SOTHO.1221.stars
BONA SESOTHO - December 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Qetela mosebetsi o saletseng. Itokisetse ho tswelapele le merero e meng. Bophelo: Thabela bophelo bo kgutsitseng bo se nang kgatello. Tjhelete: Hlahloba ditjhelete tsa hao haeba o rata ho ntlafatsa bophelo ba hao.
Lerato: Itshepe mme o tla kgahla motho wa bohlokwa.
Mosebetsi: Tsepamisa maikutlo a hao mme o tla kgona ho etsa diphetoho tse atlehileng.
Bophelo: Itlhahanele. O hloka ho etsa diphetoho bophelong ba hao.
Tjhelete: O monyetleng - nyolla maemo a hao a ditjhelete mme o sireletsehe.
Lerato: Ke nako ya nyakallo ho ba lenyalong le ba so nyalane.
Mosebetsi: Se tshabe ho hlahisa maikutlo a hao. A tla amoheleha.
Bophelo: Ha ho se ka o kgellang tlase. O bonahala o itshepile.
Tjhelete: Katleho e sa lebellehang e a thabisa.
Lerato: Ho itshepa ha hao ho etsa o tume ho ba bong bo sa tshwaneng le ba hao.
Mosebetsi: Hlahisa bokgoni pele o ka kopa ho nyollelwa tjhelete.
Bophelo: Ho ja ka nepo le ho ikwetlisa ho tla o matlafatsa.
Tjhelete: Sebedisa kelello ya hao haeba o rata ho atleha ditjheleteng.
Lerato: Dikamano tsa hao di tla hantle. Eba le merero ka tsona.
Mosebetsi: Ke nako e nepahetseng ya ho bontsha bokgoni.
Bophelo: O ikutlwa o matlafetse o bile o kwenne. Thabela ho ikwetlisa ha hao.
Tjhelete: Se qeaqee ho latela menyetla yohle e ka o ntlafaletsang maemo a ditjhelete.
Lerato: Kutlwano ya lona e tla etsa le thabele dikamano tsa lona.
Mosebetsi: Sebedisa boiphihlelo ba hao. Maemo a hao a tla o sebeletsa.
Bophelo: Ke nako ya ho kwena. Ithute ho ikwetlisa kamehla.
Tjhelete: Ha o le matjato, o ka bona monyetla o ka nyollang moputso wa hao.
Lerato: Dikamano tse monate di etsa o phele hantle.
Mosebetsi: Itshepe. O tla atleha ha o ka sebedisa talente ya hao.
Bophelo: Hlokomela tsela o jang ka yona, o ikwetlise bakeng sa ho kwena.
Tjhelete: O tla fumana se tla o putsa haeba o tla le maikutlo a matjha.
Lerato: Bontsha lerato la hao. Inahane mme o be le mamello.
Mosebetsi: Katleho e tlisa kgotsofalo. Empa se e dumelle ho o kena hloohong!
Bophelo: Nyakallo lapeng la hao e tla tlisa kgotsofalo.
Tjhelete: Hlahloba ditjhelete tsa hao. Ha ho hlokahala, batla keletso bakeng sa bokamoso.
Lerato: Ke nako e molemo dikamanong. Tsohle di tla ka theko.
Mosebetsi: O kgotsofetse hobane o iponahaditse. E ba sedi.
Bophelo: O tlameha o ikutlwa o kwenne o phetse hantle. Thabela bophelo.
Tjhelete: Sebedisa monyetla ona. Etsa ditumellano tsa bohlokwa.
Lerato: E ba le tlhokomelo le lerato dikamanong tsa lona.
Mosebetsi: Maele a matjha o a fumanang a tla o atlehisa.
Bophelo: O tlameha ho ba mafolofolo. Kena dipapading le boikwetlisong.
Tjhelete: Hlokomela ha ho tluwa ho tsa ditjhelete.
Lerato: Thabela nako ya boithabiso, iphe nako ya boithabiso wena le moratuwa wa hao.
Mosebetsi: O fumane thuso ya bohlokwa pele o fihlela tabatabelo ya hao.
Bophelo: Sebetsa o ntse o ipha le nako ya phomolo. Qoba kgatello.
Tjhelete: Ho fumana tshehetso o e hlokang ho bolela hore o tla atleha ka potlako.
Lerato: Dikamano tsa hao di ntse di tiha mme jwale o ikutlwa o kgotsofetse.
Mosebetsi: Bontsha mahlahahlaha ho ka kgahla batho ba maemo.
Bophelo: Hlahloba seo o se jang mme o iphe nako ya ho ikwetlisa.
Tjhelete: Sebedisa tjhelete ka nepo mme seo se tla o thabisa.
Lerato: Leka ho rarolla diqabang tsa hao le moratuwa wa hao mme yena o tla thabela seo. [s]
