sotho.563. letters may
Le hapileng
Motho ohle o tlameha ho lwantsha bonokwane!
HA SE taba ya ka, ke ne ke rialo ha ke ne ke bona mosadi e mong a thungwa. Ha nka ba ka bitsa le mapolesa leha a ne a thunga ke motho eo ke mo tsebang...
... ke eo motho a bolaya mme wa ka!
Ke a tshepa e ntse e se taba ya ka leha mashodu a rekisa mehala ya boshodu diterateng...
... mohala wa ka o utsuwe!
Ke a tshepa ha se taba ya ka hape leha nka bona mashodu a thuba ha moahisane wa ka...
... ka mora moo, ba kena ntlong ya ka!
Ke a tshepa e ntse e se taba ya ka leha dinokwane di beta batho diterateng...
... ka mora moo, moradi wa ka a betwa... Ke a tshepa e ntse e se taba ya ka hore nka ema jwalo ka paki nyeweng ya polao...
... ka mora moo motho a bolaye ntate mme ho se be teng ya ratang ho paka!
Ke mosebetsi wa ka le wa hao ho nka karolo ha re bona bonokwane setjhabeng hobane qetellong bo ama rona!
Ha o ntse o iphapanyetsa hona, o tla ikutlwa!
William Mosepedi, Bloemfontein
R100
Mangolo a hao
Letsholo kgahlano le EITSI le tswelapele, empa ipotse hobaneng leha ho ntse ho hlokomediswa, empa batho ba ntse ba tswelapele le boitshwaro bo hlephileng bo behang maphelo a bona kotsing"
Ho bobebe. A mararo "maele a bophelo" batjha ba tlameha ho fokotsa menyetla ena ya tshwaetso...
Ho nka qeto: netefatsa hore o etsa ntho e nepahetseng o ke keng wa ikwahlaya ka yona kamoso. Ka mantswe a mang, inahane pele o etsa ntho! Hape hopola - ha o a etswa ka tshepe!
lQoqa le batho: bua ka yona, le qoqe ka taba ena, hlahisa maikutlo a hao empa o ntse o sa lebala ho mamela maikutlo a batho ba bang.
lDitoro: ha o le bohlale, ipehele ditoro, ha o entse jwalo, o keke wa nna wa kgeloswa ha bobebe ke dintho tsa masawana.
Itshepe. Phela ka nepo. O itlhokomele!
MM, Soweto
Dimakatso
tsa bophelo
Ha re bula mahlo re sheba botle ba tlhaho, re bona botle ba tlhaho le monate wa bophelo le nyakallo eo bo re tlisetsang yona jwalo ka ha sena e le sebaka sa dimakatso se tletseng dintho tse fapafapaneng.
Ha re bula dipelo tsa rona, re thabela batho le dintho tseo re di bonang, re kgona ho utlwa nyakallo e ka hare ho rona.
E se e ka dipelo tsa rona di ka dula di thabela bophelo le dimakatso tsa bona.
Etsa hore monyetla ka mong o o fumanang o o tswele molemo!
Megan Nkga, Mabopane
Kotsi!
BONA SESOTHO - May 2006
RE KA tsepamisa kelello ya rona ho EITSI, empa ho na le e mong mmolai ya nanarelang naha ya habo rona - tahi.
Ho tetebetsa maikutlo ho bona batjha ba bangata ba inehetse tahing - le bana ba dilemo di ka tlase ho tse 10 ba se "ba kene."
A ko etele di-night club, o ka bona mehlolo e etswang ke batjha ha ba se ba bo jele.
Nnete ke hore tahi ke yona e fafatsang lefu la EITSI.
Ke rialo hobane ha ba se ba tahilwe, motho wa teng ha a na taba le thobalano e bolokehileng.
Ha re ruteng bana ba rona ka kotsi ya jwala.
Ke rialo hobane ke bona baetapele bao re tshepetseng ho bona.
SD, Bizana
E mong mmolai!
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni,
4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
HOBANENG"
O ka nkgatella jwang"
Hobaneng o ntshenyetsa bokamoso"
Ke o entse eng"
Le nna ke hloka ho phela. Hobaneng o nketsa ka mokgwa ona! Ha o batle ke phele - ke kopa o kgaohane le nna hle!
Masea ha a tsebe ho ipuella - empa haeba a ne a ka kgona, ana ke mantswe a neng a tla a lebisa ho bao ba a betang.
Ha re tloheleng ho hlekefetsa masea hle!
Mamokoche Mokete, Lesotho
Ithute ho inkela qeto!
Selemong sena ke etsa sehlopha sa Grade 10 mme ha jwale dintho di sa le motjheng. Empa ena ke yona nako ya ho nka qeto ya seo o ratang ho ithutela sona ha o qeta sekolong.
O tlameha ho utlwisisa hore sena se tsamaisana le eng.
Batjha ba bang ha ba tsebe.
Metswalle e kgethana hore e tsebe ho theha sehlopha.
Molaetsa wa ka o re, dula o itseba - inkele ya hao qeto.
Ke bolela qeto e tla o tswela molemo.
Dineo Z, Lesotho
Le leng lehlakore la bophelo...
Ke a tseba hore dipalopalo tsa peto di hodimo ka ho tshosang naheng ena - empa ho thweng ka basadi bana ba buwang leshano ba bolele ha ba betilwe"
Ke bua ka ntho eo ke e tsebang. Kgarebe ya ka e ne e mpolelle ya re e batla ho tshwarisa ntata yona ka ho bua leshano la hore o e betile.
O ne a re o etsa sena hobane ntatae a ne a sa rate ha re ratana.
Ke ne ke leke ho mmontsha hore seo ha se a loka, empa a hana.
Kajeno ke tjhankaneng mme ke bone le ntatae mona. Ha ke mmotsa se mo tlisitseng mona o re ke moradiae o itse o mo betile...
Motshwaruwa, Bloemfontein Correctional Services
Tsela ya katleho e boima
Tsela ya katleho e tshwana le lebelo la Comrades Marathon. Ho ka o nka dilemo ho itokisetsa lona, mme o tlameha ho mamella maima le manolo a teng.
Katleho e tshwana le ho rala motheo o tiileng. Nka etsa mohlala ka hore o keke wa lebella ho atleha dithutong haeba o sa ithute.
Jwalo ka ha ke se ke boletse, ha ho bonolo - o tla kopana le mathata le manolo. Empa mohla moputso o fihlang, o tla lebala tsohle.
NM, Mdantsane
Letsatsi le neng le fetole bophelo ba ka
Batswadi ba ka ba ne ba hlalane ke le dilemo di supileng feela. Nka re ke ne ke bone hore ho teng se sa lokang, empa jwale ke amohetse maemo, mme o ile mme jwale ke setse le ntate feela.
Ke a mo hopola mme ha ke tsebe hore o ne a tsamaele eng. Ha ke ne ke hola, ntate o ne a rata ho mpolella hore ho ne ho senyehe kae pakeng tsa bona.
Ho tloha hoo, ke ne ke nke qeto ya hore ha ke se ke le motswadi, nkeke ka siya bana ba ka leha ho ka etsahala eng.
Ho hola ke se na mme ho ntiisitse pelo - ona ke moaletsa oo ke o lebisang ho bohle ba hotseng ba se na e mong wa batswadi ba bona.
O tla tiha sebete, o phele!
Constance Mbokane, Ekangala[s]
BONA SESOTHO - May 2006
Mangolo a hao
Ke ntho e ntle
Dintho di hodimo le tlase kajeno ke labaka la hore batho ba lebetse ka Modimo. Ke a le kopa ba heso, ha re ka rapela ka tumelo e tiileng, dintho tsena tse kang morusu, bonokwane, tlala le EITSI, di ka fela.
EMP, Welkom
O ka sebedisa lebitso
leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
