sotho.582.erectile
Etsa MENYAKWE
HO SE tsohelwe ha banna (erectile dysfunction) (ED), ha se mathata a ba seng ba hodile feela. Sesosa ha se bonna ba hao. E ka ba mathata a fumanehang monneng a le mong hara ba bang le ba bang ba bararo lefatsheng lohle.
Mathata ana a bakwa ke maemo a dintho tse pedi - ho se phele hantle mmeleng le kelellong. Madi a lokela ho phalla ka tshwanelo ho ya botoneng hore bo tsebe ho tsohelwa. Empa ho na le tse ka nnang tsa nyopisa tseo tsohle.
Hona le lethathama la dintho tse etsang monna a se tsosehelwe, di kenyeletsa le jwala - ho robala a tahilwe o sa itsebe le lebitso, (moiketsi ha a llelwe), meriana e itseng kapa ho kula, e leng se bolelang hore o ba le mathata ana nako le nako.
Batho ba 70 lekgolong ba sa tsohelweng ka lebaka la ho kula, e ebe e le sesupo sa hore ho na le mathata a tlang, ho ya ka tlhokomediso ya Ngaka Shingai Mutambirwa, wa Soweto, setsebi sa kalafo ya senya se hlolang se alafile batjha ba dilemong tse 20 ba nang le mathata a ho se tsohelwe.
"Banna ba bararo hara ba bane ba nang le lefu la tswekere, ba ba le mathata a ho se tsohelwe ka tshwanelo mme ha ba kgone le ho etsa menyakwe e metle thobalanong," ho bolela yena.
Hape mathata ana a ka bakwa le ke cholesterol le kgatello e hodimo ya madi - maemo ohle a amang phallo ya madi, a senya menate!
A mang ke a kelello... Kgatello ke yona e matla. Ke ka hona ditsebi tse ding tse kang Prof Raymond Rosen, molaodi wa leano la thobalano wa US, a reng ho se tsohelwe hantle ha ho bolele hore ha o sa le monna wa sebele.
Ke hobane o kgathatsehile ka mathata a lelapa kapa a mosebetsing hona hoo o qetellang o tetebetse maikutlo. Kgatello e matla le merusu di ka etsa hore monna a se tsohelwe hantle - leha a sa le motjha.
Ho se tsohelwe le hona ke sesosa sa kgatello e matla. "Monna o a kgathatseha, a halefe mme a we moya - a qetelle a se a sa tshohelwe hohang, e leng se tla mo tetebetsa maikutlo le ho feta," ho bolela Rosen.
Ho nyatsa moratuwa kapa ho batla e motjha, ho ke ke ha thusa ka letho. Bonneteng, ho tla mpefatsa maemo le ho feta. Meriana ya setho le yona e ke ke ya o thusa ka letho. Ha o sa qala, e ka nna ya etsa bobeterenyana - hobane feela o ena le tshepo ya hore e tla fela e o thuse, o tla ikutlwa ekare o thusahetse e le ka nnete. Ho etsahala jwalo leha dikhampane tsa dikhemese di etsa diteko tsa meriana.
Hape ho ya ka moo Rosena a bolelang ka teng, "ho sebedisa meriana e sa tlo o tswela molemo ho ka nna ha mpefatsa maemo ka ho fetisisa."
Sa bohlokwa seo o lokelang ho se tseba, ke hore mathata a ho se tsohelwe a ka alashwa ka katleho mehleng ena! Seo o se hlokang feela ke ho iteta sefuba o buisane le ngaka ya hao, o kope thuso! [s]
Pale: Patricia McCracken
Bakeng sa ditlhalosetso tse ding, ikopanye le SA Sexual Health Association: 0860-100-262; www.sexualhealth.co.za
BONA SESOTHO December 2008
Pele o kena kgabong, tshela mafura - ba bangata ba e lahlang hona moo. Empa, re ka a hlola mathata a ho se tsohelwe...
TSA BOPHELO
Kalafo e sa nepahalang e ka mpefatsa maemo le ho feta
BASADI BA KA ETSANG
Se iphapanyetse mathata ana: Banna ba tshaba ho bua ka mathata ana, bang ba kgetha ho itahlela tahileng kapa ba kgutle bosiu mosebetsing. "Hlalosa mathata ka botshepehi," ho hlalosa Ngaka Dr Bernard Levinson, setsebi sa tsa thobalano.
Buang ka mathata le ka tharollo: Kgatello ya ho se tsohelwe e ka mpefatsa maemo le ho feta le hona ka nako e telele ho feta ha sesosa e le sa ho kula mmeleng.
Se inyatse: Ho inyatsa ho ke ke ha thusa ka letho. "Monna ya nang le mathata o a thusahala ha mosadi wa hae a tshepahala, a mo kgothatsa ha a e otlile botsekeng, o tia lengole," ho bolela Rosen.
Kgothaletsa kalafo: "Ha e etse monna a batle ho etsa thobalano le basadi ba bang hape ha e bake HIV," ho bolela Rosen. E thusa le ho natefise lenyalo haholoholo ha le tshwarisane! "Ho iphapanya ho ka qetella ho qhadile lenyalo." Sezulu se re kalafo ya mofuta ona e bitswa "vusumuzi," e tsosa lelapa, ho bolela Dr Jackie Gumede.
