sotho.580.lettsfeb
Le hapileng
Potso ya bohlokwa
BATSWADI bohle ba shebane le phephetso ya ho araba potso ya bohlokwa - "Ke bolokolohi bo bokae boo ke tlamehang ho bo neha ngwanaka""
Ho sheba tekanyetso ya bolokolohi eo ngwana a tlamehang ho e nehwa, ke mosebetsi o boima haholo, o hlokang kelello e tjhatsi. Ngwana ha a iphumana a sa lokoloha, o bona e ka o a hloriswa ha a se a sa fuwe bolokolohi. Ka ho le leng hape, ngwana a ka nna a qetella a hloile batswadi ba hae ha ba se ba se na tekanyetso bolokolohing ba hae, a ka bona eka ha ba mo tsotelle.
Dimela tse dutseng di hlokomelwa ka metsi kgafetsa, di ke ke tsa kgona ho emelana le mathata a komello le palla ha tlhokomelo eo e ka kgaotsa. Empa haeba di ne di ntse di tshellwa hantle, e seng kgafetsa, di ka kgona ho phela leha di se di sa tshellwe.
"Mathata" ao a tla di qobella hore metlwang ya teng e tebe, e leke ho fihlela moo ho leng mongobo.
Le bana le bona ba jwalo feela. Haeba ba hotse ba sa kgalengwe, ba etsa ka moo ba ratang, ba shebella TV ka moo ba ratang, ba ka ba le mathata.
Ba tla bona ho le monate, empa moo ba kopanang teng le mathata, ba tla qala ho bona hore ho tefiswa ha ho na molemo.
Ha ho mang ya tsebang se tla etsahala ka nako eo - a ka kena bonokwaneng kapa a etsa leha e le eng feela...
Ke bana ba hodisitsweng hantle ba kgalemelwa ba kgonang ho thabela bophelo.
O kenya bana ba hao mathateng, ka ho ba tefisa.
Keko Moshoeshoe, Matatiele
O ngongorehiswa ke mebila ya rona
Ke etsa boipiletso ho Maafrika Borwa hore a leke ka hohlehohle hore ho be le polokeho mebileng.
Ha re tloheleng ho beisa. Ho betere ho fihla ka mora nako ho ena le hore re shwe.
Se nwe o boele o kganne. Eba sedi, o be le mamello.
Nicholas Mavumengwana, K
Ithuteng
Thuto ke sona senotlo sa katleho. E o bulela hohle. E ka atlehisa naha ena. Mamello, boitshwaro bo botle esitana le boinehelo kaofela di ka etsa motho a fumane thuto e ntle.
Boikgethelo ke ba hao!
ALM, Thekong
Tharollo"
Ha re rarolleng mathata a leqeme la mosebetsi ka ho theola dilemo tsa ho beha meja fatshe. Ha batho ba ka beha meja fatshe ha ba le dilemo di 50, mesebetsi e ka ata!
Victor Mabena, Joubert Park
Tia sebete!
Batho ba nehwa ke wena tumello ya ho o nyenyefatse. Se ba dumelle. E ba le tjheseho ya ho tswelapele, o lebale ka tse fetileng. Se nyahame, ha e yo tsela e kgaoletsang e yang katlehong.
Isaac Tema, Birchleigh North
Ho hloleha ho kelellong
Motho ya bohlale ke ya tsebang ho rarolla mathata, ya kopanyang potso le karabo a tle le tharollo. Mang kapa mang a ka hlalefa.
Jwalo ka ha batho ba tletleba ka leqeme la mesebetsi, ba bohlale bona ba di raha ka matjeke ba yo itshebetsa.
Ha dimaumau di kena bonokwaneng, ba bohlale bona ba nahana ka mokgwa wa ho intsha bofutsaneng.
Bohlale bo o thusa ho lwantsha mathata a bophelo.
Charles Khoza, Namakgale
Ha ena molemo
Ka tsatsi le leng ke ne ke tshwarwe ke utswa lebenkeleng. Nkgolwe ha ke re ke ne ke sa kgolwe se neng se etsahala ho nna ka nako eo. Ke ne ke nahana hore ha ke no tshwarwa, empa jwale se neng se nngongorehisa le ho feta ke hore na batswadi ba ka ba ne ba tla reng ha ba utlwa seo ke neng ke se entse.
Itshware hantle o se ke wa etsa ntho eo o tla qetella o se o ikwahlaya ka yona.
Bonokwane ha bo na puseletso. Haeba metswalle ya hao e le dinokwane, ikgule ho yona.
O ke ke wa iphumana o le maemong ao ke iphumaneng ke le ho ona haeba o ka mamela mantswe a ka.
Nhlanhla Maphumulo, Soweto
Babadi ba hlahisa maikutlo a bona...
Se hwebeng ka bana
Ke mobadi wa BONA ya dilemo di 25 ya dulang Mhluzi. Ke rata ho bua ka banana bana ba imang ba sa le banyane. Ba bangata ba bao ke ba tsebang, ba ima hobane ba rata ho tshwara bahlankana ka bana.
Banana bana ba tlameha ho tseba hore bana bana ke mpho e tswang ho Modimo, e seng "kgwebo," kapa tsela ya ho etsa seo o se batlang ka bona.
Ekaba ba nahana hore ka ho etsa ngwana o tla ratwa haholo"
Haeba monna a sa o rata, ha a o rate. Ho leka ho mo tshwasa ka sapoto, ho tla mo etsa a o hloye haholo.
Haeba a se na ho o nyala, tswelapele o fumane e mong ya tla o nyala. Se qete bokamoso ba hao ka ho ima.
Bana ba hloka lerato le tlhokomelo. Se beng le bana ka mabaka a sa utlwahaleng!
Natacia Mokomane, Middelburg
Hlonepha mmele wa hao
Ke dilemo di 19 mme ke dula sebakeng se futsanehileng. Banana ba dilemo di 12-16 ba tsamaya di-nightclub mme ba etsa thobalano le banna ba baholo.
Banana bana ba kenwa ke kokwanahloko ya EITSI hobane ha ba kgone ho re tjhe ho banna bana. Ka nako e nngwe, ba a ima ba sa tsebe le bontata masea a bona.
Shebang banana ba heso, ha re senyeng nako ya rona ho tsa thuto, dipapading le tse ding dintho tse phedisang. Ha re ithuteng ho hlonepha mmele ya rona.
Londolani M, Berea
Ha e fediswe pei ya bana!
Ke nahana hore mmuso o tlameha ho fedisa pei ena ya bana hobane banana bana ba e sebedisa ka tsela e seng yona. Bakeng sa hore ba shebane le bokamoso ba bona, ba a ima ho ka fumana "tjhelete" ena.
Hobaneng ba sa sebetse kapa hona ho shebana le thuto ya bona" Ha ba se ba rata ho "nyollelwa" tjhelete, ba a ima hape.
Tjhelete ena ba e sebedisetsa molemong wa bona e seng wa bana.
PM, Hillbrow
Ke boikgethelong ba bona
Ke ne ke ime ke le dilemo di 14 feela. Ka nako eo, ke ne ke sa tsebe letho ka tsa thobalano hobane eo e ne e le ntho eo ho neng ho sa buuwe letho ka yona lapeng.
Ke ne ke ratana le moshemane eo e neng e le thaka ya ka. Ha ke ne ke mmolella hore ke imme, o ne a tshohe.
Ho ne ho se tikatiko, ke ne ke imme. Se neng se le kelellong ya ka, e ne e le hore feela ke imme ke sa le monyane. Ke ne ke dutse ke ipotsa hore nka ba le ngwana jwang ke le ngwana ka bonna"
Mohlankanaka o ne a bolelle batswadi ba hae le ba ka! Sena se ne se nkutlwise bohloko haholo.
Ho ne ho nkuke dilemo hore maikutlo a ka a kokobele. Ka mora moo, ke ne ke boele sekolong ka ithuta ka thata.
Kajeno ke a sebetsa, empa ke rata ho bolella batjha ba kajeno hore bona ba lehlohonolo habane dintho tse kang thobalano, mafu a yona esitana le dithibelapelei ke dintho tseo ho buuwang ka tsona ka bolokolohi kajeno.
Ka hoo, boikgethelo ke ba lona.
Dorcas Sebatjane, Tembisa [s]
R100
Mangolo a hao
Jwale ke tsa
Ke titjhere mme ke fumana lethathama la lona la "Motlotlo wa Boafrika" le le molemo haholo. Ke makatswa ke taba ya hore re ne re sa tsebe letho ka dinaha tsa Afrika, ke bolela le baahisane ba rona.
Ho hlakile hore lethathama lena le fihla pheletsong jwale, ho ka ba jwang ha le ka re tlisetsa tsa mose ho mawatle"
Re a di hloka dibuka tse kang makasine ena dithutong tsa dikolo tsa rona.
Sydney Lesiba, Mokopane
matjhaba
BONA SESOTHO - February 2006
Romela mangolo
a hao ho:
Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083, Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
u
t
Re ngolle!
BONA SESOTHO - February 2006
KE thabetse karolo e ikgethang ya Tse Ikgethang tsa Mmino" (BONA, Tshitwe 2005). Ke ne ke thabele ho utlwa maikemisetso a dibini tsa rona.
Ke rata ho bolela ntho e le nngwe feela: Ke sefe seo o ratang ho bala ka sona ho tsa boithabiso"
AA, Newcastle
# O rata ho bala ka mang" Ho tloha ho di-movie, dipale tsa marato, dipapading le mminong, ke bolela kwano le mose ho mawatle - re ngolle o re bolelle.
Mangolo a hao
Banana ba
mathateng
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la
hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re
bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho
hlophisa mangolo
botjha bakeng sa
phatlalatso.
