sotho.573.yourstories_crime
BAHAMAS ke naha e nang le dihlekehleke tse ka hodimo ho tse 700 lebopong la Atlantic. Ha e hole haholo le USA, e ratwa haholo ke bahahlaudi ba tummeng le ba barui.
Samantha Forbes e ne e se naledi, a so ka a tsamaya dikhapheteng tse fubedu tsa Hollywood. Hape e ne e se mohahlaudi, o ne a le habo. Lefu la ngwanana eo ya dilemo di 19 ha le a ka la tuma lefatsheng feela empa le ile la omelletsa sehlekehleke seo kaofela ka letswalo.
Hoseng ha letsatsi le leng ka Mphalane 1999 lebaleng la kolofo ho ne ho fumanwe setopo sa mosetsana enwa eo mmae a reng o ne a le mosa, a le lerato.
Se tsotse, se kgaotswe qoqotho mme ho behilwe dolara hodima sona. Mapolesa a fumana diphahlo tsa hae thokwana le sona mmoho le dikgohlopo tse sebeditseng.
Samantha o ne a ile bareng le motswallae Marjorie bosiung bo etellang letsatsi leo pele. Basetsana bana ba babedi ba ile ba phehisana mme Samantha a batla ho tsamaya le banna ba babedi bao a neng a kopane le bona moo. "Ke sa ntse ke inyatsa le kajeno," ho bolela Marjorie. "Ke ne ke sa lokela ho mo dumella ho tsamaya le bona."
Pula e ne e ena bosiung boo mme ho a totobala hore bopaki bo ne bo ka lahleha ka bonolo.Hona ho kenyeletsa le dikgatiso tsa menwana, moriri le masela a diaparo, tseo tsohle di ne di ka hoholwa ke metsi - ho tloha ka nako eo Samantha a neng a bolawa ka yona ho ya ho eo setopo sa hae se fumanwang. Hape pula e ne e ka tlosa le lero la bonna le dikgohlopong tseo.
Empa eitse ha tlaleho ya lefu la hae e hlaha dikoranteng, ha hlaha paki ya pele. Morekise wa bareng o ne a bolelle mapolesa hore Samantha o ne a fihle bareng moo a phehisana le banna ba babedi.
Keith Lotmore, ya neng a tseba Samantha, le yena o ne a le teng moo. O ile a kenella mme a bolella Samantha hore a kgaohane le banna bao.
Ka mora moo, banna bao ba tsamaya mme Samantha a dula le Keith le motswallae, Dominic Moss, ba nwa. Boraro ba bona ba tsamaya mmoho ka mora moo.
Sena sa etsa hore Keith le motswallae ebe bona babelaellwa ba sehlooho.
Mapolesa a hlaba banna bana bobedi ba dipotso, bobedi ba bua ntho e tshwanang. Ba re ba ile ba isa Samantha lapeng habo mme ka mora moo, ba kgutlela bareng ho ya reka dijo.
Mapolesa a hlahloba koloi ya Keith a se ke ba fumana letho le belaetsang. A batla banna bao ba bang ba babedi bao a neng a fihle le bona bareng bosiung ba lefu la hae.
Le bona ba dumela hore ba ile ba nkankana ka mantswe ha bohloko le yena empa ba mo siya moo bareng ba oroha. Ba fuputswa mme ba bonahala hore ba bua nnete - mme mapolesa a sala a ena le babelaellwa ba nepahetseng empa ba sa fumaneng bopaki bo feletseng hore a ba qose ka polao ena ya Samantha.
Mafokisi a hopola ho hong. Ka nako eo ho hlahlojwang setopo sa Samantha, ho ile ha fumaneha jwanng ho sona. Le dieteng tsa Keith tseo a neng a di rwetse bosiung boo ho ne ho ena le jwanng.
Ebe jwanng bo neng bo le setopong sa Samantha le dieteng tsa Keith bo ne bo etswa nqa e le nngwe?
Bahlahlobi ba fumana hore jwanng boo ke bo sa fumaneheng dibakeng tse ngata. Ke bo lengwang mabaleng a kolofo feela naheng eo. Bo lebaleng la kolofo ya Emerald moo setopo sa Samantha se neng se fumanwe teng!
Ba fumana bopaki bo babatsehang, Keith Lotmore mmelaellwa wa pele a fela a dumela hore ha a bua nnete mapoleseng ka se neng se etsahale bosiung boo.
Tseleng e yang habo Samantha, Dominic o ne a batle hore Keith a emise koloi hobane a re o batla hore ba otlolle maoto yena le ngwana enwa lebaleng leo la kolofo.
Keith a fela a etsa jwalo. Hang ka koloi e ema, Samantha a ipetsetsa kantle a qela ho leoto mme Dominic a mo beha merebele, Keith le yena a ba latela. Eitse ha a leka ho thiba Dominic a hlasela Samantha, eo a mo supa ka thipa.
Keith a bolella mapolesa hore Dominic o ile a beta Samantha ka mora moo a ba a mo bolaya, ka ho mo kgaola qoqotho. Ho beha dolara hodima setopo sa hae e ne e le thohako ya ho qetela.
Eitse ha Dominic a utlwa tseo, le yena a re ke Keith ya bolaileng Samantha. Empa bopaki bo latelang ba nna ba mo ntsha Keith ho fihlela ho totobala hore molato ke wa mang: jwanng bo ne ba fumanwe dieteng tsa hae le dikausing e seng le hempeng.
Keith, o ne a sa bonahale a ile a kgumama a mangole jwalo ka ha yena a entse ka nako eo a neng a beta Samantha. Ho hana ha Dominic ho hlahisa diaparo tseo a neng a di tenne tsatsing leo ha ho ka ha mo thusa ka letho.
Dominic Moss o ile a fumanwa a le molato wa peto le polao ya ngwanana ya dilemo di 19, Samantha Forbes mme a ahlolelwa dilemo tse 25 tjhankaneng.
Leha Lotmore a ne a sa ka a ba le letsoho polaong le petong empa le yena o ile a fumanwa a le molato hobane o ne a le teng ha tsena tsohle di etsahala.
A ahlolelwa dilemo tse tharo tjhankaneng. [s]
Pale: Marissa Charles/Splash News
POLAO LEBALENG LA KOLOFO
Samantha Forbes o ne a sa tswa phetha dithuto tsa hae, a ena le bokamoso botle.
BONOKWANE
O mo betile, a mo bolaya, a mo rohaka ka ho beha dolara hodima setopo sa hae
Lebala la kolofo leo setopo sa Samantha se neng se fumanwe ho lona. Pula e ne e ena, mme ho ne ho se bonolo ho fumana bopaki bo feletseng.
Keith Lotmore (le letshehadi) o re o ne a leke ho kgalema motswallae, Dominic (ho le letona) ha a hlasela Samantha. Dominic Moss le yena a leka ho hlakolela molato wa peto le polao ho Keith.
O ne a betwe mme a kgaolwa qoqotho. Banna ba babedi ba qoswa ka lefu la hae empa bobedi ba supana. Ke ofe ya neng a bua nnete?
1. Dolara e behilweng ke mmolayi hodima setopo sa Samantha.
2. Dikgohlopo tse sebeditseng tse fumanweng haufi le setopo. Hobane pula e ne e ena, mapolesa ha a kgona ho hlahloba lero la bonna le ho tsona.
3. Jwanng bo thusitseng mapolesa ho fumana mmolayi enwa ya sehloho.
4 le 5. Diaparo tse ding tsa Samantha, tse kang dieta le boti, di ne di fumanwe pela setopo sa hae. Empa mapolesa a hlolwa ho fumana sebetsa se mmolaileng, leha a bone hore e ne le sa tshepe.
