mokgutshwane haholo."
Ka nnete"
"Ke o bolella taba! Titjhere ya rona e ne e batla bashanyana ba balelele ba sa tlo tshirwa ke banana ha ho binwa. Ba ba kgutshwane o ne a sa batle le ho ba bona."
Naledi ena ya rona e na le taba e nngwe hape e tla makatsa batshehetsi. Lebitso lena la Jeff Moloi ha se la hae la nnete.
"Ke ile ka itheha lona hobane ke batla hore ho be le phapang pakeng tsa mosebetsi wa ka wa DJ le wa botitjhere," ho hlalosa yena. "Empa bohle ba se ba mpitsa Jeff."
Ke Tebogo Mohlomi. Motsheare o ne a ruta mane Mthatha, bosiu e be DJ, e boele e be sebohodi sa tsa dipapadi seteisheneng sa setjhaba.
"Lebitso la Tebogo Mohlomi ba bangata ba ne ba sa tsebe ho le bitsa hobane ke ne ke sebetsa setjhabeng sa Maxhosa mme ka bona ekare la Jeff le tla bitseha ka bonolo," ho bolela yena.
Hape o ne a kgethe lona ho hlonepha sebapadi sa mehleng seo hape e leng mokwetlise wa Pirates, Tebogo Moloi.
Jeff a sebetsa seteisheneng seo sa setjhaba dilemo tse pedi hore a fumane boiphihlelo leha a ne a sa fumane moputso. Leha a ile a sebetsa ka thata a ithutela botitjhere, empa o ne a tseba hantle hore bokamoso ba hae bo ho seyalemoya. Toro ya hae e phethehile jwale mme Jeff o hlonepha matitjhere haholo. "Moo ke neng ke ruta teng, ke ne ke ena le bana ba 80 ka phaposing.
"Ke ne ke le dilemo di 21 ha ke qala ho ruta. Ba bang ba barutwana ba ka ba ne ba le baholo ho nna, ba bang ba bile ba nyetse. Ba ne ba ntshotla moyeng ka nako e nngwe ba sa mmamele, ba re ke ngwana." Jeff o re o rata ho ba DJ hobane batho bao ba ratwa haholo ke banana," ho bolela yena.[s]
Bo-DJ ba ratwa ke banana!
pale ka FORCE KHASHANE ditshwantsho ka PAPI MORAKE
Kopana le Jeff Moloi ka "sebele"...
BONA SESOTHO - July 2007
Di a duma
LE LETSHEHADI: Jeff o phomotse ha monate lapeng.
KA HODIMO: Jeff o motlotlo haholo.
