SOTHO.565.starsjan
BONA SESOTHO - January 2007
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Moya o motle mosebetsing o etsa o dule o sireletsehile.
Bophelo: Fetola mokgwa o jang ka ona hore o phele hantle.
Tjhelete: Ke nako ya ho lekola ditjhelete tsa hao. Etsa leano la nako e telele.
Lerato: Thabela nako ena, ha o se na molekane, o tla mo fumana.
Mosebetsi: Maemo a ntlafetseng a nyolla boitshepo ba hao.
Bophelo: Sebedisa kelello ya hao mme o tla kgotsofala.
Tjhelete: Fumana tsela e bolokehileng ya ho sireletsa matsete a hao. Lerato: Dikamano tsa hao di tla hantle mme o tla qala ho etsa dithero ka tsona.
Mosebetsi: Sebedisa bokgoni ba hao ho ka hapa mahlo a ba bang.
Bophelo: Sheba dijo tseo o di jang mme o se dumelle mokgathala ho bapala ka wena. Tjhelete: Se loke haholo o be o sebedise tjhelete tlolo.
Lerato: Molekane wa hao o nyakaletse o bile o kgotsofetse, se tshabe ho mmontsha lerato.
Mosebetsi: Iponahatse. Sebedisa monyetla o hlahang bakeng sa ho nyollelwa maemong.
Bophelo: Phela hantle ka hore o be le tsela ya ho itaola.
Tjhelete: Hlalefa, o shebe pele o sebedisa tjhelete.
Lerato: Iphe nako o be le mamello mme dintho di tla ya ka theko.
Mosebetsi: Sebedisa monyetla wa ho atleha mme o sebedise menahano ya hao.
Bophelo: Mamela dikeletso tsa metswalle haeba o rata ho atleha.
Tjhelete: Ikamahanye le maano a matjha a ho fumana tjhelete.
Lerato: Dikamano tsa hao di tla hantle, haeba o se na molekane, o tla mo fumana.
Mosebetsi: Sebetsa dintho ka theko bakeng sa katleho. Lekola ditabatabelo tsa hao.
Bophelo: Maikutlo a hao a tsetsitse mme o kgotsofetse.
Tjhelete: Dintho tsa hao di a kganya.
Lerato: Kutlwisiso e tla etsa dikamano tsa hao di tsamaye hantle.
Mosebetsi: Tsebahatsa ditabatabelo tsa hao haeba o rata ho thabelwa ke ba bang.
Bophelo: Eja ka nepo hore o matlafale. Iphe nako ya ho phomola.
Tjhelete: Hlokomela hore o se sebedise tjhelete bohlaswa, hore o be le yona.
Lerato: Tsoseletsa maikutlo a hao mme o bontshe lerato.
Mosebetsi: Ho sebetsa ka thata ho tla o tswela molemo.
Bophelo: Kopa keletso ho ba o ratang - ba a o kgathalla.
Tjhelete: Ho ipha kgefutso ho ka nna ha o tswela molemo moruong wa hao.
Lerato: E ba le morero o itseng haeba o rata ho tiisa dikamano tsa hao.
Mosebetsi: Ke nako e nepahetseng bakeng sa ho nka qeto mohlomong o tjhentjhe mosebetsi.
Bophelo: Ke nako ya ho nahana ka ho ikwetlisa.
Tjhelete: Matsete kapa kgwebo di bontsha katleho.
Lerato: Haeba o se na molekane, molekane wa hao wa mehleng a ka nna a kgutla. O ka buisana le yena!
Mosebetsi: Ho teng se o okaokelang se tla o tswela molemo.
Bophelo: Nka karolo dipapading mme o kwene.
Tjhelete: Rera ka nepo o ntse o sa lebala ho boloka tjhelete bakeng sa dintho tsa tshohanyetso.
Lerato: Lebella, ho teng motho ya ntseng a o behile leihlo!
Mosebetsi: Lebella ho ba maphathephathe, empa seo se tla o tswela molemo.
Bophelo: Tlohela mekgwa e mebe, o ntlafatse bophelo ba hao.
Tjhelete: Hlokomela - papadi tsa ditjhelete di tla o tswela molemo ha o le bohlale.
Lerato: Dikamano di tla hantle, ikopanye le batho hore o fumane molekane.
Mosebetsi: Ikopanye le batho ba batjha, o tla atleha.
Bophelo: Itlhokomele, sebetsa o ntse o phomola o be le nako ho ikwetlisa.
Tjhelete: Se be le mosa o fetisitseng o be o lebale le tsa hao dintho.
Lerato: Ho etsa seo le se ratang ka bobedi ho tla tiisa dikamano tsa lona. [s]
