sotho.577.diarrhoea
BONA - August 2005
Bana ba bangata ba kgathatswa ke letshollo ka dinako tse ding. Ho tseba seo o lokelang ho se etsa le hore o hloka thuso ha maemo a se a le jwang, ho ka thusa hore ngwana a se fellwe ke metsi mmeleng
LESEA le a bokolla, le a hlatsa ka mora ho ja, ha le na kgotso mme hape o le ntsha leleiri la letshollo horeng e nngwe le e nngwe. Le a tefa hape le fellwe ke matla.
Ka lehlohonolo, ha se hangata moo letshollo le bang kotsi empa ka nako e nngwe, le ka nna la etsa hore ngwana a fellwe ke metsi mmeleng e leng sona se kotsi. Ho tseba sesosa sa mathata, le ka moo o ka alafang ngwana ka teng le hore o hloka thuso ya ngaka ha maemo a se a le jwang ke dintho tsa bohlokwa tse ka o thusang.
Ke tla tseba jwang ha ngwanaka a tsholla"
Batswetse ba bangata ba tshoswa ke ho bona bana ba hlephile ka maleng ba nahane hore ba se ba kenwe ke letshollo hobane sena ke se atisang ho etsahala maseeng a sa tswa belehwa.
Ho hlepha ha mala a lesea ho ya ka hore le nyanya letswele kapa botlolo. A nyanyang letswele a atisa ho ithoma hantle. Athe a nyanyang dibotlolo ona, a atisa ho ithoma ka thata mme le mantle a be thata.
Ho tjhentjha ha mokgwa wa ho ithoma ha lesea, ke seo motswetse a lokelang ho se shebisisa. Letshollo le bonahala ha ngwana a se a ntsha mantle a metsi-tsi le hona kgafetsa, mme ka nako e nngwe mantle a bile a ena le ho kang mamina kapa a se a kenwe le ke mokgohlane a bile a theoha mmeleng, le mantle a lona a nkga hampe.
Letshollo le bakwa keng"
Sesosa se seholo ke bohlaswa, ho se be le metsi a hlwekileng, ho dula sebakeng se le seng le le bangata, le ho nyantsha ngwana botlolo haholo ho feta letswele. Ha se hangata masea a nyantshwang letswele a bang le mathata a letshollo.
Ho se utlwane le lebese la kgomo (ha lesea) kapa ho hlolwa ke mefuta e itseng ya dijo tse kang mahe, ho ka nna ha nyekisa ngwana pelo. Ha o nahana hore ngwana o hlolwa ke dijo tse itseng, mo ise ngakeng kapa tliliniking.
Mathata a mang a ka nna a bakelwa ke ha dijo tsa lesea di tshelwa ka tswekere kapa le nweswa lero la ditholwana haholo. Mathata a mang a ka bakelwa ke ho tjhentjhela dijong tse thata. Empa ha se hangata hona ho tjhentjhang ho sebetsa ha mala a lesea nako e telele.
Ka nako e nngwe mathata ana a ka nna a bakelwa ke senya (ha ngwana a kenwe ke tshwaetso methapong ya moroto) kapa ke lefu le leng lesele jwalo ka lelana, tshwaetso bokong, kapa lefu la tswekere.
Lehlatso le ka boela hape la bakelwa ke hlooho e bohloko kapa ha mala a kwalehile. Malaria le ona ke sesosa sa mathata.
Hobaneng letshollo le le kotsi"
Letshollo le kotsi haholo baneng ba banyenyane hobane mmele ya bona e phakisa ho fellwa ke metsi mme e ome hantle jwalo ka palesa e ponang ha e feletswe ke metsi.
Hangata bana ba bolawa ke ho fellwa ke metsi mmeleng le ho lahlehelwa ke matswai a bohlokwa mmeleng. Kotsi e nngwe ya letshollo e bakelwa ke batswetse ba bang ba dumelang hore ha ngwana a tsholla ha a lokela ho nyantshwa, athe seo ke sona se mpefatsang maemo ka ho fetisisa. Nnete ke hore ha ngwana a qeta ho tsholla le ho hlatsa, ho bohlokwa hore a boele a nyantshwe hape ho kgutlisetsa phepo eo e lahlehileng.
Ke tla tseba jwang ha lesea le feletswe ke metsi mmeleng"
Ha maemo a se mabe haholo, ngwana o tla nyorwa ho feta tlwaelo. Athe ha ho se ho le hobe le tla bonahala ka ho omella lehano, le se ke la tswa meokgo mme hape le se rote kgafetsa. Moroto o a loya hape o nkge hampe.
Ho bohlokwa ho dula o netefatsa hore ngwana o rota nako le nako e le hore diphio tsa hae di tsebe ho dula di sebetsa. Ha ngwana a sa rote ka tshwanelo, mo potlakisetse tliliniking kapa ngakeng.
Ngwana ka nako e nngwe a ka nna a otsela mme a fokole mmeleng le letlalo le se ke la hlola le saroloha. Mahlo a kgohlele ka hare, athe lesea lona le kgohlela phuana. Ha maemo a le mabe, matsoho le maoto a lesea a tla bata. Le tla hema ka pele le pelo e otle ka matla.
Nka mo alafa jwang"
Ngwana o lokela ho alafshwa hanghang lapeng ha a qala ho tsholla. Baneng ba banyenyane kalafo ya bohlokwa ke ho ba nwesa metsi le dino haholo. Mo nwese ona ho ya ka sekgahla sa lehlatso le letshollo. Ho na le phoshwana e thusang ho matlafatsa ngwana e fumanehang tliliniking kapa dikhemesing. O ka mo nwesa yona mmoho le dino tse ding.
Tswaka phoshwana eo ho latela ditaelo tse ngotsweng pakaneng eo mme o kale hantle hobane ha o tshetse metsi a manyenyane, a ka nna a mpefatsa maemo a letshollo ngwaneng.
Kgothalletsa ngwana ho nwa metsi a mangata ka hohle ka moo a ka kgonang. A ka bolokwa dihora tse 24 mme a qhalwe a setseng, ho etswe a mang a foreshe.
Athe ha pakana ya ORS e sa fumanehe, dikgabana tse nne tsa tswekere le halofo ya kgabana ya letswai, tse tswakilweng ka hara litara ya metsi a belang, di ka thusa.
Ela hloko mme o tswake ka tshwanelo hobane tswekere e ngata le yona e ka boela ya tshollisa ngwana ho feta, athe le letswai le lengata le kotsi.
Se nwese ngwana seno sa lero la ditholwana se sa hlapollwang ka metsi, esitana le lemonade kapa Lucozade. Di ka nna tsa mo tshollisa le ho feta mme ka nako e nngwe tsa mo monya metsi mmeleng.
Hape o leke ho phema dino tse entsweng ka diapole le di-prunes hobane di a tshollisa ka botsona. Hape le dijo le dino tse nang le calorie e nyenyane ha di a loka.
O lokela ho neha ngwana meriana le dintho tse ding tse tla thusa ho fedisa letshollo. Leha tsena tsohle di bonahala ekare ke tharollo ya mathata, empa bophelo ba ngwana bo ka nna ba eba kotsing ha maemo a mpefala.
Letshollo le matla le sulafatsa ngwana pelo mme hona ho ka nna ha etsa hore a qetelle a se a sa fuwe dijo hohang hobane a di hana. Athe ngwana ya tshollang o hloka diaha mmele tsohle tse fumanehang dijong, ke ka hona a tlamehang ho jeswa leha ho se ho le thata. Dijo di ka boela tsa thusa ho fokotsa letshollo mme di matlafatse ngwana, a phakise ho ba betere.
Bana ba banyenyane
Ha ngwana a se a qadile ho ja dijo tse thata tswelapele le ho mo fa dijo tseo a di ratang mme o mo fe le dino haholo. Hang ha letshollo le fela, o hloka o mo fe dijo haholwanyane ho feta pele e le hore mmele o tsebe ho kgutlela madulong. Hona ho bolela hore ngwana o tla fetjwa kapa a nyantshwe kgafetsa ho feta pele ho kgutlisa matla le phepo e mo lahlehetseng.
Na letshollo le ka thibelwa"
E, letshollo le ka thibelwa ka ho nyantsha ngwana, ho mo isa enteng ya ho thibela maselese, ho sebedisa ntlwana, ho boloka dijo le metsi a hlwekile, ho hlatswa matsoho pele o thetsa dijo le ka mora ho mo tjhentjha leleiri le ka mora ho thetsa diphoofolo tsa lapeng le nama e tala.
Dibotlolo tsa ngwana di lokela ho dula di hlwekile mme di kenngwe ka hara mokedikedi o bolayang dikokwanahloko. Dintho tsohle tse nang le mantle jwalo ka maleiri, di lokela ho ntshwa mantle hantle pele di hlwekiswa ka tshwanelo. Nama e lokela ho phehwa hantle kaofela mme bana ba banyenyane ba se ke ba fuwa nama e tala.
e bokeleditswe ke PRIMROSE WILLIAMS
setshwantsho ka GREAT STOCK!
L
etshollo le kotsi
BONA SESOTHO - November 2005
Kalafo le Thibelo
u
t
Letshollo le ka thibelwa
BONA SESOTHO - November 2005
Nka kopa thuso neng"
Hangata letshollo le nka matsatsi a mmalwa feela leseeng. Leha ho le jwalo, ba bang ba qetella ba felletswe ke metsi mmeleng kapa ba bile le mathata a mang a hlokang kalafo ya dingaka. Isa lesea tliliniking kapa ngakeng ha:
Le qala ho bontsha hore le fellwa ke metsi mmeleng.
Le shebehala le kula mme o se o kgathatseha ke hona.
Lesea le ka tlase ho selemo le tsholla le sa be betere le ka mora letsatsi kapa ha le le ka hodimo ho leo le feta matsatsing a mabedi le ntse le kula.
Le hlatsa kgafetsa mme ho se letho le dulang ka maleng.
Ngwana a hlatsa madi kapa mahlatsa a matala kapa a sootho.
Letshollo le le metsi haholo.
Letshollo le ena le madi.
A longwa ke mala ha bohloko. (Ha ho bonolo ho hlokomela sena maseeng.)
A kenwa ke mokgohlane.
A le dilemo di ka tlase ho tse tsheletseng.
A kgathetse, hlooho e kebesela e bile ekare o lahlehelwa ke kelello.
A sa batle letho le jewang mmoho le letswele. [s]
