SESOTHO.568.pastor
O NE A tsebe seo Modimo o se batlang ka mora ho phetha nakwana a itse dijo, a rapela thabeng. "Ke ne ke nke Bibele ya ka mme ka hlwella tlhorong ya thaba," ho hlalosa Simon Mokoena. "Ke ne ke batla ho tjhentjha mekgwa ya ka e tlwaelehileng ya bophelo. Ke tseba hore thaba ke yona feela eo nka kgonang ho bua le Modimo ka pelo yohle ya ka," ho bolela yena.
O re Modimo o ne O arabele dithapelo tsa hae ka ho mo kgothatsa hore a thehe Tyrannus Apostolic Church.
Ho tloha dilemong tse robedi tse fetileng, motsemoholo wa kereke ena o ne o le Qwaqwa mme kajeno e na le ditho tse ballwang ho 80 000. Ke e nngwe ya dikereke tsa Afrika Borwa tse holang ka matla. "Pele ke ya thabeng, ke ne ke se na kgotso moyeng," ho bolela moruti Mokoena, ya neng a rupellwe boruti ke kereke e nngwe ya Joburg leha a kgetha ho bitswa Moapostola.
"Ke ne ke phatsamiseha moyeng, ke hloka phomolo, ke ikutlwa ekare ho na le seo ke lokelang ho se etsa."
Ka mora dithuto tsa boruti, a theha sekolo sa boruti sa Show-Tell Bible Fellowship.
"Ke ne ke se sebedisetse ho hasa Lentswe la Modimo dilemo tse 15." Leha ho le jwalo kgotso e ne e le ntho e siyo moyeng wa hae. Ditaba jwale di ne di qale ho hlaha thabeng. Morero wa kereke ena ha se ho rapella bakudi feela empa ke ho hasa le Lentswe la Modimo.
"Re boetse re batla le ho nyolla maemo a bophelo ba setjhaba ka ho tshehetsa maano a setjhaba," o boletse jwalo Moapostola Mokoena. "Kaho ya mesebetsi, e leng ya bohlokwa bakeng sa ho boloka seriti sa motho, ke e nngwe ya maano a rona." Ditho tse ka hodimo ho tse 100 tsa phutheho di sebetsa faboriking ya kereke. Ho rokwa seaparo sa kereke, dikipa, difaha le dinyanyatsi.
"Jesu pele a thakgiswa, o ne a nyanyatswe ka dioli tse menko e monate," ho hlalosa moruti Mokoena. Hape kereke e ke ke ya kgona ho tswelapele ntle le mmino. "Ho bonolo ho jala Lentswe la Modimo ka mmino," ho bolela yena. "Phutheho ya rona e hola ka matla ka baka la sehlopha sa mmino sa Tyrannus Apostolic. Mmino o fihlella batho hohle moo ba leng."
Moapostola Mokoena o re batho ba lokela ho thusana. "Batho Pele" ke lona lepetjo la hae.
"Modimo o re file matsoho mme re lokela ho thusana ka ona. Re leka ho ba mohlala ka ho theha maano a ho thusa batho ba habo rona. Kereke e lokela ho tseba ho ikemela ka boyona. Maikemisetso a rona ke ho fihlella setjhabeng kaofela mme re se kgothatse.
"Re nehela ho ba hlokang le dikolong, haufinyane re sa tswa nehela ka R10 000 lehaeng la dikgutsana. Re dumela hore ngwana ka mong ke wa hao le wena. Re lwantsha bofutsana, leqeme la mesebetsi le mokulo mme re kgothalletsa bophelo bo botle.
"Re kgutlisetsa batho ho seo ba neng ba le sona pele ka ho ba ruta tumelo ya sekgalekgale, ya ho hlonepha baholwane, ho kgothalletsa kgotso ho bohle, ho palamisa maqheku dikoloing tsa rona ha re kopana le ona tseleng mme bontate ba hlonetjhwe jwalo ka ha e le dihlooho tsa malapa.
"Re ruta basadi hore e boele e be bomme ba nang le boikarabelo mme ba ahe malapa a bona jwalo ka pele. Mosadi ya bohlale o aha lelapa la hae athe ya sethoto o a le qhala." [s]
Pale: Force Khashane
Ke mohlala
o motle
TUMELO
Ke e nngwe ya dikereke tse ruileng haholo tse bileng di holang ka matla naheng ena, Tyrannus Apostolic, ho thwe ke ya sejwalejwale mme ho hatiswa ditshebeletso ho DVD mme dibukana tsa teng le ditsebiso di ngolwa maqepheng a benyang...
Mokoena o ne a be le pono ya ho bula kereke a le thabeng ho ya rapela.
Moruti o kena ka setaele ka hara phutheho nakong eo e ketekang thabeng.
Mofumahadi Mathokoana le Jacob Zuma ke ba bang ba batho ba maemong a hodimo ba neng ba menngwe ke Moapostola Mokoena.
Ditho tsa Tyrannus di amohela moetapele wa tsona. Kereke ena e na le ditho tse ka hodimo ho tse 80 00.
Green Mohale, moetapele wa ha Mopedi o ne a le teng le yena hara bamemuwa ba bohlokwa moketeng wa kereke ena.
''
Modimo o re file matsoho a hore re thusane
Ho a rapelwa. Kereke ena a boetse hape e laola maano a mangata a ho thusa setjhaba.
Ho kgutlelwa hae ka mora ho rorisa Morena.
